Bolumeli bo le Bong ba ’Nete ba Bokreste ke Ntho ea Sebele
JESU KRESTE o ile a theha kereke e le ’ngoe feela kapa phutheho. Phutheho eo e ne e le sehlopha sa moea, lelapa la moea. Ka ho rialo, re bolela hore e ne e le batho ba khobokantsoeng ke moea o halalelang oa Molimo—kaofela ha bona Molimo o ne a ba nka e le “bana” ba hae.—Baroma 8:16, 17; Bagalata 3:26.
Jesu o ile a ruta hore Molimo o sebelisa tsela e le ’ngoe feela ho tataisetsa batho ’neteng le bophelong. Ha a hlakisa ’nete ena ea bohlokoa, Jesu o ile a bapisa tsela e eang bophelong bo sa feleng le tsela ea maoto. O ile a re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”—Matheu 7:13, 14; Johanne 14:6; Liketso 4:11, 12.
Phutheho e Momahaneng
The New Dictionary of Theology e re ha rea lokela ho nahana ka phutheho ea lekholong la pele la lilemo e le “mokhatlo oa lefatše lohle, o fumanehang hohle le o hlophisitsoeng joaloka se boleloang mehleng ena ha ho buuoa ka kereke e k’hatholike.” Hobane’ng? E re: “Lebaka la sena le bonolo, ke hore mokhatlo o joalo o hlophisitsoeng, o fumanehang lefatšeng lohle ha oa ka oa e-ba teng.”
Ha ho motho eo ka nepo a ka hanyetsang taba ea hore phutheho ea pele ea Bokreste e ne e sa tšoane ka tsela leha e le efe le litsamaiso tse thata-thata tsa likereke tseo re li bonang kajeno. Empa e ne e hlophisehile. Phutheho ka ’ngoe e ne e sa iketsetse borata. Kaofela li ne li ela hloko matla a sehlopha se busang se neng se le Jerusalema. Sehlopha seo—se neng se entsoe ka baapostola le banna ba baholo ba phutheho ea Jerusalema—se ne se thusa ho boloka phutheho e momahane e bile e e-na le khotso, e le “’mele o le mong” oa Kreste.—Baefese 4:4, 11-16; Liketso 15:22-31; 16:4, 5.
Ho etsahetse’ng ka phutheho eo e le ’ngoe ea ’nete? Na e ile ea e-ba Kereke e matla e K’hatholike? Na e ile ea fetoha tsamaiso ea lihlopha tsa kereke ea Boprostanta tse tsekolohaneng tseo re li bonang kajeno? Kapa na ho na le se seng se etsahetseng?
“Koro” le “Mofoka”
Hore re fumane likarabo, a re ke re hlahlobeng ka hloko seo Jesu Kreste ka boeena a itseng se ne se tla etsahala. U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore Jesu o ne a lebeletse hore phutheho ea hae e ne e tla pupetsoa hoo e neng e ke ke ea lemohuoa le hore o ne a tla lumella boemo bo joalo bo utloisang bohloko ho tsoela pele ka lilemo tse makholo-kholo.
Ha a ne a tšoantša phutheho ea hae le “’muso oa maholimo,” o ile a re: “’Muso oa maholimo o joaloka motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong ea hae. Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla ’me sa jalella mofoka har’a koro, ’me sa tloha. Ha lekhasi le hlaha ’me le hlahisa litholoana, joale le mofoka oa bonahala. Kahoo makhoba a mong’a ntlo a tla ’me a re ho eena, ‘Monghali, na ha ua ka ua jala peō e ntle tšimong ea hao? Joale, ho tla joang hore ebe e na le mofoka?’ A re ho ’ona, ‘Sera, motho, se ile sa etsa sena.’ A re ho eena, ‘Joale, na u batla hore re ee ’me re o bokelle?’ A re, ‘Che; esere ha le ntse le bokella mofoka, la tšoha le o fotholella le koro. Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa; ’me ka nako ea kotulo ke tla bolella bakotuli, Pele bokellang mofoka ’me le o tlame mangata hore o chesoe, joale le e’o bokellela koro ka tlung ea ka ea polokelo.’”—Matheu 13:24-30.
Jesu o ile a hlalosa hore e ne e le “mojali.” “Peō e ntle” e ne e tšoantšetsa barutuoa ba hae ba ’nete. “Sera” sa hae e ne e le Satane Diabolose. “Mofoka” e ne e le Bakreste ba bohata ba ileng ba nyenyelepela ka phuthehong ea pele ea Bokreste. O itse o ne a tla tlohela “koro” le “mofoka” ho hōla hammoho ho fihlela nakong ea “ha ho kotuloa,” e neng e tla tla “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 13:37-43) See sohle se ne se bolela’ng?
Phutheho ea Bokreste ea Silafatsoa
Hang ka mor’a lefu la baapostola, mesuoe ea bakoenehi ho tsoa ka phuthehong e ile ea qala ho etella phutheho pele. E ile ea bua ‘lintho tse sothehileng hore e ikhulele barutuoa ka mor’a eona.’ (Liketso 20:29, 30) Ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ile ba “oa tumelong.” Ba ile ba “khelosetsoa lipaleng tsa bohata.”—1 Timothea 4:1-3; 2 Timothea 4:3, 4.
The New Dictionary of Theology e re lekholong la bone la lilemo C.E., “Bokreste ba K’hatholike e ne e se e le bolumeli . . . bo laolang ’Musong oa Roma.” “Kereke le sechaba li ile tsa ipōpa ngatana-’ngoe”—e leng ho kopana ha Kereke le ’Muso ho bileng khahlanong le litumelo tsa Bakreste ba pele ka ho feletseng. (Johanne 17:16; Jakobo 4:4) Mohloli oona oo o re ka nako eo, moralo oohle le sebōpeho sa kereke, ho akarelletsa le litumelo tse ngata tsa motheo, o ile oa fetoha “ka lebaka la ho kopanngoa ho sa tloaelehang le ho fosahetseng ka ho feletseng ha T[estamente] ea K[hale] le lithuto tse ntlafalitsoeng tsa Plato.” Joalokaha Jesu Kreste a ile a bolela esale pele, barutuoa ba hae ba ’nete ba ile ba pupetsoa ke Bakreste ba bohata ba neng ba ata ka potlako.
Bamameli ba Jesu ba ne ba tseba kamoo ho leng thata kateng ho hloaea koro ho mofoka, joaloka mofoka o chefo o bitsoang darnel, oo nakong ea selemo o tšoanang le koro haholo. Kahoo Jesu o ne a bontša hore ka nakoana, ho ne ho tla ba thata ho khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata. Sena ha se bolele hore phutheho ea Bokreste e ile ea fela tu! kaha Jesu o ile a tšepisa ho tsoela pele a tataisa barab’abo ba moea “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) Jesu o ile a re koro e ne e tla tsoela pele ho hōla. Ho ntse ho le joalo, nakong ena eohle, Bakreste ba ’nete—e le batho ka bomong kapa e le lihlopha—ba ’nile ba etsa sohle se matleng a bona ho khomarela lithuto tsa Kreste. Empa ha e-ea ka ea hlola e sa ba sehlopha kapa mokhatlo o bonahalang ka ho hlakileng haholoanyane, o totobetseng. Ho hang ba ne ba sa tšoane le tsamaiso ea bolumeli ba bokoenehi bo ’nileng ba bonahala ka ho hlaka, boo ho theosa le histori bo ’nileng ba etsa hore lebitso la Jesu Kreste le rohakoe le be le hlompholloe.—2 Petrose 2:1, 2.
‘Motho ea sa Eeng ka Molao oa Senoleha’
Moapostola Pauluse o ile a bolela ntho e ’ngoe esale pele e neng e tla etsa hore tsamaiso ea bolumeli ba bohata e bonahale. O ile a ngola tjena: “Ho se ke ha e-ba le ea mong ea le ekang ka mokhoa leha e le ofe, hobane [letsatsi la Jehova] le ke ke la tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele ’me motho ea sa eeng ka molao a senolehe.” (2 Bathesalonika 2:2-4) “Motho [enoa] ea sa eeng ka molao” e ne e ka ba mang haese sehlopha sa baruti se ileng sa iphahamisetsa boemong ba ho busa phutheho ea “Bokreste”!a
Bokoenehi bo qalile mehleng ea moapostola Pauluse. Bo ile ba rōpōha ka potlako hang hoba baapostola ba shoe ’me tšusumetso ea bona e neng e bo thibela e fele. Pauluse o ile a re bo ne bo tla bonahala “ka tšebetso ea Satane ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano le ka thetso e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang.” (2 Bathesalonika 2:6-12) Tlhaloso eo ea tla ka ea opa khomo lenaka ha e hlalosa liketso tsa baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba bileng teng ho theosa le histori!
Ha ba tšetleha mabaka a hore Roma e K’hatholike ke eona kereke e le ’ngoe ea ’nete, baeta-pele ba K’hatholike ba re babishopo ba bona ba “fumane lefa lena la boapostola ho baapostola ba pele ka ho hlahlamana ha bona ho tloha qalong ea Bokreste.” ’Nete ke hore, lebaka lena la tlhahlamano ea baapostola ha le na motheo oa histori kapa oa Mangolo. Ha ho na bopaki bo ka tšeptjoang ba hore tsamaiso ea kereke e ileng ea hlaha ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu e kile ea tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo.—Baroma 8:9; Bagalata 5:19-21.
Joale ho thoe’ng ka likereke tse ling tse ileng tsa thehoa ka mor’a se bitsoang Phetoho e Khōlō ea Bolumeli? Na li ile tsa khutlela mehlaleng ea phutheho ea pele ea Bokreste? Na li ile tsa khutlela bohloeking ba phutheho ea pele ea Bokreste? Ke ’nete hore ka mor’a Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, batho ba bangata ba tloaelehileng ba ile ba iphumanela Bibele ka lipuo tsa bona. Leha ho le joalo, histori e bontša hore likereke tsena li tsoetse pele ho ruta lithuto tse fosahetseng.b—Matheu 15:7-9.
Leha ho le joalo, hlokomela sena. Ka ho hlakileng Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore phutheho ea hae ea ’nete e ne e tla tsosolosoa nakong eo a itseng ke qetello ea tsamaiso ea lintho. (Matheu 13:30, 39) Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore hona joale re phela nakong eo. (Matheu 24:3-35) Ka lebaka leo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Ke efe kereke eo e le ’ngoe ea ’nete?’ E ne e lokela ho bonahala ka ho hlakileng haholoanyane.
Mohlomong u nahana hore u se u fumane kereke kapa phutheho eo. Ke habohlokoa hore u kholisehe ka hona. Hobane’ng? Hobane joaloka lekholong la pele la lilemo, ho lokela hore ho be ho e-na le kereke e le ’ngoe feela ea ’nete. Na u ile ua ipha nako ea hore u ikholise hore na ebe kereke eo u e kenang e iphaphatha le tsela eo phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ileng ea tsamaea ka eona, le hore na ebe ka botšepehi e khomarela lithuto tsa Jesu Kreste? Ke hobane’ng ha u sa e hlahlobe hona joale? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho etsa joalo.—Liketso 17:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tlhaloso ea “motho ea sa eeng ka molao” Molula-Qhooeng oa February 1, 1990, leqepheng la 10-14.
b Bona khaolo e reng “Phetoho e Khōlō ea Bolumeli—Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha” bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 306-28; e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Papiso ea Jesu ea koro le mofoka e re ruta’ng ka phutheho ea ’nete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Na kereke eo u e kenang e bolela le ho ithuta ka tsela eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba etsa ka eona?