Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 8/15 maq. 4-7
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Teko ea Botšepehi
  • Botšepehi ba ’Nete ke Pontšo ea Lerato
  • Ho Tšepahala ho Molimo ke Tšusumetso e Molemo
  • Botšepehi bo Chorisoa ke Tsebo e Nepahetseng
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšepahala?
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Botšepehi—Ka Theko Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 8/15 maq. 4-7

Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?

“Naha ea habo rōna: . . . E be eona e nepileng kamehla; ke naha ea habo rōna, ebang e nepile kapa e fositse.”—Stephen Decatur, ofisiri ea United States ea sesole sa metsing, 1779-1820.

HO BATHO ba bangata ntho ea pele ke ho tšepahalla naha ea habo bona ba sa tsilatsile. Ba bang ba ka beha mantsoe a Stephen Decatur ka tsela ena, ‘Bolumeli ba ka, e be bona bo nepileng kamehla; ke bolumeli ba ka, ebang bo nepile kapa bo fositse.’

Ka sebele, naha kapa bolumeli e ka batlang botšepehi ba rōna hangata ke eo re tsoaletsoeng ho eona, empa qeto ea hore na ke mang eo re lokelang ho tšepahala ho eena ke ea bohlokoa haholo, ’me ha rea lokela ho e nka habobebe. Leha ho le joalo, ho belaella botšepehi boo motho a hōlisitsoeng ka bona ho hloka sebete ’me ho baka mathata.

Teko ea Botšepehi

Mosali e mong ea hōletseng Zambia o re: “Ke ratile bolumeli ke sa le monyenyane. Thapelo ea letsatsi le letsatsi phaposing ea lelapa ea thapelo, ho keteka matsatsi a bolumeli le ho ba teng kamehla tempeleng ke lintho tseo ke hōlisitsoeng ka tsona. Bolumeli ba ka le borapeli li ne li lohellane haholo le semelo sa ka, tikoloho ea ka le lelapa leso.”

Leha ho le joalo, pejana a e-ba le lilemo tse 20, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me nakoana ka mor’a moo a khetha ho fetola bolumeli ba hae. Na ketso ee e ne e le ho se tšepahale?

Zlatko o hōletse Bosnia, ’me o ile a loana ka nakoana ntoeng e neng e aparetse naha ea habo. Le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hona joale ha a sa lumela ho loantša mang kapa mang. Na ha a tšepahale?

Tsela eo u arabelang lipotso tseo ka eona e itšetlehile ka pono ea hao. Mosali ea boletsoeng pejana o re: “Sebakeng sa haeso, ho fetola bolumeli e ne e le mahlabisa-lihlong a sa tšoareloeng; ho ne ho nkoa e le ho se tšepahale, e le ho eka lelapa le tikoloho.” Ka tsela e tšoanang, bao e neng e le bo-mphato ba Zlatko sesoleng ba ne ba nka hore bohle ba sa emeng le bona ntoeng ke mahlaba-phio. Empa mosali enoa le Zlatko ba nahana hore liketso tsa bona li susumetsoa ke botšepehi bo phahameng—botšepehi ho Molimo. Habohlokoa haholo, Molimo o nka ba batlang ho tšepahala ho eena joang?

Botšepehi ba ’Nete ke Pontšo ea Lerato

Morena Davida o ile a re ho Jehova Molimo: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.” (2 Samuele 22:26) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “botšepehi” mona, le fetisa maikutlo a mosa o khomarelang ntho ka lerato ho fihlela morero oa oona mabapi le ntho eo o phethahetse. Ka boikutlo bo tšoanang le ba ’mè ea nang le ngoana ea anyang, Jehova ka lerato o khomarela ho ba tšepahalang ho eena. Jehova o ile a bolella bahlanka ba tšepahalang ba hae Iseraele ea boholo-holo, a re: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae? Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esaia 49:15) Ba ikemiselitseng hore ba tla etelletsa pele botšepehi ho Molimo bophelong ba bona, ba tiisetsoa tlhokomelo ea hae e lerato.

Lerato ke lona motheo oa ho tšepahala ho Jehova. Le susumelletsa motho ho rata se ratoang ke Jehova le ho hloea lintho tse khopo tseo Jehova a li hloileng. (Pesaleme ea 97:10) Kaha tšoaneleho e khōlō ea Jehova ke lerato, botšepehi ho Molimo bo thibela motho hore a se ke a etsa ba bang hampe. (1 Johanne 4:8) Kahoo, haeba motho ka lebaka la botšepehi ho Molimo a fetola bolumeli ba hae, ha ho bolele hore ha a sa rata lelapa labo kapa la hae.

Ho Tšepahala ho Molimo ke Tšusumetso e Molemo

Mosali ea boletsoeng pejana o hlalosa liketso tsa hae ka tsela ena: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete, ’me ke ile ka hōlisa botsoalle pakeng tsa ka le eena. Jehova ha a tšoane le melimo efe kapa efe ea eo ke neng ke e rapela; lerato la hae, toka ea hae, bohlale ba hae le matla a hae, li leka-lekana hantle. Kaha Jehova o batla hore ho rapeloe eena feela, ke ile ka tlameha ho tlohela melimo e meng.

“Batsoali ba ka ba ne ba mpolella khafetsa hore ba nkoatetse haholo le hore kea ba tlotlolla. Taba ena e ne e nkimela haholo kahobane ke ne ke thabela haholo hore ke amohelehe ho batsoali ba ka. Empa ha tsebo ea ka ea Bibele e ntse e hōla, ho ile ha hlaka hore na ke lokela ho khetha’ng. Ke ne ke sitoa ho lahla Jehova.

“Ho khetha ho tšepahala ho Jehova ho e-na le ho tšepahala lineanong tsa bolumeli ha ho bolele hore ke koenehela lelapa leso. Ke leka ho ba bontša ka lipolelo le ka liketso hore kea utloisisa hore na ba ikutloa joang. Empa haeba ke sa tšepahale ho Jehova, ke moo ke tla thibela lelapa leso hore le mo tsebe, ’me sena e ka ba ho se tšepahale ho feletseng.”

Ka tsela e tšoanang, motho hase lehlaba-phio haeba ka lebaka la ho tšepahala ho Molimo a sa jele paate lipolotiking hape a sa nke libetsa ho loantša ba bang. Zlatko o hlalosa liketso tsa hae ka tsela ena: “Le hoja ke hōlisitsoe ke le Mokreste ka lebitso, ke nyetse motho eo e neng e se Mokreste. Ha ntoa e qhoma, mahlakore ana a mabeli a ne a batla botšepehi ba ka. Ke ile ka tlameha ho khetha hore na ke loanela lehlakore lefe. Ke ile ka loana ntoeng ka lilemo tse tharo le halofo. Qetellong ’na le mosali oa ka re ile ra balehela Croatia, moo re ileng ra kopana le Lipaki tsa Jehova.

“Thuto ea rōna ea Bibele e ile ea re thusa ho ananela hore Jehova ke eena ea ka sehloohong eo re lokelang ho tšepahala ho eena le hore o batla hore re rate baahelani ba rōna ho sa tsotellehe hore na ke ba bolumeli bofe kapa ba morabe ofe. Hona joale ’na le mosali oa ka re kopane borapeling ba rōna ho Jehova, ’me ke ithutile hore nke ke ka tšepahala ho Molimo ka ba ka loantša moahelani oa ka.”

Botšepehi bo Chorisoa ke Tsebo e Nepahetseng

Kaha Jehova ke ’Mōpi oa rōna, ho nepahetse hore re tšepahale ho eena pele ho eng kapa eng. (Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, e le ho thibela hore ho tšepahala ho Molimo ho se ke ha fetoha cheseho e feteletseng le tšusumetso e senyang, ho lokela ho chorisoa ka tsebo e nepahetseng. Bibele e re khothatsa ka ho re: ‘Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo botšepehing ba ’nete.’ (Baefese 4:23, 24) Monna ea tsebahalang ea ileng a ngola mantsoe ao a bululetsoeng o ile a ba sebete ho belaella botšepehi boo a neng a hōlisitsoe ka bona. Tlhahlobo ea hae e ile ea etsa hore a etse phetoho e molemo.

E, Saule o ile a talimana le teko ea botšepehi, joalokaha ba bangata ba talimana le eona mehleng ea rōna. Saule o ne a hōtse ka lineano tse thata tsa lelapa labo, ’me o ile a tšepahala ka ho hlahelletseng bolumeling boo a tsoaletsoeng ho bona. Ho tšepahala bolumeling ba hae ho bile ha mo susumelletsa ho befela ba neng ba sa lumellane le maikutlo a hae. Saule o ne a tsejoa ka ho hlasela malapa a Bakreste le ho ba hulanyetsa kotlong kapa lefung.—Liketso 22:3-5; Bafilipi 3:4-6.

Leha ho le joalo, ha Saule a se a fumane tsebo e nepahetseng ea Bibele, o ile a etsa seo lithaka tsa hae tse ngata li neng li nahana hore se ke ke sa etsahala. O ile a fetola bolumeli ba hae. Hamorao Saule enoa ea ileng a tsejoa e le moapostola Pauluse, o ile a khetha ho tšepahala ho Molimo ho e-na le ho tšepahalla neano. Ho tšepahala ho Molimo motheong oa tsebo e nepahetseng ho ile ha susumelletsa Saule ho ba ea mamellang, ea lerato le ea khothatsang, ho fapana le seo a neng a le sona pele ha e ne e le mosenyi le ea chesehang ka ho feteletseng.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšepahala?

Ha re lumella hore botšepehi ba rōna bo chorisoe ke melao ea Molimo re tla tleloa ke melemo e bonahalang. Ka mohlala, tlaleho ea 1999 e tsoang Mokhatlong oa Australia oa Liphuputso Litabeng Tsa Malapa e ile ea bolela hore har’a tse ling, ntho ea bohlokoa e hlokahalang bakeng sa manyalo a tšoarellang le a khotsofatsang ke “ho tšepa le botšepehi . . . [le] ho nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa.” Phuputsong eona eo ho ile ha fumaneha hore “manyalo a tsitsitseng le a khotsofatsang” a thusa banna le basali hore ba thabe, ba phele hantle le hore ba phele haleletsana le hore manyalo a tsitsitseng a fa bana monyetla o molemo oa ho thabela bophelo.

Lefatšeng la kajeno le sa tsitsang, botšepehi bo tšoana le thapo ea pholoso e tlamahanyang motho ea hlōloang ho sesa le sekepe sa pholoso. Haeba “motho ea sesang” a sa itšoarelle ka botšepehi, o tla akhotsoa ke maqhubu le moea. Empa haeba a nahana hore a ka pholosoa ke ntho e ’ngoe esele, thapo ea hae ea pholoso e tla tšoana le ntho e tlamelletsoeng sekepeng se tebang. Joaloka Saule, a ka ’na a iphumana a hulanyelitsoe tseleng ea liketso tse timetsang. Leha ho le joalo, ha botšepehi ho Jehova bo thehiloe tsebong e nepahetseng, ke thapo e re nehang botsitso le e re isang polokong.—Baefese 4:13-15.

Jehova o tšepisa ba tšepahalang ho eena o re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 37:28) Haufinyane, bohle ba tšepahalang ho Jehova ba tla kenngoa lefatšeng la paradeise, moo ba tla thabela tokoloho masoabing le bohlokong le moo ba tla thabela botsoalle ba ka ho sa feleng bo se nang likarohano tsa bolumeli le tsa lipolotiki.—Tšenolo 7:9, 14; 21:3, 4.

Esita le hona joale, matšoele-tšoele a batho lefatšeng lohle a sibolotse hore a thaba kannete hafeela a tšepahala ho Jehova. Ke hobane’ng ha u sa lumelle Lipaki tsa Jehova li u thuse ho hlahloba pono ea hao ka botšepehi li sebelisa ’nete ea Bibele? Bibele ea re bolella: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 Bakorinthe 13:5.

Ho hloka sebete ho botsa lipotso ka bolumeli ba rōna le hore na ke hobane’ng ha re tšepahala ho bona, empa boiteko bo etsoang bo tšoanela moputso ha liphello li re atametsa haufi le Jehova Molimo. Mosali ea boletsoeng pejana o bolela maikutlo a batho ba bangata ha a re: “Ke ithutile hore ho tšepahala ho Jehova le melao ea hae ho re thusa ho etsa lintho ka teka-tekano ha re sebelisana le malapa a rōna le ho re thusa ho ba batho ba molemo sechabeng. Ho sa tsotellehe hore na liteko li boima hakae, ha re tšepahala ho Jehova, kamehla o tla tšepahala ho rōna.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Tsebo e nepahetseng e ile ea susumelletsa Saule ho fetola pakane ea botšepehi ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke hobane’ng ha u sa sebelise ’nete ea Bibele ho hlahloba botšepehi ba hao?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 4]

Churchill, upper left: U.S. National Archives photo; Joseph Göbbels, far right: Library of Congress

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela