Kamoo Mora a Thusitseng Ntate oa Hae Kateng
KELELLO ea James, oa Engelane, ea sa tsoa feta lilemo tse 30, e holofetse e bile e batla e ferekane. Empa o ’nile a ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata le ’mè oa hae le ausi oa hae. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla ntate oa hae a kileng a bontša thahasello e kaalo tumelong ea bona. Mantsiboeeng a mang ka mor’a seboka seo ho sona ho ileng ha etsoa pontšo ea kamoo ho ka memeloang motsoalle Sehopotsong sa lefu la Kreste, ka potlako James o ile a ea kamoreng ea hae. ’Mè oa hae o ile a mo latela a tšoenyehile ’me a mo fumana a hlopha limakasine tsa khale tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lehlaphahlapha. O ile a khetha e nang le setšoantšo sa memo ea Sehopotso leqepheng le ka morao ’me a mathela ho ntate oa hae. O ile a qala ka ho supa setšoantšo sena eaba o supa ntate oa hae ’me a re “Uena!” ’Mè oa hae le ntate oa hae ba ile ba shebana ba maketse ha ba hlokomela hore James o ne a memela ntate oa hae Sehopotsong. Ntate oa hae o ile a re a ka ’na a ba teng.
Mantsiboeeng a Sehopotso, James o ile a ea otoropong ea ntate oa hae ’me a nka borikhoe, a bo neha ntate oa hae, ’me a mo bontša hore a bo tene. Ntate oa hae o ile a re ha a ee sebokeng. Kahoo, James le ’mè oa hae ba ile ba ea Holong ea ’Muso ba le bang.Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng, James o ile a hana ha ’mè oa hae a mo lokisetsa ho ea libokeng tsa phutheho, a ikhethela ho sala hae le ntate oa hae. Hoseng ho hong ha Sontaha, James o ile a boela a hana ha ’mè oa hae a leka ho mo lokisetsa ho ea sebokeng. ’Mè oa hae o ile a makala haholo ha ntate oa James a retelehela ho eena ’me a re, “James, haeba nka ea sebokeng kajeno, na le uena u tla ea?” Sefahleho sa James se ile sa ela. O ile a kopa ntate oa hae ’me a re “E!” eaba ba tsamaea ba le bararo ho ea Holong ea ’Muso.
Ho tloha mohlang oo, ntate oa James o ile a tsoela pele ho ea libokeng tsohle tsa Sontaha ’me ka mor’a nakoana a re e le hore a tsoele pele, o tlameha ho ea le libokeng tse ling. (Baheberu 10:24, 25) O ile a etsa joalo, ’me ka mor’a likhoeli tse peli a qala ho ithuta Bibele kamehla. A tsoela pele ka potlako, a etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hae, ’me kapele a kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Nako e etsang selemo ka mor’a ho qalisa ho ithuta Bibele, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a tšoantšetsa boinehelo boo ka ho kolobetsoa metsing. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea habo. ’Me litho tsohle tsa lelapa la hae li sebeletsa Jehova li kopane.