Kamoo Kholofalo e Tla Fela Kateng
NAHANA feela lifofu li se li bona, litholo li se li utloa molumo o mong le o mong, limumu li se li bina ka thabo, ’me lihlotsa li se li khona ho tsamaea! Mona ha re bue ka khatelo-pele ea saense ea bongaka, empa re bua ka liphello tsa ha Molimo a kenella litabeng tsa batho molemong oa bona. Bibele e re bolella esale pele e re: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 35:5, 6) Empa re ka kholiseha joang hore boprofeta boo bo tsotehang ka sebele bo tla phethahala?
Taba ea pele, ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a phekola mafu le kholofalo tsa mefuta eohle. Ho feta moo, bongata ba mehlolo ea hae bo bonoe ke lipaki tse ngata—esita le lira tsa hae. Ha e le hantle, bonyane ka lekhetlo le le leng, bahanyetsi ba tletseng lipelaelo ba ile ba batlisisa litaba tsa phekolo e itseng e le hore ba nyefole Jesu. Empa ba ile ba nyahama kaha sohle seo ba ileng ba se etsa se ile sa mpa sa netefatsa mohlolo oa hae. (Johanne 9:1, 5-34) Ha Jesu a qeta ho etsa mohlolo o mong o ke keng oa latoloa, ba ile ba re ka tsieleho: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata?” (Johanne 11:47) Leha ho le joalo, batho feela ba tloaelehileng ba ne ba arabela hobane ba bangata ba ile ba qala ho beha tumelo ho Jesu.—Johanne 2:23; 10:41, 42; 12:9-11.
Mehlolo ea Jesu—Selelekela sa Pholiso ea Lefatše Lohle
Mehlolo eo Jesu a e entseng e ne e sa tiise feela hore Jesu ke Mesia le Mora oa Molimo. E fane ka motheo oa tumelo litšepisong tsa Bibele tsa hore moloko oa batho ba mamelang o tla phekoloa nakong e tlang. Litšepiso tsena li akarelletsa boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 35, boo ho buuoeng ka bona serapeng se qalang. Esaia 33:24 ha e bua ka bophelo bo botle nakong e tlang bakeng sa batho ba tšabang Molimo, e re: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ka ho tšoanang, Tšenolo 21:4 ea tšepisa: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [liteko le mahlomola a kajeno] li fetile.”
Kamehla batho ba rapella ho phethahala ha boprofeta bona ha ba etsa thapelo ea Jesu ea mohlala, eo karolo ea eona e reng: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho) E, thato ea Molimo e amana le lefatše le moloko oa batho. Boloetse le kholofalo, le hoja li lumeletsoe ka lebaka le itseng, li tla tloha li fela; li ke ke tsa senya ‘setuloana sa maoto’ a Molimo ka ho sa feleng.—Esaia 66:1.a
Ba Phekotsoe Ntle ho Bohloko Kapa Litšenyehelo
Ho sa tsotellehe hore na batho ba ile ba ba mahlomoleng a makae, Jesu o ile a ba phekola kapele ba sa utloe bohloko ba bile ba sa lefe. Ha ho pelaelo hore taba ena e ile ea nama joaloka mollo o matla, ’me kapele “bongata bo boholo ba mo atamela, bo e-na le batho ba holofetseng, ba qhoalileng, lifofu, limumu, le ba bangata ba leng ka litsela tse ling, ’me ba ba akhela maotong a hae, ’me a ba phekola.” Batho ba ile ba arabela joang? Tlaleho ea Matheu ea boneng ka mahlo e tsoela pele: “Bongata bo [ile] ba makala ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona, ’me ba tlotlisa Molimo oa Iseraele.”—Matheu 15:30, 31.
Hlokomela hore bao Jesu a ileng a ba phekola ha baa ka ba khethoa ka hloko bongateng—e leng leqheka le sebelisoang ke baqhekelli. Ho e-na le hoo, beng ka bakuli le metsoalle ea bona ba ile “ba ba akhela maotong a [Jesu].” Joale a re hlahlobeng mehlala e tobileng ea matla a Jesu a ho phekola.
Bofofu: Ha a le Jerusalema, Jesu o ile a tutubolla monna ea “tsoetsoeng a foufetse.” Monna enoa o ne a tumme ka ho ba mokōpa-kōpa o foufetseng motseng ona. Kahoo u ka inahanela hore e bile thabo e kaakang le mohoo ha batho ba mo bona a tsamaea a bona! Empa e ne e se bohle ba thabileng. Kaha litho tse ling tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa Bajuda se hlaheletseng se bileng se nang le tšusumetso e khōlō se bitsoang Bafarisi li ne li halefisitsoe ke ha Jesu a pepesa bokhopo ba tsona pejana, li ne li etsa malebaleba ’ohle a ho fumana bopaki ba hore Jesu ke moqhekelli. (Johanne 8:13, 42-44; 9:1, 6-31) Kahoo, se ile sa hloma monna ea phekotsoeng lipotso, sa ntan’o hloma batsoali ba hae lipotso, ’me sa khutlela ho monna eo. Empa lipatlisiso tsa Bafarisi li ile tsa mpa tsa netefatsa mohlolo oa Jesu, o ileng oa ba halefisa. Ka lebaka la ho makatsoa ke bokhopo ba baikaketsi bana ba bolumeli, monna ea phekotsoeng o ile a re: “Ho tloha khale ha ho e-s’o ka ho utloahala hore leha e le mang o kile a bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse. Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, ho hang o ne a ke ke a etsa letho.” (Johanne 9:32, 33) Ka lebaka la polelo eo e hlakileng e bontšang tumelo le bohlale, Bafarisi ba ile ba “mo lahlela ntle,” e leng se fanang ka maikutlo a hore ba ile ba leleka monna eo e neng e le sefofu synagogeng.—Johanne 9:22, 34.
Ho se utloe litsebeng: Ha Jesu a ne a le Dekapolise, e leng sebaka se ka bochabela ho Nōka ea Jordane, batho ba moo ba ile “ba mo tlisetsa monna ea sa utloeng litsebeng le ea nang le leleme le rarahaneng.” (Mareka 7:31, 32) Jesu ha aa ka a phekola motho enoa feela empa o ile a boela a senola hore o utloisisa ka ho teba maikutlo a ba sa utloeng litsebeng, bao e ka ’nang eaba baa soaba ha ba le ka har’a batho ba bangata. Bibele e re bolella hore Jesu o ile a nka motho ea sa utloeng litsebeng a mo “tlosa ho bongata ka lenyele” eaba oa mo phekola. Hape, batho ba boneng ka mahlo ba ile ba “hlolloa ka tsela e sa tloaelehang haholo.” Ba re: “O entse lintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”—Mareka 7:33-37.
Ho shoa litho: Ha Jesu a ne a le Kapernauma, batho ba ile ba mo atamela ba e-na le monna ea shoeleng litho a robetse betheng. (Matheu 9:2) Temana ea 6 ho ea ho 8 e hlalosa se etsahetseng. E re “[Jesu] a re ho motho ea shoeleng litho: ‘Ema, u nke bethe ea hao, ’me u ee lapeng la hao.’ Eaba oa ema ’me o ea lapeng la hae. Ha bongata bo bona sena ba tšoaroa ke tšabo, ’me ba tlotlisa Molimo, ea fileng batho matla a joalo.” Mohlolo ona le oona o ile oa etsoa moo barutuoa ba Jesu le lira tsa hae ba leng teng. Hlokomela hore kaha barutuoa ba hae ba ne ba sa foufatsoa ke lehloeo le leeme, ba ile ba “tlotlisa Molimo” ka lebaka la seo ba se boneng.
Boloetse: “Ha boela ha tla molepera ho [Jesu], a mo kōpa ka tieo a bile a khumame, a re ho eena: ‘Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.’ Eaba o susumetsoa ke khauho, ’me o otlolla letsoho oa mo ama, o re ho eena: ‘Kea batla. Hloeka.’ Kapele-pele lepera la nyamela ho eena, ’me a hloeka.” (Mareka 1:40-42) Hlokomela hore Jesu ha aa ka a phekola motho enoa ka lesisitheho empa o ne a susumetsoa ke kutloelo-bohloko ea sebele. Nka hore u molepera eo. U ne u tla ikutloa joang haeba u ne u phekotsoe hang-hang u sa utloa bohloko ba lefu le tšosang le ileng la senya ’mele oa hao butle-butle ’me le u entse molahloa sechabeng? Ntle le pelaelo u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha molepera e mong ea ileng a phekoloa ka mohlolo a ile a ‘itihela fatše ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha.’—Luka 17:12-16.
Likotsi: Mohlolo oa ho qetela oa Jesu pele a tšoaroa ’me a khokhotheloa thupeng e ne e le oa ho phekola. Moapostola Petrose o ile a nka bohato bo potlakileng khahlanong le ba neng ba le haufi le ho nka Jesu, “kaha a ne a e-na le sabole, a e tsomula ’me a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ’me a le khaola tsebe e tona.” (Johanne 18:3-5, 10) Tlaleho e tšoanang le eo e ho Luka e re bolella hore Jesu o ile a ‘ama tsebe eo ’me a le folisa.’ (Luka 22:50, 51) Hape ketso ena e bontšang kutloelo-bohloko e ile ea etsoa mahlong a metsoalle ea Jesu le lira tsa hae—boemong bona, e ne e le ba neng ba mo tšoere.
E, ha re ntse re hlahloba mehlolo ea Jesu ka hloko, re ntse re lemoha matšoao a khethollang a bonnete ba eona. (2 Timothea 3:16) Joalokaha ho boletsoe pejana, thuto e joalo e lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna tšepisong ea Molimo ea ho phekola batho ba mamelang. Bibele e hlalosa tumelo ea Bokreste e le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ho hlakile hore Molimo ha a khothalletse ho lumela ka bofofu kapa ka ho nkeha maikutlo, empa o khothalletsa tumelo e tiileng e thehiloeng bopaking. (1 Johanne 4:1) Ha re ntse re fumana tumelo e joalo, re iphumana re le matla haholoanyane moeeng, re phela hantle haholoanyane ’meleng re bile re thabile haholoanyane.—Matheu 5:3; Baroma 10:17.
Phekolo ea Moea e Lokela ho Tla Pele!
Batho ba bangata ba phelang hantle ’meleng ha baa thaba. Ba bang ba bile ba leka ho ipolaea hobane ha ba na tšepo bakeng sa nako e tlang kapa hobane ba ikutloa ba tsielehile ka lebaka la mathata. Ha e le hantle, ba holofetse moeeng—e leng boemo bo tebileng haholo mahlong a Molimo ho feta ba ho holofala ’meleng. (Johanne 9:41) Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba holofetseng ’meleng, joaloka Christian le Junior bao ho builoeng ka bona sehloohong se tlang pele ho sena, ba thabile bophelong, ba khotsofetse. Hobane’ng? Hobane ba phela hantle moeeng ’me ba matlafatsoa ke tšepo e tiileng e thehiloeng Bibeleng.
Ha Jesu a bua ka tlhoko ea rōna e khethehileng re le batho o re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) E, ho fapana le liphoofolo, batho ba hloka se fetang ho hlokomeloa ka lintho tsa nama. Kaha re bōpiloe ka “setšoantšo” sa Molimo, re hloka lijo tsa moea—tsebo ea Molimo le hore na re kenella joang morerong oa hae hammoho le ho etseng thato ea hae. (Genese 1:27; Johanne 4:34) Tsebo ea Molimo e tlatsa bophelo ba rōna ka morero le matla a moea. E boetse e rala motheo oa bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Hoa thahasellisa hore ebe batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba sa mo bitse “Mophekoli” empa ba ne ba mo bitsa “Mosuoe.” (Luka 3:12; 7:40) Hobane’ng? Hobane Jesu o ne a ruta batho ka tharollo e tšoarellang ea mathata a moloko oa batho—e leng ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43; Johanne 6:26, 27) ’Muso ona oa leholimo o matsohong a Jesu Kreste o tla busa lefatše lohle ’me o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa Bibele tse mabapi le ho nchafatsoa ho feletseng le ha kamehla ha batho ba lokileng le lehae la bona la lefatšeng. (Tšenolo 11:15) Ke ka lebaka leo Jesu thapelong ea hae ea mohlala, a ileng a amahanya ho tla ha ’Muso le ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng.—Matheu 6:10.
Ho batho ba bangata ba holofetseng, ho ithuta ka tšepo ena e hlasimollang ho entse hore meokho ea bona ea masoabi e fetohe meokho ea thabo. (Luka 6:21) Ha e le hantle, Molimo o tla etsa le se fetang ho felisa boloetse le kholofalo; o tla felisa sona sesosa sa mahlomola a batho—e leng sebe ka bosona. Ka sebele, Esaia 33:24 le Matheu 9:2-7, tse qotsitsoeng pejana, li amahanya boloetse le boemo ba rōna ba boetsalibe. (Baroma 5:12) Kahoo ha sebe se felisitsoe, qetellong moloko oa batho o tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo,” e leng tokoloho e akarelletsang ho phethahala ha kelello le ’mele.—Baroma 8:21.
Ho ka ba bonolo hore batho bao ho ka thoeng ba phela hantle ba se ke ba ananela bophelo ba bona bo botle hakaalo. Empa ha ho joalo ho ba hlokofatsoang ke kholofalo. Ba tseba hantle hore na bophelo bo botle ke ba bohlokoa hakae le hore na lintho li ka fetoha ka tšohanyetso hakae. (Moeklesia 9:11) Kahoo, re tšepa hore babali ba rōna ba holofetseng ba tla lebisa tlhokomelo e khethehileng litšepisong tsa Molimo tse babatsehang tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Jesu o fane ka bophelo ba hae ho etsa bonnete ba hore lia phethahala. Ke tiiso efe e molemo ho feta eo?—Matheu 8:16, 17; Johanne 3:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e feletseng ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko, bona bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.