Lerato ke la Bohlokoahali
HO SA tsotellehe lilemo, setso, puo kapa morabe, batho bohle ba lakatsa ho ratoa. Haeba ba sa ratoe, ha ba thabe. Mofuputsi e mong ho tsa bongaka o ile a ngola, a re: “Lerato le ho ba le kamano e haufi-ufi le ba bang li ka etsa hore re kule kapa re phele hantle, tsa etsa hore re hloname kapa re thabe, tsa etsa hore re utloe bohloko kapa re fole. Haeba ho ne ho ka fumanoa setlhare se secha se khonang ho etsa sena, ka sebele lingaka tse ngata naheng ena li ne ka buella hore bakuli ba tsona ba se sebelise. Ho se fe bakuli setlhare sena e ne e tla ba ho se tsotelle.”
Leha ho le joalo, batho ba kajeno, haholo-holo mecha ea bona ea litaba le likhalala tse nkoang hore li beha mohlala, hangata ba buella haholo leruo, matla, botumo le ho kopanela liphate ho e-na le ho buella hore batho ba hloka ho ba likamanong tse mofuthu, tse nang le lerato. Barupeli ba bangata ba phehella batho hore ba hahamalle lipakane le thuto ea lefatše, ba bolela hore ha ho thoe motho o atlehile, ke ha a finyeletse lintho tsena. Ha ho pelaelo hore thuto le ho chorisa ha motho litalenta tsa hae ke lintho tsa bohlokoa, empa na li lokela ho lelekisoa ka matla hoo motho a seng a se na nako ea ho ba le litho tsa lelapa le metsoalle? Mongoli oa boholo-holo ea rutehileng ea neng a le seli ka mekhoa ea batho, o ile a tšoantša motho ea nang le talenta empa a se na lerato le “sekotoana sa brase se lumang kapa cymbala e otlanngoang.” (1 Bakorinthe 13:1) Batho ba joalo ba ka ’na ba rua, esita le ho tuma, empa ha ho mohla ba thabang e le kannete.
Jesu Kreste, ea neng a utloisisa batho ka botebo a bile a ba rata ka ho khethehileng, o ile a bolela hore ho rata Molimo le moahelani ke tsona lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa thutong ea hae. O ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle. . . . U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:37-39) Ke feela ba neng ba latela mantsoe ana bao kannete e neng e ka ba balateli ba Jesu. Kahoo, o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
Leha ho le joalo, motho a ka etsa’ng hore a be le lerato lefatšeng la kajeno? Hona batsoali ba ka ruta bana ba bona lerato joang? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Ho thata ho ba le lerato lefatšeng le laoloang ke meharo