Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlorisetsoa Bolumeli?
NA U nahana hore batho ba lokela ho hlorisetsoa bolumeli ba bona? Mohlomong u nahana hore batho ha baa lokela ho hlorisetsoa bolumeli hafeela ba sa khathatsane le litokelo tsa batho ba bang. Leha ho le joalo, ke khale batho ba hlorisetsoa bolumeli ’me ba sa ntsane ba bo hlorisetsoa. Ka mohlala, lekholong la bo20 la lilemo, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ne li atisa ho amohuoa litokelo tsa tsona le ho hlorisoa ka sehlōhō Europe le likarolong tse ling tsa lefatše.
Nakong eo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō, ka mokhoa o hlophisitsoeng le ka nako e telele mebusong e ’meli ea bohatelli ea Europe. Se li etsahaletseng se re ruta’ng ka ho hlorisetsoa bolumeli? Hona re ka ithuta’ng ka tsela eo li ileng tsa itšoara ka eona ha li hlorisoa?
“Hase Karolo ea Lefatše”
Lipaki Tsa Jehova li leka ho mamela molao, ho phela ka khotso le ho ba le boitšoaro bo botle. Ha li hanyetse mebuso ebile ha li ipitsetse mahloriso moo li batlang ho shoela tumelo. Bakreste bana ha ba jele paate lipolotiking. Sena se tumellanong le mantsoe a Jesu a reng: “[Balateli ba ka] hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Mebuso e mengata e ela hloko boemo ba Lipaki ba ho se jele paate. Empa babusi ba bahatelli ha ba hlomphe taelo ea Bibele ea hore Bakreste e se ke ea e-ba karolo ea lefatše.
Lebaka la sena le ile la hlalosoa sebokeng se neng se le Univesithing ea Heidelberg, Jeremane, ka November 2000. Sehlooho sa seboka sena se ne se re “Ho Hatelloa le ho Ikemela: Lipaki Tsa Jehova Mebusong e Hatellang ea Bonazi le ea Bokomonisi.” Dr. Clemens Vollnhals oa Hannah-Arendt-Institute for Research Into Totalitarianism o ile a re: “Mebuso ea bohatelli ha e felle feela lipolotiking. E batla le ho laola batho ka ho feletseng.”
Bakreste ba ’nete ba ke ke ba inehela “ka ho feletseng” mebusong ea batho, kaha ba entse kano ea ho tšepahala ka ho feletseng ho Jehova Molimo feela. Lipaki tse lulang mebusong ea bohatelli li fumane hore ka linako tse ling se batloang ke ’Muso se loantšana le tumelo ea tsona. Li ’nile tsa etsa joang ha ho hlaha likhohlano tse joalo? Ka makhetlo a mangata linakong tse fetileng, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa molao-motheo o boletsoeng ke barutuoa ba Jesu Kreste ha ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Lipaki tse ngata li ile tsa tšepahala tumelong ea tsona ’me tsa lula li sa jele paate lipolotiking, ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa. Li ile tsa mamella joang? Li ile tsa fumana matla a ho mamella hokae? E-re li ikarabelle, ’me ka hona, re bone kamoo e mong le e mong, ebang ke Paki kapa hase Paki a ka ithutang ho se li hlahetseng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō le ka nako e telele mebusong e ’meli ea bohatelli ea lekholong la bo20 la lilemo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Mebuso ea bohatelli ha e felle feela lipolotiking. E batla le ho laola batho ka ho feletseng.”—Dr. Clemens Vollnhals
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ba ha Kusserow ba ile ba amohuoa bolokolohi hobane ba ne ba ke ke ba sekisetsa tumelo ea bona
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Johannes Harms o ile a bolaeloa tumelo ea hae chankaneng ea Nazi