Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 7/15 maq. 8-9
  • A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Barab’abo Rōna ba Ile ba re Phallela”
  • Lenaneo la Boithaopo le Atlehang
  • Melemo le Thabo
  • Thuso e Fumaneha Hohle
    Tsoha!—2001
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Na Phetoho ea Sebele Boitšoarong ke Ntho e ka Etsahalang?
    Tsoha!—2001
  • Na Tharollo ke Karolo ea Bothata?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 7/15 maq. 8-9

“Tloong ho ’na, . . . ’me ke Tla le Khatholla”

A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”

MOSEBETSI o moholo oa Jesu e ne e le ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mareka 1:14; Luka 8:1) Kaha balateli ba Kreste ba lakatsa ho mo etsisa, ba nka mosebetsi oa ho ruta molaetsa oa Bibele o mabapi le ’Muso oa Molimo e le mosebetsi o moholo ka ho fetisisa bophelong. (Luka 6:40) Lipaki tsa Jehova lia thaba ha li bona kamoo molaetsa oa ’Muso o ntseng o khatholla ba o amohelang—feela joalokaha o ne o khatholla batho ha Jesu a ne a le lefatšeng.—Matheu 11:28-30.

Ntle le ho ruta Lentsoe la Molimo, Jesu o ile a etsa liketso tse ling tse molemo, tse kang ho phekola ba kulang le ho fepa ba lapileng. (Matheu 14:14-21) Ka tsela e tšoanang, Lipaki tsa Jehova li phaella mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele ka liketso tsa ho thusa batho ba hlokang. Ha e le hantle, Mangolo a hlomella Bakreste “bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo” le ho ba phehella ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’—2 Timothea 3:16, 17; Bagalata 6:10.

“Barab’abo Rōna ba Ile ba re Phallela”

Ka September 1999, Taiwan e ile ea sisinngoa ke ho reketla ho mabifi ha lefatše. Likhoeli tse seng kae hamorao, lipula tsa litloebelele le liqubuhali tsa seretse se hoholehang li ile tsa baka koluoa ea tlhaho e mpe ka ho fetisisa historing ea Venezuela. Haufinyane meroallo e matla e ile ea senya naha ea Mozambique. Liketsahalong tsena tse tharo kaofela, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fihla ka potlako ka lijo, metsi, meriana, liaparo, litente le thepa ea ho pheha bakeng sa ba oetsoeng ke koluoa. Baithaopi ba nang le tsebo ho tsa bongaka ba ile ba etsa litleliniki tsa nakoana ho thusa ba lemetseng, ’me baithaopi ba lihahi ba ile ba haha matlo a macha bakeng sa ba setseng lepalapaleng.

Ba oetsoeng ke koluoa ba ile ba thaba haholo ka lebaka la thuso e nakong eo ba e fumaneng. Malyori, eo ntlo ea hae e ileng ea senngoa ke seretse se hoholehang Venezuela, o re: “Barab’abo rōna ba ile ba re phallela ha re ne re tsielehile ka ho fetisisa.” Ha baithaopi ba qeta ho hahela Malyori ntlo e ncha le lelapa la hae, o ile a tsota: “Re felloa ke mantsoe ha re tšoanela ho leboha Jehova ka sohle seo a re etselitseng sona!” Ha ba oetsoeng ke koluoa ea moroallo Mozambique ba amohela linotlolo tsa matlo a bona a qetang ho hahuoa, sehlopha seo kaofela se ile sa tlerola pina ea ’Muso e reng “Jehova Qhobosheane ea Rōna.”a

Baithaopi le bona ba ne ba khatholloa ke ho thusa ba hlokang. Marcelo, ea ileng a sebeletsa e le mooki kampong e ’ngoe ea baphaphathehi Mozambique o ile a re: “Ke thabetse ho thusa bara bana babo rōna ba fetileng har’a mahlomola ana a maholo haholo.” Huang, moithaopi e mong oa Taiwan, o ile a re: “Ke nyakaletse hore ebe ke ile ka kenya letsoho ha ho isoa lijo le litente ho barab’abo rōna ba hlokang. Ho ne ho matlafatsa tumelo.”

Lenaneo la Boithaopo le Atlehang

Batšoaruoa ba mashome a likete ba khatholotsoe moeeng ka mosebetsi ona oa boithaopo. Joang? Lilemong tsa morao tjena, Lipaki tsa Jehova li fane ka lingoliloeng tsa Bibele ho batho ba fetang 30 000 ba litlamong lichankaneng tse ka bang 4 000 United States feela. Ho phaella moo, moo ho khonehang, Lipaki li etela lichankana ho ea ithuta Bibele le batšoaruoa le ho tšoara liboka tsa Bokreste. Na batšoaruoa ba rua molemo?

Batšoaruoa ba bang ba ithutang Bibele ba qala ho buisana le batšoaruoa-’moho le bona ka lithuto tse khathollang tsa Lentsoe la Molimo. Ka lebaka lena, lichankaneng tse ’maloa lefatšeng lohle hona joale ho na le lihlopha tsa batšoaruoa ba rapelang Jehova hammoho. Ka 2001, motšoaruoa e mong oa Oregon, U.S.A. o ile a re: “Sehlopha sa rōna sea hōla. Re na le bahoeletsi ba ’Muso ba 7 ’me re khanna lithuto tsa Bibele tse 38. Batho ba fetang 25 ba ba teng puong ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa, ’me re ne re le 39 Sehopotsong [sa lefu la Kreste]. Batho ba bang ba bararo ba tla kolobetsoa haufinyane!”

Melemo le Thabo

Ba boholong lichankaneng ba hlokometse hore lenaneo lena la boithaopo lea sebetsa. Ntho e khahlang ba boholong ka ho fetisisa ke melemo e tšoarellang ea lenaneo lena la boithaopo. Tlaleho e ’ngoe e re: “Lilemong tse leshome tseo lenaneo lena le ’nileng la sebetsa ka tsona, ha ho motšoaruoa le ea mong ea lokolotsoeng ea ileng a kolobetsoa chankaneng hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova ea khutletseng chankaneng—empa karolo ea 50-60 lekholong ea batšoaruoa ba lihlopha tse ling ea khutla.” Moruti e mong ea amanang le lekala la lichankana oa Idaho ea susumelitsoeng ke katleho ea baithaopi ba Lipaki o ile a ngolla ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova a re: “Leha ke sa lumellane le lithuto tsa lōna, mokhatlo oa lōna oona o nkhahla haholo.”

Ntho e ’ngoe hape, baithaopi ba fumana moputso oa ho thusa ba lichankaneng. Ka mor’a ho tšoara seboka le sehlopha sa batšoaruoa ba neng ba qala ho bina pina ea ’Muso, moithaopi o ile a ngola: “Ho ne ho khothatsa ho bona banna ba 28 ba binela Jehova lithoriso hammoho. Ba ne ba binela holimo! Ke tokelo e kaakang ho ba teng ketsahalong e joalo!” Moithaopi ea etelang lichankana Arizona o itse: “Ke tlhohonolofatso e kaakang ho kopanela mosebetsing oo o khethehileng!”

Baithaopi ba Lipaki lefatšeng lohle ba lumellana habonolo le Jesu, ea ileng a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Hape ba tiisa hore ho latela keletso ea Bibele ea ho etsetsa bohle se molemo ka sebele hoa khatholla.—Liproverbia 11:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona pina ea 85 bukeng ea lipina e bitsoang Binelang Jehova Lithoriso, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Venezuela

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Taiwan

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Mozambique

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela