Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 9/1 maq. 30-31
  • Na U Nka Balumeli-’moho le Uena ba Hōlileng e le ba Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Nka Balumeli-’moho le Uena ba Hōlileng e le ba Bohlokoa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Nka Motsoalle oa Hae ea Hōlileng e le oa Bohlokoa
  • ‘Joaloka Bo-ntate le Bo-’mè’
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 9/1 maq. 30-31

Na U Nka Balumeli-’moho le Uena ba Hōlileng e le ba Bohlokoa?

HA SECHABA sa Iseraele ea boholo-holo se ne se le kamanong ea selekane le Molimo, se ile sa fuoa taelo e reng: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng, ’me u tšabe Molimo oa hao.” (Levitike 19:32) Kahoo, ho hlompha ba hōlileng e ne e le tšebeletso e halalelang, ho ne ho amana le ho ikokobelletsa Molimo. Le hoja kajeno Bakreste ba se ba se tlas’a Molao oa Moshe, Molao oo o re hopotsa hore Jehova o nka ba hōlileng ba mo sebeletsang e le ba bohlokoa ba bile ba le molemo. (Liproverbia 16:31; Baheberu 7:18) Na re ba talima ka tsela e tšoanang le eo Jehova a ba talimang ka eona? Na re nka bara le barali babo rōna ba hōlileng ba Bakreste e le ba bohlokoa?

O Ile a Nka Motsoalle oa Hae ea Hōlileng e le oa Bohlokoa

Tlaleho e ’ngoe ea Bibele e buang ka taba ea ho bontša tlhompho ho ba hōlileng e fumanoa bukeng ea Marena a Bobeli. E hlalosa kamoo moprofeta Elia a ileng a hlahlangoa ke moprofeta Elisha e monyenyane kateng. Nahana ka se ileng sa etsahala letsatsing la ho qetela Elia e le moprofeta ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome.

Letsatsing leo, Jehova o ile a laela moprofeta enoa ea hōlileng hore a tlohe Gilgale a ee Bethele, a tlohe Bethele a ee Jeriko, ’me a tlohe Jeriko a ee Nōkeng ea Jordane. (2 Marena 2:1, 2, 4, 6) Leetong leo la lik’hilomithara tse ka bang 50, ka makhetlo a mararo Elia o ile a phehella Elisha hore a khaotse ho mo latela. Leha ho le joalo, feela joalokaha lilemong tse makholo tse fetileng Ruthe a ne a ile a hana ka tieo ho tlohela Naomi, le Elisha o ile a hana ho tlohela moprofeta eo ea hōlileng. (Ruthe 1:16, 17) Ka makhetlo a mararo Elisha o ile a re: “Ka Jehova ea phelang le ka moea oa hao o phelang, nke ke ka u tlohela.” (2 Marena 2:2, 4, 6) Ka nako eo, Elisha o ne a se a thusitse Elia ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Leha ho le joalo, o ne a lakatsa ho sebeletsa le Elia ka nako e telele kamoo ho neng ho ka khoneha. Ha e le hantle, tlaleho e phaella ka ho re: “Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! . . . Elia a nyolohela maholimong.” (Temana ea 11) Elia le Elisha ba ne ba ntse ba qoqa ho fihlela motsotsong oa ho qetela oa tšebeletso ea Elia a le Iseraele. Ho totobetse hore moprofeta eo e monyenyane o ne a labalabela ho fumana thuto le khothatso e ngata eo a neng a ka e fumana ho moprofeta eo ea hōlileng ea nang le phihlelo e eketsehileng. Ho hlakile hore o ne a nka motsoalle oa hae ea hōlileng e le oa bohlokoa.

‘Joaloka Bo-ntate le Bo-’mè’

Ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Elisha a ne a rata moprofeta eo ea hōlileng joaloka motsoalle oa hae—esita le joaloka ntate oa hae oa moea. (2 Marena 2:12) Nakoana pele Elia a qeta kabelo ea hae a le Iseraele, o ile a re ho Elisha: “Kōpa seo nka u etsetsang sona pele ke tlosoa ho uena.” (Temana ea 9) Kahoo, ho isa qetellong, Elia o ne a amehile ka boemo bo botle ba moea ba mohlahlami oa hae le ka ho ntšetsoa pele ha mosebetsi oa Molimo.

Kajeno, hoa thabisa ho bona kameho e tšoanang e kang ea ntate le ea ’mè e bontšoang ke bara le barali babo rōna ba hōlileng ba Bakreste ha ka bolokolohi ba ntse ba arolela ba bacha tsebo le bohlale ba bona. Ka mohlala, baithaopi ba sebelelitseng liofising tsa lekala tsa Lipaki Tsa Jehova ka nako e telele, ka ho rata ba thusa litho tse ncha tsa lelapa la Bethele hore li fumane tsebo eo li e hlokang ho phetha tšebeletso ea tsona. Ka ho tšoanang, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba ’nileng ba etela liphutheho ka lilemo tse ngata, ba thabela hore phihlelo ea bona e ngata ba e arolele ba ntseng ba koetlisetsoa ho ba basebeletsi ba tsamaeang. Ho feta moo, liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara, ho na le bara le barali babo rōna ba hōlileng ba ’nileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome le ba thabelang ho arolela litho tse ncha tsa phutheho bohlale ba bona bo sebetsang le phihlelo ea bona.—Liproverbia 2:7; Bafilipi 3:17; Tite 2:3-5.

Kameho e tsoang pelong e bontšoang ke Bakreste bana ba hōlileng ba ratehang e etsa hore ka sebele re thabele ho hlompha ba joalo ba hōlileng. Kahoo, re lokela ho etsisa mohlala oa Elisha ka ho ananela ka botebo balumeli-’moho le rōna ba hōlileng. Joalokaha moapostola Pauluse a re hopotsa, a re tsoeleng pele ho tšoara “monna e moholo . . . joaloka ntate” le “basali ba baholo joaloka bo-’mè.” (1 Timothea 5:1, 2) Ka ho etsa joalo, re tlatsetsa haholo ho etseng hore phutheho ea Bokreste lefatšeng ka bophara e sebetse hantle ’me e tsoele pele.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Elisha o ne a labalabela ho sebeletsa le Elia ka nako e telele kamoo ho neng ho ka khoneha

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ba bacha ba rua molemo o moholo ho Bakreste ba hōlileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela