Ba Sebeletsa Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Bakreste Linaheng Lisele
NA U kile ua utloa ka lipoleloana tse reng “bahlanka ba sebeletsang linaheng tse ling” le “baithaopi ba sebeletsang linaheng tse ling”? Lipaki Tsa Jehova tse bōpang lihlopha tsena tsa baithaopi li nehela nako le bokhoni ba tsona ho thusa mosebetsing oa ho haha mehaho e sebelisoang bakeng sa ho hatisa le ho aba molaetsa oa Bibele oa ’Muso. Baithaopi bana ba boetse ba thusa mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso, tse sebeletsang e le litsi tsa thupelo ea Bibele. Hona joale, baithaopi bana ba thusa mesebetsing ea kaho linaheng tse fapaneng tse 34, haholo-holo linaheng tse futsanehileng. Ke liphephetso life tse sa tloaelehang le thabo tseo basebeletsi ba joalo ba li fumanang ha ba ntse ba sebeletsa mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste linaheng lisele? Ba ikutloa joang ka “tšebeletso e halalelang” eo ba e phethang? (Tšenolo 7:9, 15) E le hore re fumane seo, a re ke re iteanyeng le baithaopi ba bang ba ileng ba sebeletsa Mexico.
Baithaopi ba tsoang linaheng lisele ba ile ba fihla Mexico ka lekhetlo la pele ka May 1992. Hang ka mor’a moo, ba ile ba etella pele mosebetsing oa ho atolosa lekala, le hlokomelang mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova Mexico. Katoloso ea ofisi ea lekala e ne e kenyelelitse mehaho e mecha e 14, e akarelletsang mahae a bolulo a baithaopi ba sebeletsang ofising ea lekala, setsi sa khatiso le mohaho oa liofisi.
E le hore ba thuse mosebetsing ona oa kaho, baithaopi ba fetang 730 ba tsoang Canada, Great Britain le United States, hammoho le linaheng tse ling ba ile ba sebetsa e le ngatana-’ngoe le baithaopi ba makholo-kholo ba tsoang likarolong tsohle tsa Mexico. Ho ekelletsa moo, Lipaki tse ka holimo ho 28 000 tse kopanelang le liphutheho tse 1 600 tseo ka kakaretso li leng haufi le ofisi ea lekala li ile tsa thusa mesebetsing ea kaho linakong tsa mafelo-beke. Kaofela ha bona ba ne ba sebeletsa ka ho rata ’me ba sebelisa tsebo ea bona ba sa lefshoe. Ba ile ba ho nka e le tokelo e khethehileng ho sebeletsa Jehova ka tsela ena. Ha morero oa kaho o ntse o tsoela pele, ba ile ba lula ba hopotse mantsoe a bululetsoeng a fumanoang ho Pesaleme ea 127:1 a reng: “Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.”
Liphephetso Tseo ba Kopanang le Tsona
Ke liphephetso life tseo baithaopi ba sebeletsang linaheng tse ling ba kopanang le tsona ha ba ntse ba sebeletsa likabelong tsa bona linaheng lisele? Tse ling tsa lintho tseo ba li buileng ke tsena. Curtis le Sally, banyalani ba United States, ba ile ba khatha tema mesebetsing ea kaho India, Jeremane, Mexico, Paraguay, Romania, Russia, Senegal le Zambia. Curtis o re: “Phephetso ea pele e ne e le ho siea morali oa rōna, ea neng a sebeletsa e le pula-maliboho [mosebeletsi oa nako e tletseng] le ho siea phutheho ea habo rōna e Minnesota. ’Na le mosali oa ka re ile ra kopanela le phutheho eo ka lilemo tse 24 ’me re ne re utloa e se e le lapeng.”
Sally oa ngola: “Ho phela tlas’a maemo a sa tloaelehang ke phephetso, mohlomong e boima haholoanyane ho mosali ho feta ho monna, empa ke ithutile hore hoa khoneha hore motho a ikamahanye le maemo. Ke bile ka ithuta le ho mamella likokoanyana, ho sa tsotellehe hore na li ne li le ngata hakae!” O eketsa ka ho re: “Naheng e ’ngoe, re ne re kopanetse folete re le baithaopi ba leshome, e se na kichine ’me e e-na le matloana a mabeli feela a ho hlapela. Moo ke ile ka ithuta ho mamella haholoanyane.”
Ho ithuta puo e ncha ke phephetso e ’ngoe e hlokang boiteko le boikokobetso. Sharon, ea sebelelitseng le monna oa hae mesebetsing ea kaho linaheng tse fapaneng, o re: “Ho se tsebe puo e buuoang naheng eo u sebeletsang ho eona ke phephetso. Qalong, ho ba thata ho ba haufi le bara le barali beno ba moea ha u sitoa ho hlalosa maikutlo a hao habonolo. Seo sea nyahamisa. Empa barab’abo rōna bao re kopanang le bona likabelong tsa rōna linaheng lisele ha ba re felle pelo ’me ba amehile haholo ka boiketlo ba rōna. Ka mor’a nakoana, re iphumana re se re khona ho buisana ka tsela e itseng.”
Ho Kopanela Tšebeletsong ho Hloka Sebete
Le hoja baithaopi ba joalo ba itetseng ba tšehetsa tsoelo-pele ea mosebetsi oa kaho haholo, baa hlokomela hore ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ke baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kahoo, ba tšehetsa ka botlalo mosebetsi oa ho bolela o etsoang ke liphutheho tseo ba kopanelang ho tsona. Åke le Ing-Mari, banyalani ba ileng ba kenya letsoho mesebetsing ea kaho Guadeloupe, Malawi, Mexico le Nigeria, baa lumela hore ho sebelisa puo e ’ngoe tšebeletsong ea tšimo naheng esele ho hloka sebete.
Ing-Mari o re: “Qalong re ne re e-ba le seabo se fokolang, kaha re ne re lula re tsamaea le Lipaki tsa sebakeng seo, ’me ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong, hangata re ne re li tlohella hore e be tsona tse buang. Leha ho le joalo, hoseng ho hong re ile ra etsa qeto ea ho ea tšebeletsong ea tšimo re le bang. Re ile ra tsamaea le hoja mangole a ne a tšerema ’me re otloa ke letsoalo. Re ile ra kopana le mosali e mong e mocha ea ileng a mamela nehelano eo ke e lokiselitseng. Ke ile ka mo balla lengolo ’me ka mo fa lingoliloeng tse itseng. Eaba mosali eo o re: ‘Ak’u mpolelle mona. Ke na le mong ka ’na ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova. ’Na nka khanneloa thuto joang?’ Ke ile ka iphumana ke sa tsebe hore na ke re’ng. Qetellong, ka khoba matšoafo eaba ke mo tšepisa ho mo khannela thuto ea Bibele.”
Ing-Mari o eketsa ka ho re: “Nahana kamoo ke ileng ka thaba le ho leboha Jehova kateng ka lebaka la ho hlohonolofatsa bohato boo re ileng ra bo nka le takatso ea rōna ea ho abela ba bang ’nete.” Mosali enoa o ile a tsoela pele hantle ’me a kolobetsoa hore e be Paki kopanong ea setereke Mexico City. Åke le Ing-Mari ba akaretsa taba tjena ha ba bua ka tšebeletso ea bona: “Re nka likabelo tsa rōna likarolong tse fapaneng tsa mesebetsi ea kaho e le tsa bohlokoa haholo, empa ha ho letho le fetang thabo le khotsofalo tse tlisoang ke ho thusa motho ho amohela ’nete.”
Moea oa Boitelo
Ke ’nete hore baithaopi ba sieang malapa le metsoalle ea bona baa itela hore ba sebeletse barab’abo bona ba linaheng lisele, leha ho le joalo, ba boetse ba fumana thabo e ke keng ea lekanngoa. Ba thabisoa ke’ng?
Howard, ea ileng a sebeletsa Angola, Colombia, Ecuador, El Salvador, Guyana, Mexico le Puerto Rico a e-na le mosali oa hae, Pamela, oa hlalosa: “Ke tokelo e khethehileng ho kopana le bara le barali babo rōna linaheng tse fapa-fapaneng le ho iponela ka borōna tlamo ea lerato e teng mokhatlong oa rōna oa bara ba motho oa machaba. Hangata re bala ka eona, empa ha u lula le batho ba bang ba tsoang litsong le limelong tse fapaneng ebile u sebetsa le bona, u ananela mokhatlo oa rōna o babatsehang oa bara ba motho haholoanyane.”
Gary, ea ileng a thusa mererong ea kaho Colombia, Costa Rica, Ecuador, Mexico le Zambia, le eena o na le maikutlo a hore lenaneo lena le ile la mo tsoela molemo haholo. O re: “Koetliso eo ke e fumaneng ka lilemo ka ho kopana le barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba sebeletsang makaleng a linaha tseo ke ’nileng ka abeloa ho tsona e ntlhomeletse hamolemonyana bakeng sa liphephetso tse likabelong tsa ka. E bile ho matlafatsang tumelo hobane ho fana ka monyetla oa ho thabela bonngoe bo khethollang mokhatlo oa Jehova lefatšeng ka bophara—e leng bonngoe bo hlōlang ho fapana ha lipuo, merabe kapa litso.”
Khabareng, mosebetsi oa kaho Mexico o ile oa phethoa, ’me mehaho e atolositsoeng ea lekala e ile ea neheloa selemong sena. Ba susumetsoa ke ho rata Molimo, bahlanka le baithaopi ba sebeletsang linaheng tse ling ba ile ba tšehetsa katoloso ea borapeli bo hloekileng haholo Mexico le libakeng tse ling. Moea oa bona oa boithaopo le oa boitelo ha ba sebeletsa barab’abo bona ba Bakreste ba linaheng tse ling o ananeloa haholo ke Lipaki Tsa Jehova ho pota lefatše.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ecuador
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Colombia
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Angola
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Mosebetsi oa ho haha mehaho e mecha ea lekala la Mexico oa qala
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Serapa se lekaleng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka tlaase: Tse ling tsa litho tsa Lefapha la Kaho ka pel’a karolo e ’ngoe ea mehaho e mecha
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Baithaopi ba sebetsang kahong ba thabela ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela o etsoang liphuthehong tseo ba kopanelang ho tsona