Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/15 leq. 27
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Batla Hore Malumeli a Kopane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ke Afe ha Malumeli a Kopanela Borapeli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Itsoakanya le Malumeli a Mang?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/15 leq. 27

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho reka mohaho oa bolumeli bo bong ho o fetola Holo ea ’Muso ke mokhoa o mong oa ho kopanya litumelo?

Ka ho tloaelehileng, Lipaki Tsa Jehova li qoba ho sebelisana le malumeli a mang ka mokhoa ona. Leha ho ka etsahala hore li be le litšebelisano tse joalo, sena ha se bolele hore li kopanya litumelo. Sena se ka talingoa e le feela litšebelisano tse fetileng tsa khoebo. Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova ha e sebelisane le bolumeli bo bong ho haha sebaka sa borapeli seo li tla se sebelisa le bona.

Jehova o nka lintho life e le ho kopanya litumelo? Nahana ka tataiso e fanoeng ke moapostola Pauluse: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi? Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale? Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang? ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . ‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ke tla le amohela.’” (2 Bakorinthe 6:14-17) Pauluse o ne a bolela’ng ka mantsoe “setsoalle” le “karolo”?

Setsoalle seo Pauluse a buang ka sona ka ho hlakileng se akarelletsa litšebelisano tsa borapeli le barapeli ba litšoantšo le ba sa lumelang. O ile a lemosa Bakorinthe hore ba se ke ba “ja . . . tafoleng ea bademona.” (1 Bakorinthe 10:20, 21) Ka hona, ho kopanya litumelo ke ho ba le karolo le malumeli a mang borapeling kapa ho ba le setsoalle linthong tsa moea. (Exoda 20:5; 23:13; 34:12) Ha ho rekoa mohaho o neng o sebelisoa ke bolumeli bo bong, morero o ka sehloohong ke ho fumana mohaho o hlokahalang bakeng sa Holo ea ’Muso. Pele o sebelisoa e le Holo ea ’Muso, lintho leha e le life tse amanang le borapeli ba bohata li lokela ho tlosoa. Joale ha li se li tlositsoe, o neheloa ho Jehova hore o sebelisetsoe borapeli ba hae feela. Kahoo, ha ho na karolo kapa setsoalle pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata.

Ha ho rekoa mohaho o joalo, ho lokela hore ho se ke ha qetoa nako e ngata le bao mohaho o rekoang ho bona ’me ho buisanoe ka litaba tsa khoebo feela. Litho tsa phutheho ea Bokreste li lokela ho hopola temoso ea Pauluse ea hore li ‘se ke tsa kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.’ Le hoja re sa inke re phahametse batho ba bolumeli bo bong, re qoba ho tloaelana le bona kapa ho kopanela borapeling ba bona.a

Pono ea Mangolo ke efe ha phutheho e hira mohaho oa mokhatlo o mong oa bolumeli? Hangata ho hira mohaho ho etsa hore ho ’ne ho sebelisanoe le litho tsa bolumeli boo, e leng se lokelang ho qojoa. Ho hlokahala hore sehlopha sa baholo se nahane ka lintho tse latelang esita le haeba ho hiroa mohaho o joalo bakeng sa ketsahalo e le ’ngoe feela: Na ka har’a mohaho oo kapa ka ntle ho oona ho tla ba le litšoantšo kapa matšoao a bolumeli? Batho ba motse ba tla ba le maikutlo afe ha re sebelisa mohaho oo? Na ka phuthehong ho na le ea tla khopisoa ke ha re sebelisa mohaho oo? (Matheu 18:6; 1 Bakorinthe 8:7-13) Baholo ba sekaseka lintlha tsena ebe ba etsa qeto e loketseng. Ba lokela ho nahanela matsoalo a bona le a phutheho ka kakaretso ha ba etsa qeto ea ho reka le ho fetola mohaho hore e be Holo ea ’Muso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa April 15, 1999, leqepheng la 28 le la 29 ho fumana boitsebiso ka litšebelisano tse loketseng tsa khoebo le mekhatlo e sa amoheloeng ke Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Mohaho ona oo e neng e le synagoge o ile oa rekoa ’me oa lokisoa hore e be Holo ea ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela