Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 11/15 maq. 9-14
  • Bakreste Baa Hlokana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste Baa Hlokana
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ile ba Fana ka Thuso e Hlokahalang
  • Ho Thusa ka Lintho Tse Bonahalang
  • E ne e le “Thuso e Matlafatsang”
  • Basali ba Neng ba Amehile ka Batho ba Bang
  • Bacha, le Lōna Rea le Hloka
  • Ha ba Oeloa ke Mahlomola
  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Le ’ne le Hahe Phutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tsoelang Pele ho Hahana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 11/15 maq. 9-14

Bakreste Baa Hlokana

“Re litho ba bang tsa ba bang.”—BAEFESE 4:25.

1. Encyclopedia e ’ngoe e re’ng ka ’mele oa motho?

’MELE oa motho o bōpiloe ka tsela e hlollang! The World Book Encyclopedia e re: “Ka linako tse ling batho ba re ’mele oa motho ke mochine o hlollang ka ho fetisisa o kileng oa etsoa. Ke ’nete hore ’mele oa motho hase mochine. Empa o tšoana le oona ka litsela tse ngata. Joaloka mochine, ’mele o entsoe ka likarolo tse ngata. Karolo ka ’ngoe ea ’mele joaloka karolo ka ’ngoe ea mochine, e etsa mesebetsi e khethehileng. Empa likarolo tsohle lia sebelisana ’me sena se etsa hore ’mele kapa mochine o sebetse hantle.”

2. Mele oa motho le phutheho ea Bokreste li tšoana ka tsela efe?

2 ’Mele oa motho o na le likarolo tse ngata kapa litho tse ngata, ’me karolo ka ’ngoe e etsa ho hong ho hlokahalang. Mothapo o mong le e mong, mosifa o mong le o mong, kapa setho se seng le se seng sa ’mele se na le morero. Ka ho tšoanang, setho se seng le se seng sa phutheho ea Bokreste se ka tlatsetsa ka tsela e itseng hore e be matla moeeng hape e be khabane moeeng. (1 Bakorinthe 12:14-26) Le hoja ho se na setho sa phutheho se lokelang ho ikutloa se phahametse tse ling, le teng, ha ho ea lokelang ho ikutloa e se oa bohlokoa.—Baroma 12:3.

3. Baefese 4:25 e bontša joang hore Bakreste baa hlokana?

3 Joalokaha litho tsa ’mele li hlokana, le Bakreste baa hlokana. Moapostola Pauluse o ile a re ho balumeli-’moho le eena ba tlotsitsoeng ka moea: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang.” (Baefese 4:25) Kaha litho tsa Iseraele ea moea e leng “’mele oa Kreste,” ke “litho ba bang tsa ba bang,” puisano ea tsona ke ea ’nete ’me li sebelisana ka ho feletseng. Setho se seng le se seng ke sa habo tse ling. (Baefese 4:11-13) Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba nang le ’nete le tšebelisano, ba ikopantse hammoho le bona ka thabo.

4. Ba bacha ba ka thusoa ka litsela life?

4 Selemo le selemo, ba likete ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise baa kolobetsoa. Litho tse ling tsa phutheho li thabela ho ba thusa hore ba ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheberu 6:1-3) Thuso ena e ka akarelletsa ho araba lipotso tsa Bibele kapa ho ba thusa tšimong. Re ka thusa ba bacha ka ho beha mohlala o motle oa ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste. Ha ba le matšoenyehong, re ka ba khothatsa kapa ra ba tšelisa. (1 Bathesalonika 5:14, 15) Re lokela ho batla litsela tsa ho thusa ba bang hore ba ’ne ba ‘tsoele pele ho tsamaea ’neteng.’ (3 Johanne 4) Ebang re banyenyane kapa re baholo, re sa tsoa qala ho tsamaea ka tsela ea ’nete kapa ke khale re tsamaea ka eona, re ka ntšetsa pele bomoea ba balumeli-’moho le rōna, ’me kannete baa re hloka.

Ba Ile ba Fana ka Thuso e Hlokahalang

5. kuila le Prisilla ba ile ba thusa Pauluse joang?

5 Banyalani ba Bakreste le bona ba khotsofalla ho thusa balumeli-’moho le bona. Ka mohlala, Akuila le mosali oa hae Prisilla (Priska), ba ile ba thusa Pauluse. Ba ile ba mo amohela lapeng la bona, ba etsa litente le eena ’me ba mo thusa ho theha phutheho e ncha Korinthe. (Liketso 18:1-4) Ka litsela tse ling tseo ho sa buuoang ka tsona, ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la Pauluse. Ba ne ba lula Roma ha Pauluse a re ho Bakreste ba teng: “Ntumelisetseng Priska le Akuila basebetsi-’moho le ’na ho Kreste Jesu, ba ipehileng kotsing bakeng sa moea oa ka, bao e seng ’na feela ea ba lebohang empa le liphutheho tsohle tsa lichaba.” (Baroma 16:3, 4) Joaloka Akuila le Prisilla, Bakreste ba bang ba kajeno ba theha liphutheho ’me ba thusa barapeli-’moho le bona ka litsela tse fapaneng, ka linako tse ling ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing hore ba se ke ba hlahatsa bahlanka ba bang ba Molimo hore ba tšoaroe ka sehlōhō kapa hore ba bolaoe ke bahlorisi.

6. Apolose o ile a fumana thuso efe?

6 Akuila le Prisilla ba ile ba boela ba thusa Apolose, monna oa Mokreste ea kheleke puong, ea neng a ruta baahi ba Efese ka Jesu Kreste. Nakong eo, Apolose o ne a tseba feela ka kolobetso ea Johanne e tšoantšetsang pako ea libe khahlanong le selekane sa Molao. Ha Akuila le Prisilla ba hlokomela hore Apolose o hloka thuso, ba ile “ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” Ho ka etsahala hore ebe ba ile ba mo hlalosetsa hore kolobetso ea Bokreste e akarelletsa ho qoelisoa metsing le ho tšolleloa moea o halalelang. Apolose o ile a sebelisa seo a ithutileng sona. Hamorao ha a le Akaia o ile “a thusa ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo; kaha ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ntse a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Liketso 18:24-28) Hangata se buuoang ke barapeli-’moho le rōna se ka ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea Lentsoe la Molimo. Le tabeng ena rea hlokana.

Ho Thusa ka Lintho Tse Bonahalang

7. Bafilipi ba ile ba etsa’ng ha Bakreste-’moho le bona ba ne ba hloka thuso ea lintho tse bonahalang?

7 Litho tsa phutheho ea Bokreste ea Filipi li ne li rata Pauluse haholo ’me li ile tsa mo romella lintho tse hlokahalang ha a ntse a le Thesalonika. (Bafilipi 4:15, 16) Ha barab’abo rōna ba Jerusalema ba ne ba hloka lintho tse bonahalang, Bafilipi ba ile ba bontša hore ba ikemiselitse ho fana ka se fetang seo ba nang le sona. Pauluse o ile a ananela moea o motle o neng o bontšoa ke bara le barali babo ba Filipi hoo a ileng a re ke mohlala ho balumeli ba bang.—2 Bakorinthe 8:1-6.

8. Epafrodite o ile a bontša boikutlo bofe?

8 Ha Pauluse a ne a le chankaneng, Bafilipi ba ile ba mo romella mpho ea lintho tse bonahalang ba ba ba romella lenģosa la bona Epafrodite. Pauluse o ile a re: ‘Ka lebaka la mosebetsi oa Morena, [Epafrodite] o ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa moea oa hae kotsi, e le hore a ka koala sekheo ka botlalo bakeng sa ho se be teng ha lōna mona hore le nketsetse tšebeletso ea botho.’ (Bafilipi 2:25-30; 4:18) Ha re bolelloe hore na Epafrodite e ne e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. Leha ho le joalo, e ne e le Mokreste ea itetseng le ea molemo, ’me Pauluse o ne a hlile a mo hloka. Na ho na le ea tšoanang le Epafrodite phuthehong ea heno?

E ne e le “Thuso e Matlafatsang”

9. Aristakase o re behetse mohlala ofe?

9 Bara le barali babo rōna ba lerato ba kang Akuila, Prisilla le Epafrodite, ba ananeloa haholo liphuthehong tsohle. Barapeli-’moho le rōna ba bang ba ka ’na ba tšoana le Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Aristakase. Eena le ba bang e ne e le “thuso e matlafatsang,” mohlomong ba ne ba fana ka matšeliso kapa thuso linthong tsa bohlokoa le tse molemo. (Bakolose 4:10, 11) Aristakase e ile ea e-ba motsoalle oa sebele oa Pauluse ka hore a mo thuse ha ho ne ho hlokahala. E ne e le motho ea kang ea hlalositsoeng ho Liproverbia 17:17 e reng: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” Na bohle re ke ke ra leka ho ba “thuso e matlafatsang” ho Bakreste-’moho le rōna? Haholo-holo re lokela ho thusa ba mahlomoleng.

10. Petrose o ile a behela baholo ba Bakreste mohlala ofe?

10 Baholo ba Bakreste ke bona bao ka ho khetheha e lokelang ho ba thuso e matlafatsang ho bara le barali babo bona ba moea. Kreste o ile a re ho moapostola Petrose: “U matlafatse barab’eno.” (Luka 22:32) Petrose o ile a etsa sena hobane o ile a bontša matla le ho tiea, haholo-holo ka mor’a tsoho ea Jesu. Baholo, loanelang ho etsisa Petrose ka boithatelo le ka mosa hobane balumeli-’moho le lōna baa le hloka.—Liketso 20:28-30; 1 Petrose 5:2, 3.

11. Re ka rua molemo joang ka ho hlahloba boikutlo ba Timothea?

11 Timothea ea neng a tsamaea le Pauluse e ne e le moholo ea amehileng haholo ka Bakreste ba bang. Le hoja Timothea a ne a kula, o ne a e-na le tumelo e sa thekeseleng ’me e ile ea e-ba ‘lekhoba le Pauluse ho ntšetseng pele litaba tse molemo.’ Kahoo moapostola Pauluse o ne a ka re ho Bafilipi: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang.” (Bafilipi 2:20, 22; 1 Timothea 5:23; 2 Timothea 1:5) Re ka tsoela bao re rapelang Jehova le bona molemo ka ho bontša boikutlo bo kang ba Timothea. Ke ’nete hore re lokela ho mamella mefokolo le liteko tse fapaneng, empa le rōna re ka bontša tumelo e matla le kameho e lerato bakeng sa bara le barali babo rōna ba moea, ’me ke seo re lokelang ho se etsa. Kamehla re lokela ho hopola hore baa re hloka.

Basali ba Neng ba Amehile ka Batho ba Bang

12. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Dorkase?

12 Dorkase ke e mong oa basali ba tšabang Molimo ba neng ba amehile ka batho ba bang. Eitse ha a e-shoa, barutuoa ba bitsa Petrose ’me ba mo isa kamoreng e ka holimo. Ha ba le moo, “bahlolohali bohle ba itlhahisa ho eena ba lla ’me ba bontša liaparo tsa ka hare le liaparo tsa ka ntle tse ngata tseo Dorkase a neng a li etsa ha a sa ntse a e-na le bona.” Dorkase o ile a tsosoa ’me ha ho pelaelo hore o ile a tsoela pele ‘a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.’ Phuthehong ea Bokreste ea kajeno, ho na le basali ba kang Dorkase ba ka ’nang ba etsa liaparo kapa lintho tse ling tse bontšang hore ba rata batho ba hlokang. Mesebetsi ea bona e molemo e amana haholo-holo le ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso le oa ho etsa barutuoa.—Liketso 9:36-42; Matheu 6:33; 28:19, 20.

13. Lydia o ile a bontša joang hore o amehile ka Bakreste-’moho le eena?

13 Mosali ea tšabang Molimo ea bitsoang Lydia o ne a amehile ka batho ba bang. Ha habo e ne e le Thyatira, empa o ne a lula Filipi ha Pauluse a ruta teng hoo e ka bang ka 50 C.E. Mohlomong Lydia o ne a sokolohetse Bojudeng, empa ho ka etsahala hore ebe Filipi ho ne ho e-na le Bajuda ba ’maloa ebile ho se na synagoge. Eena le basali ba bang ba chesehang ba ne ba bokane haufi le nōka ba rapela ha moapostola a ba bolella litaba tse molemo. Tlaleho e re: “Jehova a bula pelo ea [Lydia] haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse. Joale ha eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa, a re ka kōpo e tiileng: ‘Haeba le nahana hore kea tšepahala ho Jehova, kenang ka tlung ea ka ’me le lule.’ A re phehella hore re tle.” (Liketso 16:12-15) Kahobane Lydia o ne a batla ho etsetsa ba bang lintho tse ntle, o ile a atleha ho susumelletsa Pauluse le metsoalle ea hae hore ba lule ha hae. Re ananela haholo ha Bakreste ba mosa le ba lerato ba re amohela ka mofuthu ka tsela e tšoanang kajeno!—Baroma 12:13; 1 Petrose 4:9.

Bacha, le Lōna Rea le Hloka

14. Jesu Kreste o ile a tšoara bacha joang?

14 Phutheho ea Bokreste e qaliloe ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ea mosa le ea molemo. Batho ba ne ba phutholoha ha ba e-na le eena hobane o ne a le lerato ’me a qenehela. Ka lekhetlo le leng ha batho ba bang ba qala ho tlisa bana ba bona ba banyenyane ho Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba leka ho ba thibela. Empa Jesu o ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona. Kannete ke re ho lōna, Mang kapa mang ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.” (Mareka 10:13-15) Re tla amohela litlhohonolofatso tsa ’Muso ha re le ba ikokobelitseng le ba rutehang joaloka bana. Jesu o ile a bontša hore o rata bana ka ho ba sika le ka ho ba hlohonolofatsa. (Mareka 10:16) Bacha, na le lōna kajeno oa le rata? Kholisehang hore lea ratoa ebile lea hlokoa ka phuthehong.

15. Ho tlalehiloe lintho life ka bophelo ba Jesu ho Luka 2:40-52, ’me o behetse bacha mohlala ofe?

15 Ha Jesu a le mocha, o ile a bontša hore o rata Molimo le Mangolo a Halalelang. Ha a le lilemo li 12, eena le batsoali ba hae, Josefa le Maria, ba ile ba tloha ha habo bona Nazaretha ba ea Jerusalema ho ea keteka Paseka. Ha ba khutla, batsoali ba Jesu ba ile ba fumana hore ha a eo sehlopheng seo ba neng ba tsamaea le sona. Hamorao ba ile ba mo fumana a lutse ho e ’ngoe ea liholo tsa tempele, a mametse mesuoe ea Bajuda ’me a e botsa lipotso. Jesu o ile a makala ha Josefa le Maria ba ne ba sa tsebe moo a leng teng, eaba oa botsa o re: “Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?” O ile a khutlela hae le batsoali ba hae, a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona ’me bohlale ba hae ba ’na ba tsoela pele ’me le eena a ’na a hōla. (Luka 2:40-52) Jesu o behetse bacha ba rōna mohlala o motle hakaakang! Ka sebele ba lokela ho hlompha batsoali ba bona ’me ba rate ho ithuta lintho tsa moea.—Deuteronoma 5:16; Baefese 6:1-3.

16. (a) Bashanyana ba bang ba ile ba hooa ba re’ng ha Jesu a ne a paka tempeleng? (b) Ke monyetla ofe oo bacha ba Bakreste ba nang le oona kajeno?

16 Joaloka mocha, e ka ’na eaba u paka ka Jehova sekolong le ka ntlo le ntlo leha u e-na le batsoali ba hao. (Esaia 43:10-12; Liketso 20:20, 21) Ha Jesu a ntse a paka tempeleng a bile a folisa batho pejana ho lefu la hae, bashanyana ba bang ba ile ba hooa ba re: “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!” Baprista ba baholo le bangoli ba ile ba halefisoa ke sena ’me ba tletleba ba re: “Na u utloa seo baa ba se buang?” Jesu o ile a araba a re: “E. Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?” (Matheu 21:15-17) Lōna bacha ba ka phuthehong, le na le monyetla o moholo oa ho rorisa Molimo le Mora oa hae, joaloka bana bao. Rea le batla ebile rea le hloka hore le sebetse le rōna joaloka baboleli ba ’Muso.

Ha ba Oeloa ke Mahlomola

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a lokisetsa hore ho ntšetsoe Bakreste ba Judea koleke? (b) Menehelo ea boithatelo e ileng ea etsetsoa balumeli ba Judea e ile ea e-ba le phello efe ho Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba?

17 Ho sa tsotellehe maemo a rōna, lerato le re susumelletsa ho thusa Bakreste ba bang ba hlokang. (Johanne 13:34, 35; Jakobo 2:14-17) Ka lebaka la ho rata bara le barali babo ba Judea, Pauluse o ile a lokisetsa hore liphutheho tsa Akaia, Galatia, Macedonia le seterekeng sa Asia li ba ntšetse koleke. Mahloriso, merusu ea ka hare ho naha le tlala e ileng ea hlahela barutuoa ba Jerusalema e ka ’na eaba li ile tsa baka lintho tseo Pauluse a reng ke “litlhokofatso,” “matšoenyeho” le “ho tlatlapuoa lintho tsa [bona].” (Baheberu 10:32-34; Liketso 11:27–12:1) Ka hona, o ile a hlophisa hore ho etsetsoe Bakreste ba mafutsana ba Judea koleke.—1 Bakorinthe 16:1-3; 2 Bakorinthe 8:1-4, 13-15; 9:1, 2, 7.

18 Ho ntšetsa bahalaleli ba Judea menehelo ea boithatelo ho ile ha bontša hore barapeli ba Jehova ba Bajuda le ba Balichaba ba tlamahantsoe ke ho ba bara ba motho. Ho fana ka menehelo ea lichelete ho ile ha boela ha nolofalletsa Bakreste ba Balichaba ho bontša hore ba leboha barapeli-’moho le bona ba Judea ha ba ba file matlotlo a moea. Kahoo, ba ne ba arolelana lintho tse bonahalang le tsa moea. (Baroma 15:26, 27) Kajeno le teng menehelo e etsetsoang balumeli-’moho le rōna ba hlokang e etsoa ka boithatelo ’me e susumetsoa ke lerato. (Mareka 12:28-31) Re boetse rea hlokana le hona tabeng ena e le hore ‘motho ea nang le ho honyenyane a se ke a ba le ho honyenyane haholo.’—2 Bakorinthe 8:15.

19, 20. Fana ka mohlala o bontšang kamoo batho ba Jehova ba thusang ha ho hlahile tlokotsi.

19 Kaha rea hlokomela hore Bakreste baa hlokana, re potlakela ho thusa balumeli-’moho le rōna tumelong. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha litšisinyeho tse senyang tsa lefatše le mobu o helehang lithabeng li oela El Salvador qalong ea selemo sa 2001. Tlaleho e ’ngoe e itse: “Barab’abo rōna ba ile ba bokella liphallelo likarolong tsohle tsa El Salvador. Barab’abo rōna ba ile ba tla ka lihlopha ba tsoa Guatemala, United States le Canada ho tla re thusa. . . . Ka nakoana feela, ho ile ha hahoa matlo a fetang 500 le Liholo Tsa ’Muso tse 3 tse ntle. Ho fanoe ka bopaki bo boholo ka lebaka la mosebetsi o boima le tšebelisano ea bara bana babo rōna ba itetseng.”

20 Tlaleho e tsoang Afrika Boroa e itse: “Meroallo e tšabehang e ileng ea senya boholo ba Mozambique e ile ea ama le barab’abo rōna ba bangata ba Bakreste. Lekala la Mozambique le ile la lokisetsa ho ba thusa ka lintho tse ngata tseo ba neng ba li hloka. Empa ofisi ea lekala leo e ile ea kōpa hore re romelle barab’abo rōna ba hlokang liaparo tsa khale tse boemong bo botle. Re ile ra bokella liaparo tse lekaneng k’hontheinara ea limithara tse 12 e eang ho barab’abo rōna ba Mozambique.” Ha ho pelaelo hore rea hlokana le hona linthong tsena.

21. Re tla hlahloba’ng sehloohong se latelang?

21 Joalokaha ho boletsoe pejana, likarolo tsohle tsa ’mele ke tsa bohlokoa. Hoa tšoana le ka phutheho ea Bokreste. Litho tsohle tsa eona lia hlokana. Le tsona hoa hlokahala hore li sebetse ka tumellano. Sehloohong se latelang re tla hlahloba hore na li khona ho etsa sena joang.

U ka Araba Joang?

• Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa ’mele oa motho le phutheho ea Bokreste?

• Bakreste ba pele ba ile ba etsa’ng ha balumeli-’moho le bona ba ne ba hloka thuso?

• Ke mehlala efe ea Mangolo e bontšang hore Bakreste baa hlokana ebile baa thusana?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Akuila le Prisilla ba ne ba ameha ka batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Batho ba Jehova baa thusana ha ba oeloa ke mahlomola ’me ba thusa le ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela