Tšepa Jehova ka Pelo ea Hao Eohle
“Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.”—PESALEME EA 9:10.
1, 2. Ke lintho life tseo e leng lefeela hore ebe batho ba tšepile hore li tla ba sireletsa?
KAJENO, ho na le lintho tse ngata tse re sulafaletsang bophelo, ’me ho tloaelehile hore re batle motho ea ka re sireletsang kapa ntho e ka re sireletsang. Batho ba bang ba nahana hore ho ba le chelete e ngata ho tla ba sireletsa nakong e tlang, empa ha e le hantle, ho ba le chelete hase ntho eo u ka e tšepang. Bibele e re: “Ea tšepang maruo a hae—o tla oa.” (Liproverbia 11:28) Ba bang ba tšepile baeta-pele ba batho, empa le baeta-pele ba molemo ka ho fetisisa ba etsa liphoso. ’Me qetellong, kaofela baa shoa. Ka bohlale Bibele e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Mantsoe ana a bululetsoeng le ’ona a re hlokomelisa hore re se ke ra itšepa ho tlōla. Le rōna re mpa re le feela ‘bara ba motho oa lefatše.’
2 Moprofeta Esaia o ile a nyatsa baeta-pele ba sechaba sa Iseraele ba mehleng ea hae hobane ba ne ba tšepile “setšabelo sa leshano.” (Esaia 28:15-17) Ha ba ntse ba batla tšireletseho, ba ile ba etsa lilekane tsa bopolotiki le lichaba tse haufi. Lilekane tseo li ne li sa tšepahale, e ne e le leshano. Ka tsela e tšoanang, kajeno baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba qobella ho sebelisana le baeta-pele ba lipolotiki. Lilekane tsena le tsona ke “leshano.” (Tšenolo 17:16, 17) Li ke ke tsa tlisa tšireletseho ea ka ho sa feleng.
Mohlala o Motle oa Joshua le Kalebe
3, 4. Ke joang tlaleho ea Joshua le Kalebe e ileng ea fapana le ea lihloela tse ling tse leshome?
3 Joale, ebe ke hokae moo re ka fumanang tšireletseho? Ke moo Joshua le Kalebe ba ileng ba e batla teng mehleng ea Moshe. Hang ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe Egepeta, sechaba se ne se itokiselitse ka ho feletseng ho kena Kanana, Naheng e Tšepisitsoeng. Banna ba 12 ba ile ba romeloa ho ea hloela naha, ’me ka mor’a matsatsi a 40, ba ile ba khutla ho ea fana ka tlaleho. Ke ba babeli feela, e leng Joshua le Kalebe, ba ileng ba bolela hore Baiseraele ba ka atleha Kanana. Ba bang ba ile ba lumela hore naha e ntle empa ba re: “’Nete ke hore batho ba lulang naheng eo ba matla, le metse eo ea liqhobosheane e meholo haholo . . . Re ke ke ra khona ho futuhela batho bao, hobane ba matla ho re feta.”—Numere 13:27, 28, 31.
4 Baiseraele ba ile ba mamela lihloela tse leshome ’me ba tšoha hoo ba ileng ba ingamangama ka Moshe. Qetellong, Joshua le Kalebe ka boipiletso bo boholo ba ile ba re: “Naha eo re fetileng ho eona ho ea e hloela ke naha e ntle, e ntle haholo. Haeba Jehova a khahloa ke rōna, joale ka sebele o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši. Le mpe le se ke la fetohela Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo.” (Numere 14:6-9) Ho ntse ho le joalo, Baiseraele ba ile ba hana ho mamela, ’me ka lebaka leo ha baa ka ba lumelloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng ka nako eo.
5. Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ile ba fana ka tlaleho e ntle?
5 Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ile ba fana ka tlaleho e ntle ha lihloela tse leshome li fane ka tlaleho e mpe? Kaofela lihloela tsena tse 12 li bone metse e ikemetseng le lichaba tse ikemetseng. ’Me tse leshome li ne li nepile ha li re Baiseraele ha ba na matla a ho hapa naha eo. Joshua le Kalebe le bona ba ne ba tseba sena. Leha ho le joalo, lihloela tse leshome li ne li sheba litaba ka pono ea batho. Ka lehlakoreng le leng, Joshua le Kalebe, ba ne ba tšepa Jehova. Ba ne ba bone liketso tsa hae tse matla Egepeta, Leoatleng le Lefubelu le tlas’a Thaba ea Sinai. Lilemo hamorao, litlaleho feela tsa liketso tseo li ne li lekane ho susumetsa Rahaba oa Jeriko hore a behe bophelo ba hae kotsing ka lebaka la batho ba Jehova! (Joshua 2:1-24; 6:22-25) Joshua le Kalebe, ba neng ba bone liketso tsa Jehova, ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore Molimo o ne a tla tsoela pele ho loanela sechaba sa hae. Lilemo tse 40 hamorao, melemo ea ho tšepa ha bona Molimo e ile ea bonahala ha moloko o mocha oa Baiseraele o eteletsoeng pele ke Joshua, o kena Kanana ’me o e hapa.
Lebaka la Hore re Tšepe Jehova ka ho Feletseng
6. Ke hobane’ng ha kajeno Bakreste ba le tlas’a khatello, ’me ba lokela ho tšepa mang?
6 ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ joaloka Baiseraele, re na le lira tse matla ho re feta. (2 Timothea 3:1) Re tobana le liteko tse re hatellang boitšoarong, tumelong, esita le nameng. Ha re sa thusoe, re ke ke ra hanyetsa liteko tse joalo, kaha li tsoa mohloling o phahametseng batho, e leng Satane Diabolose. (Baefese 6:12; 1 Johanne 5:19) Ebe joale re ka balehela hokae? Monna ea tšepahalang oa boholo-holo o ile a re ho Jehova ka thapelo: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.” (Pesaleme ea 9:10) Haeba kannete re tseba Jehova le hore na lebitso la hae le bolela eng, re tla mo tšepa kannete joaloka Joshua le Kalebe.—Johanne 17:3.
7, 8. (a) Ke joang lintho tse bōpiloeng li re fang mabaka a ho tšepa Jehova? (b) Bibele e re fa mabaka afe a ho tšepa Jehova?
7 Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova? Lebaka le leng leo ka lona Joshua le Kalebe ba ileng ba mo tšepa ke hobane ba ne ba bone bopaki ba matla a hae. Le rōna re bo bone. Ka mohlala, nahana ka lintho tseo Jehova a li bōpileng, ho akarelletsa le sepakapaka se nang le linaleli tse likete-kete. Lintho tse matlahali tseo Jehova a li laolang li bontša hore ka sebele ke Ea Matla ’Ohle. Ha re ntse re nahana ka lintho tse hlollang tse bōpiloeng, re lokela ho lumellana le Jobo, ea ileng a re ka Jehova: “Ke mang ea ka mo hanyetsang? Ke mang ea tla re ho eena, ‘U etsa’ng?’” (Jobo 9:12) Ka sebele, ha Jehova a eme le rōna, ha ho eo re ka mo tšabang kae kapa kae.—Baroma 8:31.
8 Nahana hape ka Lentsoe la Jehova, Bibele. Mohloli ona o sa psheng oa bohlale ba Molimo ke matla a re thusang ho hlōla mekhoa e fosahetseng le hore bophelo ba rōna bo lumellane le thato ea Jehova. (Baheberu 4:12) Ke Bibele e re tsebisang lebitso la Jehova le hore na le bolela eng. (Exoda 3:14) Rea utloisisa hore Jehova e ka ba eng kapa eng eo a ratang ho ba eona—e leng ho ba Ntate ea lerato, Moahloli ea lokileng le Mohlabani ea hlōlang—e le hore a phethe merero ea hae. Hape re bona kamoo lentsoe la hae le phethahalang kateng kamehla. Ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo, re susumelletseha ho bua joaloka mopesaleme, re re: “Ke tšepile lentsoe la hao.”—Pesaleme ea 119:42; Esaia 40:8.
9. Thekollo le tsoho ea Jesu li matlafatsa tšepo ea rōna ho Jehova joang?
9 Thekollo ke lebaka le leng la ho tšepa Jehova. (Matheu 20:28) Ho babatseha hakaakang hore ebe Molimo o ile a romela Mora oa hae ho tla re shoela e le thekollo! Ka sebele thekollo e na le matla. E koahela libe tsa batho bohle ba bakileng le ba sokolohelang ho Jehova ka pelo e tšepahalang. (Johanne 3:16; Baheberu 6:10; 1 Johanne 4:16, 19) Ho ne ho hlokahala hore Jesu a tsosoe e le hore ho lefshoe thekollo. Mohlolo ona, o bonoeng ke lipaki tse ngata, ke lebaka le leng la ho tšepa Jehova. Ke tiiso ea hore tšepo ea rōna e ke ke ea fella ka masoabi.—Liketso 17:31; Baroma 5:5; 1 Bakorinthe 15:3-8.
10. Re na le mabaka afe a ho tšepa Jehova?
10 Ana ke a mang a mabaka ao ka ’ona re ka tšepang Jehova ka ho feletseng, ’me re lokela ho etsa joalo. Ho na le mabaka a mang a eketsehileng, ’me a mang a ’ona ke a re amang re le batho ka bomong. Ka mohlala, ka linako tse ling kaofela re tobana le mathata bophelong. Ha re kōpa Jehova hore a re thuse ho sebetsana le ’ona, re bona kamoo thuso eo e leng ea bohlokoa kateng. (Jakobo 1:5-8) Ha re ntse re tšepa Jehova ka ho eketsehileng bophelong ’me re bona liphello tse molemo tsa sena, re tla mo tšepa ka ho eketsehileng.
Davida o Ile a Tšepa Jehova
11. Davida o ile a tšepa Jehova ho sa tsotellehe maemo afe?
11 Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a tšepa Jehova. Davida o ne a sokeloa ke Morena Saule, ea neng a batla ho mo bolaea, o ne a boetse a sokeloa ke lebotho le matla la Bafilista ba neng ba leka ho hapa Baiseraele. Leha ho le joalo, o ile a pholoha a ba a hlōla. Hobane’ng? Davida ka boeena oa hlalosa: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang? Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka. Ke tla tšoha mang?” (Pesaleme ea 27:1) Le rōna re tla hlōla haeba re tšepa Jehova ka ho tšoanang.
12, 13. Davida o ile a bontša joang hore re lokela ho tšepa Jehova leha bahanyetsi ba re hlasela ka maleme a bona?
12 Ka lekhetlo le leng Davida o ile a rapela a re: “Molimo, utloa lentsoe la ka ha ke tšoenyehile. E se eka u ka sireletsa bophelo ba ka ho sera se tšabehang. E se eka u ka mpatela lekunutu la baetsi ba bobe, ua mpatela morusu oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi, ba leolitseng maleme a bona feela joaloka sabole, ba korotseng ka motsu oa bona, puo e sehlōhō, hore ba fule ea sa tšoauoeng phoso ba le libakeng tse patehileng.” (Pesaleme ea 64:1-4) Ha re tsebe hantle hore na ke eng e ileng ea susumelletsa Davida hore a ngole mantsoe ana. Empa rea tseba hore kajeno, ka ho tšoanang bahanyetsi ‘ba leotsa maleme a bona,’ ba hlasela ka lipuo. Ba sebelisa mantsoe ao ba a buang kapa ao ba a ngolang e le “metsu” ea liketselletso eo ka eona ba ‘fulang’ Bakreste ba sa tšoauoeng phoso. Haeba re tšepa Jehova ntle ho tikatiko, phello e tla ba efe?
13 Davida o tsoela pele o re: “Molimo o tla ba fula ka motsu ka tšohanyetso. Ba tsoile maqeba, ba etsa hore motho a khoptjoe. Empa maleme a bona a khahlanong le bona. . . . Ea lokileng o tla ithabela ho Jehova ’me o tla tšabela ho eena.” (Pesaleme ea 64:7-10) E, le hoja lira li leotsa maleme a tsona khahlanong le rōna, qetellong ‘maleme a tsona a ba khahlanong le tsona.’ Qetellong Jehova o tsamaisa litaba hantle e le hore ba mo tšepileng ba ka ithabela ho eena.
Tšepo ea Ezekiase ha ea ba ea Lefeela
14. (a) Ezekiase o ile a tšepa Jehova ho sa tsotellehe boemo bofe bo kotsi? (b) Ezekiase o ile a bontša joang hore ha a lumele mashano a Moassyria?
14 Morena Ezekiase ke e mong oa ba neng ba tšepa Jehova ’me tšepo ea hae ha ea ba ea lefeela. Nakong ea puso ea Ezekiase, lebotho le matla la Baassyria le ne le sokela Jerusalema. Lebotho leo le ne le hlōtse lichaba tse ngata. Le ne le hapile metse ea Juda ho fihlela ho setse Jerusalema feela, ’me Sankeribe o ne a ithorisa hore o tla hapa le motse oo. Ka Rabshake, o ile a bolela ka nepo hore ho tšepa thuso ea Egepeta e tla ba lefeela. Leha ho le joalo, ka mor’a moo o ile a re: “U se ke ua lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse, a re: ‘Ho ke ke ha nehelanoa ka Jerusalema letsohong la morena oa Assyria.’” (Esaia 37:10) Leha ho le joalo, Ezekiase o ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo thetsa. Kahoo, o ile a rapela a re: “Jehova Molimo oa rōna, re pholose letsohong la [Moassyria], e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.” (Esaia 37:20) Jehova o ile a mamela thapelo ea Ezekiase. Ka bosiu bo le bong, lengeloi le ile la bolaea masole a 185 000 a Assyria. Jerusalema e ile ea pholosoa, ’me Sankeribe o ile a tloha naheng ea Juda. Bohle ba ileng ba utloa ka ketsahalo ena ba ile ba tseba boholo ba Jehova.
15. Ke eng feela e ka re thusang ho itokisetsa maemo leha e le afe a thata ao re ka ’nang ra iphumana re le ho ’ona lefatšeng lee le sa tsitsang?
15 Kajeno, joaloka Ezekiase, re ntoeng. Empa ntoa ea rōna ke ea moea. Leha ho le joalo, re le bahlabani ba moea, re lokela ho ithuta mahlale a tla re pholosa. Re lokela ho lebella litlhaselo ’me re itokisetse ho li hlōla. (Baefese 6:11, 12, 17) Lefatšeng lena le sa tsitsang, maemo a ka fetoha ka tšohanyetso. Lintoa tsa lehae li ka ’na tsa qhoma neng kapa neng. Linaha tse tsebahalang ka ho mamella malumeli a sa tšoaneng li ka ’na tsa felloa ke mamello. Re ka ba malala-a-laotsoe bakeng sa eng kapa eng e ka etsahalang hafeela joaloka Ezekiase, re itokisetsa ho ba le tšepo e sa sisinyeheng ho Jehova.
Ho Tšepa Jehova ho Bolela’ng?
16, 17. Re bontša joang hore re tšepa Jehova?
16 Ho tšepa Jehova hase ho bua feela. Ho ama lipelo tsa rōna ’me ho bontšoa ka liketso. Haeba re tšepa Jehova, re tla tšepa Lentsoe la hae Bibele ka ho feletseng. Re tla le bala letsatsi le leng le le leng, re thuise ka lona ’me re le lumelle ho re tataisa bophelong. (Pesaleme ea 119:105) Ho tšepa Jehova ho boetse ho akarelletsa ho tšepa matla a moea o halalelang. Ka thuso ea moea o halalelang, re ka sebeletsa ho ba le litholoana tse khahlisang Jehova, ’me re ka hlōla mekhoa e mebe e metseng ka metso. (1 Bakorinthe 6:11; Bagalata 5:22-24) Kahoo, ka thuso ea moea o halalelang, ba bangata ba tlohetse ho tsuba kapa ho sebelisa lithethefatsi. Ba bang ba tlohetse boitšoaro bo bobe. E, ha re tšepa Jehova, re etsa lintho ka matla a hae eseng a rōna.—Baefese 3:14-18.
17 Ho phaella moo, ho tšepa Jehova ho bolela ho tšepa bao a ba tšepang. Ka mohlala, Jehova o khethile “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le hlokomele mesebetsi ea lefatšeng e amang ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:45-47) Ha re leke ho itaola, ’me ha re hlokomolohe lekhoba leo le tšepahalang hobane re tšepa tokisetso ea Jehova. Ho feta moo, baholo ba sebeletsa liphutheho tsa Bokreste ’me ho ea ka moapostola Pauluse, ba khethiloe ke moea o halalelang. (Liketso 20:28) Ha re tšehetsa tokisetso ea baholo ka phuthehong, re boetse re bontša hore re tšepa Jehova.—Baheberu 13:17.
Latela Mohlala oa Pauluse
18. Bakreste kajeno ba latela mohlala oa Pauluse joang, empa ha baa beha tšepo ea bona ho eng?
18 Joaloka rōna, moapostola Pauluse o ile a tobana le likhatello tse ngata tšebeletsong ea hae. Mehleng ea hae, Bokreste bo ne bo buuoa hampe ho ba boholong, ’me ka linako tse ling o ne a leka ho lokisa mashano ao kapa a leka ho theha mosebetsi oa boboleli ka molao. (Liketso 28:19-22; Bafilipi 1:7) Kajeno Bakreste ba latela mohlala oa hae. Moo ho khonehang, re thusa ba bang hore ba tsebe ka mosebetsi oa rōna, re sebelisa mekhoa eohle. Hape re sebeletsa ho sireletsa le ho theha litaba tse molemo ka molao. Leha ho le joalo, ha rea beha tšepo ea rōna boitekong bona, hobane ha re nke hore katleho kapa ho hlōleha li itšetlehile ka hore re hlōle linyeoe kapa re buuoe hantle. Ho e-na le hoo, re tšepile Jehova. Re hopola khothatso ea hae ho Baiseraele ba boholo-holo, e reng: “Matla a lōna e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e-na le tšepo.”—Esaia 30:15.
19. Ha barab’abo rōna ba hlorisoa, ke joang tšepo ea bona ho Jehova e sa bang ea lefeela?
19 Ka linako tse ling kajeno mosebetsi o ’nile oa thibeloa kapa oa beheloa meeli Europe Bochabela le Europe Bophirimela, likarolong tse ling tsa Asia le Afrika le linaheng tsa Amerika Boroa le Amerika Leboea. Na see se bolela hore re tšepile Jehova ka phoso? Che. Le hoja Jehova ka linako tse ling a lumeletse mahloriso a sehlōhō ka lebaka le utloahalang, ka lerato o matlafalitse ba hlorisoang. Mahlorisong, Bakreste ba bangata ba iketselitse botumo bo botle ba tumelo le ho tšepa Molimo.
20. Le hoja re ka rua molemo bolokolohing boo re bo fuoang ke molao, re ke ke ra sekisetsa ho eng?
20 Ka lehlakoreng le leng, linaheng tse ngata re amohetsoe ka molao, ’me ka linako tse ling re buuoa hantle mecheng ea litaba. Sena rea se leboha ’me re lumela hore le sona se phetha morero oa Jehova. Haeba ka tumello ea Jehova re e-ba le bolokolohi bo eketsehileng, re bo sebelisa bakeng sa ho mo sebeletsa phatlalatsa le ka ho feletseng, eseng bakeng sa ho ikatlehisa. Leha ho le joalo, re ke ke ra sekisetsa ho se jele paate ha rōna, ra khoehlisa mosebetsing oa rōna oa boboleli kapa ka tsela leha e le efe ra khoehlisa tšebeletsong ea rōna ho Jehova, moo re batlang ho nkoa hantle ke babusi. Re bafo ba ’Muso oa Mesia ’me re eme re tiile ka lehlakoreng la bobusi ba Jehova. Tšepo ea rōna ha e tsamaisong ena ea lintho, empa e lefatšeng le lecha moo ’Muso oa leholimo oa Mesia e tla ba oona feela o busang lefatše. Libomo kapa limisaele, esita le litlhaselo tsa nyutlelie li ke ke tsa sisinya ’muso oo kapa tsa o theola leholimong. Ha o hlōloe ’me o tla etsa seo Jehova a se rerileng.—Daniele 2:44; Baheberu 12:28; Tšenolo 6:2.
21. Re ikemiselitse ho latela tsela efe?
21 Pauluse o re: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) E se eka bohle re ka sebeletsa Jehova ho fihlela bofelong. Re na le mabaka ’ohle a ho tšepa Jehova ka ho feletseng hona joale le ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:3; 125:1.
U Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ile ba fana ka tlaleho e ntle?
• Mabaka a mang a hore re tšepe Jehova ka ho feletseng ke afe?
• Ho tšepa Jehova ho bolela’ng?
• Re ikemiselitse ho etsa’ng hobane re tšepile Jehova?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ile ba fana ka tlaleho e ntle?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Lintho tse bōpiloeng li fana ka mabaka a matla a ho tšepa Jehova
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All three images: Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho tšepa Jehova ho bolela ho tšepa bao a ba tšepang