Meqoqo e Likolohang Linthong Tsa Moea ea Haha
“Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.”—BAEFESE 4:29.
1, 2. (a) Puo ea batho e bohlokoa hakae? (b) Bahlanka ba Jehova ba lakatsa ho sebelisa maleme a bona joang?
“PUO ea batho ke sephiri; ke mpho e tsoang ho Molimo, ke mohlolo.” Ke kamoo Ludwig Koehler, e leng mongoli oa buka e hlalosang mantsoe a ngotseng kateng. Mohlomong re nka mpho ena ea bohlokoa ea Molimo habobebe. (Jakobo 1:17) Empa nahana kamoo letlotlo lena le leholo le lahlehang kateng ha motho ea ratoang a otloa ke stroke ’me a se a sa khone ho bua ka mokhoa o hlakileng. Joan, eo monna oa hae a sa tsoa otloa ke stroke o re: “Re ne re qoqa hamonate ’me seo se ne se etsa hore re atamelane haholo. Ke hloloheloa meqoqo ea rōna haholo!”
2 Meqoqo e ka tiisa botsoalle, ea rarolla ho se utloisisane, ea khothatsa ba sithabetseng, ea tiisa tumelo le ho ntlafatsa bophelo—empa sena ha se itlele feela. Morena Solomone ea bohlale o ile a hlokomela sena: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Joaloka bahlanka ba Jehova, re batla hore meqoqo ea rōna e folise e be e hahe ho e-na le ho utloisa bohloko le ho nyahamisa ba bang. Re boetse re lakatsa ho rorisa Jehova ka maleme a rōna ha re le tšebeletsong ea phatlalatsa le ha re qoqa le ba bang boinotšing. Mopesaleme o ile a bina a re: “Re tla fana ka thoriso ho Molimo letsatsi lohle, re tla roka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 44:8.
3, 4. (a) Ke bothata bofe boo kaofela ha rōna re tobaneng le bona tabeng ea meqoqo ea rōna? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore na re qoqa ka eng?
3 Morutuoa Jakobo oa lemosa o re: “Leleme, ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang.” Oa re hopotsa o re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2, 8) Ha ho le ea mong ho rōna ea phethahetseng. Ka lebaka leo, ho sa tsotellehe boikemisetso ba rōna bo botle, hase kamehla meqoqo ea rōna e hahang ba bang kapa e tlisetsang ’Mōpi oa rōna thoriso. Ka hona, re lokela ho ithuta ho ela hloko seo re se buang. Ho feta moo, Jesu o ile a re: “Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla ikarabella malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo; kaha ka mantsoe a hao ho tla boleloa hore u lokile, ’me ka mantsoe a hao u tla nyatsuoa.” (Matheu 12:36, 37) E, Molimo oa ’nete o re nka re ikarabella ka mantsoe a rōna.
4 E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa ea ho qoba lipuo tse kotsi ke ho itloaetsa ho bua ka lintho tsa moea. Sehlooho sena se tla tšohla hore na re ka etsa seo joang, hore na ke lintho life tseo re ka buang ka tsona le melemo eo re ka e fumanang meqoqong e hahang.
Ela Hloko se ka Pelong ea Hao
5. Pelo e phetha karolo efe ea bohlokoa hore ho be le meqoqo e hahang?
5 Ha re ntse re itloaetsa ho bua lintho tse hahang, pele re lokela ho lemoha hore seo re se buang se senola se ka lipelong tsa rōna. Jesu o itse: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Ka mantsoe a mang, re rata ho bua ka lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Ka hona, re lokela ho ipotsa: ‘Meqoqo ea ka e senola hore pelo ea ka e joang? Ha ke e-na le litho tsa lelapa kapa balumeli-’moho le ’na, na moqoqo oa ka o likoloha linthong tsa moea kapa na kamehla o likoloha lipapaling, liaparong, libaesekopong, lijong, linthong tseo ke sa tsoa li reka, kapa linthong tse ling tseo e seng tsa bohlokoa?’ Mohlomong re sa hlokomele, bophelo ba rōna le menahano ea rōna e se e likoloha linthong tseo e seng tsa bohlokoa bo bokaalo. Ho fetola pono ea rōna ka lintho tse tlang pele bophelong ho tla ntlafatsa meqoqo ea rōna esita le bophelo ba rōna.—Bafilipi 1:10.
6. Ho thuisa ho phetha karolo efe meqoqong ea rōna?
6 Tsela e ’ngoe ea ho ntlafatsa boleng ba seo re se buang ke ka ho thuisa ka mokhoa o nang le morero. Haeba ka boikemisetso re etsa boiteko ba ho nahana ka lintho tsa moea, moqoqo o likolohang linthong tsa moea o itlela habonolo. Morena Davida o ile a hlokomela sena. O ile a bina a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova.” (Pesaleme ea 19:14) ’Me mopesaleme Asafe o ile a re: “Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao [Molimo], ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Pesaleme ea 77:12) Ho tla itlela habonolo hore pelo le kelello tse amehileng ka botebo ka linnete tsa Lentsoe la Molimo li khaphatsehe mantsoe a lokeloang ke thoriso. Jeremia o ne a sitoa ho ithiba ho bua ka lintho tseo Jehova a neng a mo rutile tsona. (Jeremia 20:9) Le ho rōna ho tla ba joalo haeba kamehla re nahanisisa ka lintho tsa moea.—1 Timothea 4:15.
7, 8. Ke litaba life tse molemo bakeng sa meqoqo e hahang?
7 Ho ba le kemiso e ntle ea lintho tsa moea ho re fa litaba tse ngata tseo re ka buang ka tsona meqoqong e hahang. (Bafilipi 3:16) Likopano tse khōlō le tse nyenyane, liboka tsa phutheho, lingoliloeng tsa morao-rao le temana ea letsatsi le litlhaloso tse ngotsoeng, kaofela li re fa matlotlo a moea ao re ka a arolelang ba bang. (Matheu 13:52) ’Me liphihlelo tsa tšebeletso ea rōna ea Bokreste li ka susumetsa hakaakang moeeng!
8 Morena Solomone o ile a hlolloa ke mefuta e mengata-ngata ea lifate, liphoofolo, linonyana le litlhapi tseo a neng a li bona Iseraele. (1 Marena 4:33) O ile a thabisoa ke ho bua ka mesebetsi ea Molimo ea pōpo. Le rōna re ka etsa se tšoanang. Bahlanka ba Jehova ba thabela ho bua ka litaba tse fapa-fapaneng, empa kamehla litaba tsa moea li natefisa meqoqo ea batho ba ratang lintho tsa moea.—1 Bakorinthe 2:13.
“Le Tsoele Pele ho Nahana ka Lintho Tsena”
9. Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e fa Bafilipi?
9 Ho sa tsotellehe litaba tseo re buang ka tsona, meqoqo ea rōna e tla haha ba bang haeba e lumellana le keletso ea moapostola Pauluse e eang phuthehong ea Filipi. O ile a ngola a re: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Lintho tseo Pauluse a buang ka tsona mona ke tsa bohlokoa haholo hoo a reng “le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” Re lokela ho tlatsa lipelo le likelello tsa rōna ka tsona. Kahoo, a re boneng kamoo ho ela hloko lintho tsena tse robeli ka bonngoe tse boletsoeng ke Pauluse ho ka re thusang meqoqong ea rōna.
10. Meqoqo ea rōna e ka akarelletsa lintho tsa ’nete joang?
10 Lintho tsa ’nete ha li akarelletse feela boitsebiso bo nepahetseng le boo e seng ba leshano. Li bolela lintho tse lokileng le tse tšepahalang, tse joaloka ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ka hona, ha re bua le ba bang ka linnete tsa Bibele tse ileng tsa re khahla, lipuo tse ileng tsa re imolla, kapa keletso ea Mangolo e ileng ea re thusa, re nahana ka lintho tsa ’nete. Ka lehlakoreng le leng, re hana “seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo,’” se bonahalang eka ke ’nete. (1 Timothea 6:20) Ebile re qoba ho fetisa litšebo le liphihlelo tse belaetsang tseo ho ke keng ha tiisoa bonnete ba tsona.
11. Ke lintho life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo tseo re ka li akarelletsang meqoqong ea rōna?
11 Lintho tseo ho amehoang ka tsona ka botebo ke litaba tse hlomphehang le tsa bohlokoa, eseng tse sa reng letho. Li akarelletsa lintho tsa bohlokoa tse amanang le tšebeletso ea rōna ea Bokreste, linako tse mahlonoko tseo re phelang ho tsona le tlhokahalo ea hore re lule re itšoere hantle. Ha re qoqa ka lintho tse joalo tse tebileng, re matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re falimehile moeeng, ho lula re tšepahala le ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo. Ka sebele, liphihlelo tse thahasellisang tšebeletsong ea rōna le liketsahalo tsa morao-rao tse re hopotsang hore re phela matsatsing a ho qetela li re fa litaba tse sa tšoaneng bakeng sa meqoqo e susumetsang.—Liketso 14:27; 2 Timothea 3:1-5.
12. Ka lebaka la keletso ea Pauluse ea hore ho nahanoe ka lintho tse lokileng le tse hloekileng, re lokela ho qoba eng?
12 Poleloana e reng ho loka e bolela ho ba ea lokileng ka pel’a Molimo—e leng ho phela ka litekanyetso tsa hae. Ho hloeka ho fetisa maikutlo a ho hloeka monahanong le boitšoarong. Ho etselletsa, mesoaso e mebe, kapa ho bua ka mokhoa o sa tobang ka ho kopanela liphate ha hoa lokela meqoqong ea rōna. (Baefese 5:3; Bakolose 3:8) Ka bohlale Bakreste baa tloha ha meqoqo e qala ho sekamela linthong tse joalo mosebetsing kapa sekolong.
13. Fana ka mehlala ea meqoqo e likolohang linthong tse ratehang le tse buuoang hantle.
13 Ha Pauluse a buella ho nahana ka lintho tse ratehang, o bua ka lintho tse thabisang le tse loketseng kapa tse etsang hore ho be le lerato, ho e-na le tse tsosang lehloeo, bohale kapa liqabang. Lintho tse buuoang hantle ke boitsebiso bo hlomphehang kapa tlaleho e ntle. Litlaleho tse joalo tse ntle li ka akarelletsa lipale tsa bophelo tsa bara le barali babo rōna ba tšepahalang, tse hlahang kamehla limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke hobane’ng ha u sa bolelle ba bang seo u se balileng lihloohong tsee tse matlafatsang tumelo? ’Me ho khothatsa hakaakang ho utloa lintho tsa moea tseo ba bang ba li finyeletseng! Meqoqo e joalo e tla haha lerato le bonngoe ka phuthehong.
14. (a) Ho bontša bokhabane ho re hloka hore re etse’ng? (b) Moqoqo oa rōna o ka akarelletsa lintho tse lokeloang ke thoriso joang?
14 Pauluse o bua ka “bokhabane bofe kapa bofe.” Bokhabane ke molemo kapa boitšoaro bo khabane. Re lokela ho ba hlokolosi hore melomo ea rōna e tataisoe ke melao-motheo ea Mangolo le hore e se ke ea kheloha ho se lokileng, se hloekileng le se khabane. Ntho e lokeloang ke thoriso ke ntho “e babatsoang.” Haeba u utloa puo e monate kapa u hlokomela mohlala oa motho ea tšepahalang ka phuthehong, bua ka seo—ho motho eo le ho ba bang. Hangata moapostola Pauluse o ne a rorisa litšobotsi tse ntle tsa barapeli-’moho le eena. (Baroma 16:12; Bafilipi 2:19-22; Filemone 4-7) Ho hlakile hore, lintho tseo ’Mōpi oa rōna a li bōpileng, ka sebele li lokeloa ke thoriso. Lintho tseo li re fa litaba tse ngata tseo re ka buang ka tsona meqoqong e hahang.—Liproverbia 6:6-8; 20:12; 26:2.
Qoqa ka Lintho Tse Hahang
15. Ke taelo efe ea Mangolo e tlamang batsoali hore ba be le meqoqo e molemo le bana ba bona?
15 Deuteronoma 6:6, 7 e re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” Ho hlakile hore taelo ena e hloka hore batsoali ba be le meqoqo e molemo ea lintho tsa moea le bana ba bona.
16, 17. Batsoali ba Bakreste ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova le oa Abrahama?
16 Re ka inahanela hore e tlameha ebe Jesu le Ntate oa hae oa leholimo ba ile ba qoqa halelele hakae ha ba ntse ba tšohla kabelo ea hae ea lefatšeng. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Johanne 12:49; Deuteronoma 18:18) E tlameha ebe mopatriareka Abrahama o ile a qeta lihora tse ngata a ntse a bua le mora oa hae Isaka kamoo Jehova a neng a hlohonolofalitse bona hammoho le baholo-holo ba bona kateng. Ka sebele meqoqo eo e ile ea thusa Jesu hammoho le Isaka ho ikokobelletsa thato ea Molimo.—Genese 22:7-9; Matheu 26:39.
17 Bana ba rōna le bona ba hloka meqoqo e hahang. Batsoali ba lokela ho ipha nako kemisong ea bona e maphathaphathe ho buisana le bana ba bona. Haeba ho ka khoneha, ke hobane’ng ha le sa hlophise hore bonyane hang ka letsatsi le je hammoho le le lelapa? Nakong eo le ntseng le e-ja le ka morao ho moo, le tla ba le menyetla ea ho buisana ka lintho tse hahang tseo e ka bang tsa bohlokoa haholo bomoeeng ba lelapa.
18. Pheta phihlelo e bontšang melemo ea puisano e ntle pakeng tsa batsoali le bana.
18 Alejandro, eo e leng pula-maliboho ea ka tlaase ho lilemo li 25 o hopola ka lipelaelo tseo a neng a e-na le tsona ha a le lilemo li 14. O re: “Ka lebaka la tšusumetso ea bana bao ke kenang sekolo le bona le matichere, ke ne ke sa kholiseha hore Molimo o teng le hore Bibele ke ’nete. Batsoali ba ka ba ile ba qeta lihora tse ngata ba mpehela mabaka ba sa fele pelo. Meqoqo ena ha ea ka ea nthusa feela ho felisa lipelaelo tsa ka nakong ena e thata empa hape e ile ea nthusa ho etsa liqeto tse nepahetseng bophelong ba ka.” Boemo ke bofe hona joale? Alejandro o tsoela pele o re: “Ke ntse ke lula heso. Empa kemiso ea rōna e phathahaneng e etsa hore ho be thata hore ’na le Ntate re buisane moo re leng bang. Ka hona hang ka beke bobeli ba rōna re ja hammoho moo a sebetsang teng. Ke rata meqoqo ena haholo.”
19. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re hloka meqoqo ea lintho tsa moea?
19 Na le rōna ha re ananele menyetla ea ho ba le meqoqo e thabisang ea lintho tsa moea le balumeli-’moho le rōna? Menyetla ena e hlaha ha re le libokeng, ha re le tšebeletsong ea tšimo le ha re le ’mokeng ea boithabiso le ha re le leetong. Pauluse o ne a labalabela ho bua le Bakreste ba Roma. O ile a ba ngolla a re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, . . . e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Baroma 1:11, 12) Moholo oa Mokreste ea bitsoang Johannes o re: “Ho qoqa le Bakreste-’moho ka lintho tsa moea ho fana ka ntho ea bohlokoa eo ke e hlokang. Ho thoba pelo ’me ho etsa hore meroalo ea letsatsi le letsatsi e bonahale e le bobebe. Hangata ke botsa ba hōlileng ka lintho tseo ba fetileng ho tsona bophelong le hore na ba thusitsoe ke eng hore ba lule ba tšepahala. Ka lilemo-lemo, ke buisane le ba bangata ’me e mong le e mong oa bona o mphile bohlale bo itseng kapa tsebo e entšitseng bophelo ba ka.”
20. Re ka etsa eng haeba re kopana le motho ea lihlong?
20 Ho thoe’ng haeba motho a bonahala a sa thahaselle ha u hlahisa taba e itseng ea moea? U se ke ua khathala matla. Mohlomong u tla fumana monyetla o mong hamorao. Solomone o ile a re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liproverbia 25:11) Nahanela ba lihlong. “Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.”a (Liproverbia 20:5) Ka holimo ho tsohle, u se ke ua lumella hore mekhoa ea ba bang e u sitise ho bua ka lintho tse u amang pelo.
Ho Qoqa ka Litaba Tsa Moea Hoa Putsa
21, 22. Re rua melemo efe ha re kopanela meqoqong ea lintho tsa moea?
21 Pauluse o ile a eletsa a re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” (Baefese 4:29; Baroma 10:10) Ho ka ’na ha hloka boiteko ho lebisa moqoqo linthong tse hahang, empa melemo ea ho etsa joalo e mengata. Ho qoqa ka lintho tsa moea ho re thusa hore re bolelle ba bang ka tumelo ea rōna le ho matlafatsa botsoalle ba rōna ba bara ba motho.
22 Ka hona, a re sebeliseng mpho ea ho bua bakeng sa ho thusa ba bang le ho rorisa Molimo. Meqoqo e joalo e tla re khotsofatsa e be e khothatse ba bang. Ka holimo ho tsohle, e tla thabisa pelo ea Jehova hobane o mamela meqoqo ea rōna ’me oa thaba ha re sebelisa maleme a rōna ka tsela e nepahetseng. (Pesaleme ea 139:4; Liproverbia 27:11) Ha re qoqa ka lintho tsa moea, re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a re lebala. Ha Bibele e bua ka ba sebeletsang Jehova mehleng ea rōna e re: “Ka nako eo ba tšabang Jehova ba buisana, e mong le e mong le motsoalle oa hae, ’me Jehova a ’na a ela hloko le ho mamela. Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae bakeng sa ba tšabang Jehova le bakeng sa ba nahanang ka lebitso la hae.” (Malakia 3:16; 4:5) Ho bohlokoa hakaakang hore meqoqo ea rōna e be e hahang moeeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liliba tse ling Iseraele li ne li tebile haholo. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba sibolla seliba sa botebo ba limithara tse 25, Gibeone. Se na le litepisi tse neng li nolofalletsa batho ho theohela tlaase ho ea kha metsi.
U ka Araba Joang?
• Meqoqo ea rōna e senola eng ka rōna?
• Ke lintho life tse hahang tseo re ka qoqang ka tsona?
• Meqoqo e phetha karolo efe ea bohlokoa ka lapeng le ka phuthehong ea Bokreste?
• Meqoqo e hahang e tlisa melemo efe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Meqoqo e hahang e likoloha . . .
‘linthong life kapa life tsa ’nete’
‘linthong life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo’
‘nthong efe kapa efe e lokeloang ke thoriso’
‘linthong life kapa life tse buuoang hantle’
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Video cover, Stalin: U.S. Army photo; Creator book cover, Eagle Nebula: J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Linako tsa lijo li fana ka menyetla e babatsehang ea ho qoqa ka lintho tsa moea