Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 10/1 maq. 24-28
  • Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopana le Motho ea Tsoang Naheng e ’Ngoe
  • Liketsahalo Tse Tharo Tse Bohloko
  • Ho Huleloa ’Neteng
  • Mesebetsi e Thabisang ea Lipaki Tsa Jehova
  • Ho Khahloa ke Mokhatlo oa Machaba oa Bara ba Motho
  • Thabo ea ho Sebeletsa le Monna oa Ka
  • Ho Thabela ho Bona Keketseho
  • Bo-pula-maliboho ba Sebelitseng ’Moho Bophelo Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Tlohela Borapeli ba Moemphera ho ea Borapeling ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Re ne re le Khokanyana ea Phiri
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 10/1 maq. 24-28

Pale ea Bophelo

Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng

JOALOKAHA HO BOLETSE ASANO KOSHINO

Ka 1949, lilemo tse seng kae feela ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, motho e mong e molelele, le ea botsoalle, ea tsoang naheng e ’ngoe o ile a etela lelapa leo ke neng ke le sebeletsa Motseng oa Kobe. E ne e le moromuoa oa pele-pele oa Lipaki Tsa Jehova ea ileng a tla Japane. Ketelo ea hae e ile ea mpha monyetla oa ho utloa ’nete ea Bibele. Empa, e-re ke qale ka ho u phetela tsa khōlo ea ka.

KE HLAHETSE motsaneng o mong o ka leboea Seterekeng sa Okayama ka 1926. Ke ne ke le ngoana oa bohlano baneng ba robeli. Ntate e ne e le molumeli ea inehetseng ka ho feletseng ho molimo oa tempele ea moo ea Shinto. Kahoo, selemo kaofela rōna bana re ne re thabela ho keteka liketsahalo tse khethehileng le ho kopana hape re le malapa meketeng ea bolumeli.

Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke e-na le lipotso tse ngata ka bophelo, empa ke ne ke amehile haholo ka lefu. Ho latela moetlo, batho ba ne ba lokela ho shoela malapeng ’me bana ba be teng ha setho sa lelapa se e-shoa. Ke ile ka sareloa haholo ha nkhono a e-shoa le ha khaitseli ea ka e e-shoa pele e qeta selemo. Ke ne ke tšoha haholo ha ke nahana hore batsoali ba ka ba tla shoa. ‘Na ebe lefu ke sohle seo re ka se lebellang? Na ebe ho na le ho hong ho molemonyana bophelong?’ Ke ne ke labalabela ho tseba.

Ka 1937, ha ke le sehlopheng sa botšelela sekolong sa mathomo, Ntoa ea Machaena le Majapane e ile ea qhoma. Banna ba ne ba kenngoa sesoleng ebe ba isoa ntoeng Chaena. Bana ba sekolo ba ne ba lumelisa bo-ntat’a bona le bo-abuti ba bona, ba hooa ba re “banzai!” (re phelele) moemphera. Batho ba ne ba kholisehile hore Japane, sechaba se halalelang, le moemphera oa eona, eo e leng molimo o phelang, e tla hlōla.

Ho e-s’o ee kae, malapa a ile a qala ho amohela lipehi tsa mafu tse tsoang ntoeng. Ba malapa a shoetsoeng ba ne ba sa tšelisehe. Lipelo tsa bona li ne li ntse li tlala lehloeo, ’me ba ne ba thaba ha ba lireng ba lemala le ha ba e-shoa lenyelenyele. Empa ke ne ke boetse ke nahana hore, ‘E tlameha ebe batho ba lireng ba utloa bohloko joaloka rōna ha baratuoa ba bona ba e-shoa.’ Ha ke qeta sekolong sa mathomo, ntoa e ne e ntse e kenella hare Chaena.

Ho Kopana le Motho ea Tsoang Naheng e ’Ngoe

Kaha re ne re phela ka temo, haesale lelapa leso le futsanehile, empa ntate o ile a ntumella hore ke kene sekolo hafeela ke sa lefelle thuto. Kahoo, ka 1941, ke ile ka ea sekolong sa banana Motseng oa Okayama, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100. Morero oa sekolo sena e ne e le ho ruta banana hore e tle e be bo-’mamalapa ba hloahloa, ’me se ne se abela malapa a barui a motse ona liithuti tse tla lula le ’ona e le hore li ithute mosebetsi oa ho hlokomela ntlo, li bile li lefuoa. Hoseng liithuti li ne li ithuta ka ho sebetsa malapeng ana, ebe thapama li ea sekolong.

Ha re se re amohetsoe re bile re hlaloselitsoe ka bophelo ba sekolong, mosuoe oa ka, ea neng a apere kimono, o ile a nkisa ntlong e ’ngoe e khōlō. Empa ka mabaka ao ke sa a tsebeng, ’mè oa moo ha aa ka a nkamohela. Mosuoe o ile a botsa, “Eseng re ee ha Mofumahali Koda?” O ile a nkisa ntlong ea sekhooa eaba o letsa tšepe ea monyako. Ka mor’a nakoana, ho ile ha hlaha ’mè e molelele ea moriri o moputsoa. Ke ile ka makala! E ne e se Lejapane, ’me ke ne ke qala ho bona Lekhooa. Mosuoe oa ka o ile a ntsebisa Mofumahali Maud Koda a ba a tsamaea ka potlako. Ke ile ka kena ka tlung ke kakatetse mekotla ea ka ke bile ke tšohile. Hamorao ke ile ka fumana hore Mofumahali Maud Koda ke Leamerika le nyetsoeng ke monna oa Lejapane ea keneng sekolo United States. Mofumahali eo o ne a ruta Senyesemane likolong tsa khoebo.

Hoseng ho latelang feela ke ile ka qalella ho phela bophelo bo maphathaphathe. Monna oa Mofumahali Koda o ne a e-na le lefu la sethoathoa, ’me ke ne ke lokela ho thusa ho mo hlokomela. Kaha ke ne ke sa tsebe Senyesemane ho hang, ke ne ke sa phutholoha hantle. Ke ile ka ba ka utloa ho re kokololo! ha Mofumahali Koda a mpuisa ka Sejapane. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke ba utloa ba buisana ka Senyesemane, eaba butle-butle litsebe tsa ka li tloaela puo ena. Ke ne ke rata tsela eo lelapa lena le neng le thabile ka eona.

Ke ile ka khahloa ke kamoo Maud a neng a iteletse monna oa hae ea kulang kateng. Monna oa hae o ne a rata ho bala Bibele. Hamorao ke ile ka fumana hore banyalani bana ba ne ba rekile buka ea Sejapane ea The Divine Plan of the Ages lebenkeleng le leng la libuka tsa khale le hore ba ne ba bile le peeletso ea Senyesemane ea Molula-Qhooa ka lilemo tse ngata.

Ka letsatsi le leng ke ile ka fuoa mpho ea Bibele. Ke ile ka thaba hobane ke ne ke qala ho ba le Bibele. Ke ne ke e bala ha ke e-ea sekolong leha ke khutla empa ke sa e utloisise. Kaha ke ne ke hōlisitsoe ke le Moshinto oa Lejapane, ke ne ke sa tsebe letho ka Jesu Kreste. Ke ne ke sa hlokomele hore qetellong sena se ne se tla etsa hore ke amohele ’nete ea Bibele, e neng e tla arabela lipotso tsa ka ka bophelo le lefu.

Liketsahalo Tse Tharo Tse Bohloko

Lilemo tse peli tsa ho ithuta le ho sebetsa li ile tsa fela ka potlako, ’me ke ile ka tlameha ho arohana le lelapa lena. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka kenela mokhatlo oa banana ba baithaopi ’me ka kopanela ho etseng junifomo ea sesole sa metsing. Lifofane tsa Amerika tsa B-29 li ile tsa qala ho liha liqhomane, ’me ka la 6 August, 1945, seqhomane sa athomo se ile sa liheloa Hiroshima. Matsatsi a se makae hamorao, ke ile ka fumana thelekramo e ntsebisang hore ’Mè o kula haholo. Ke ile ka palama terene e eang hae hang-hang. Ha ke theoha tereneng, ke ile ka kopana le mong ka ’na ea ileng a mpolella hore ’Mè o hlokahetse. O hlokahetse ka la 11 August. Ntho eo ka lilemo tse telele ke neng ke ntse ke e tšohile e ne e se e etsahetse! O ne a ke ke a hlola a mpuisa kapa a tšeha le ’na.

Ka la 15 August, ho ile ha totobala hore Japane e hlōtsoe. Kahoo, ke ile ka tlameha ho tobana le liketsahalo tse tharo tse bohloko, tseo kaofela li etsahetseng nakong ea matsatsi a leshome: ho qhoma ha bomo ea pele ea athomo, lefu la ’Mè le ho hlōloa ha Japane hoo e bileng ketsahalo ea bohlokoa historing ea Japane. Bonyane ho ne ho tšelisa ho tseba hore batho ba ke ke ba hlola ba e-shoa ntoeng. Pelo ea ka e ne e le bohloko ha ke tloha mosebetsing, ke khutlela haeso.

Ho Huleloa ’Neteng

Ka letsatsi le leng, ke ile ka fumana lengolo le tsoang Okayama, ho Maud Koda, ke sa lebella. O ne a botsa hore na nka ea mo thusa ka mosebetsi oa lelapa kaha o ne a tla bula sekolo sa Senyesemane. Ke ile ka ipotsa hore na ke etse joang, empa ke ile ka lumela ho ea mo thusa. Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka fallela Kobe le ba ha Koda.

Qalong ea lehlabula ka 1949, monna e mong e molelele le ea botsoalle o ile a etela lelapa la ha Koda. Lebitso la hae e ne e le Donald Haslett, ’me o ne a tsoa Tokyo a tlile Kobe ho tla batlela baromuoa bolulo. E ne e le moromuoa oa pele-pele oa Lipaki Tsa Jehova ea ileng a tla Japane. Ntlo e ile ea fumanoa, ’me ka November 1949, baromuoa ba bangata ba ile ba fihla Kobe. Ka letsatsi le leng, ba bahlano ba ile ba etela lelapa la ha Koda. Ba babeli, e leng Lloyd Barry le Percy Iszlaub, ba ile ba bua ka Senyesemane le ba neng ba tlile mona ka metsotso e ka bang leshome motho ka mong. Baromuoa ba ne ba tseba Maud e le morali’abo bona oa Mokreste ’me ho hlakile hore botsoalle bona bo ile ba mo khothatsa. Ke nakong ena moo ke ileng ka susumelletseha ho ithuta Senyesemane.

Ka thuso ea baromuoa bana ba chesehang, butle-butle ke ile ka utloisisa linnete tsa motheo tsa Bibele. Ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke ipotsitse tsona ho tloha bongoaneng. E, Bibele e tšepisa hore ho tla ba le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise le hore ho tla ba le tsoho ea “bohle ba mabitleng a khopotso.” (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1, 4) Ke ile ka leboha Jehova hore ebe o entse hore ho be le tšepo e joalo ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste.

Mesebetsi e Thabisang ea Lipaki Tsa Jehova

Ho tloha ka la 30 December, 1949, ho fihlela ka la 1 January, 1950, kopano ea pele ea Lipaki Tsa Jehova Japane e ile ea tšoareloa lehaeng la baromuoa Kobe. Ke ile ka ea le Maud. Pele ho moo ntlo ena e khōlō e ne e le ea motho e mong oa Lenazi ’me e ne e shebile botleng Koung ea Leoatle le Sehlekehlekeng sa Awaji. Kaha ke ne ke e-na le tsebo e fokolang haholo ea Bibele, ke ne ke sa utloisise hakaalo se boleloang. Leha ho le joalo, ke ile ka khahloa haholo ke kamoo baromuoa ba neng ba lokolohile kateng har’a Majapane. Bohle ba neng ba le teng puong ea phatlalatsa kopanong ena ba ne ba le 101.

Kapele ka mor’a mona ke ile ka etsa qeto ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ke ile ka lokela ho ba sebete hore ke ee ka ntlo le ntlo hobane ke ne ke le lihlong ka tlhaho. Hoseng ho hong, Mor’eso Lloyd Barry o ile a tla moo re neng re lula teng hore a ee le ’na tšimong. O ile a qala ntlong e pel’a ea Morali’eso Koda. Ke ne ke ipatile ka mor’a hae ha ke ntse ke mametse molaetsa oa hae. Ha ke e-ea tšimong ka lekhetlo la bobeli, ke ile ka sebetsa le baromuoa ba bang ba babeli. Mosali-moholo e mong oa Lejapane o ile a re re kene ka tlung, a mamela, ha re qeta a fa e mong le e mong oa rōna khalase ea lebese. O ile a lumela ho ithuta Bibele ’me qetellong ea e-ba Mokreste ea kolobelitsoeng. Ho ne ho khothatsa ho mo bona a tsoela pele.

Ka April 1951, Mor’abo rōna Nathan H. Knorr, ea tsoang ntlo-khōlō e Brooklyn, o ile a etela Japane ka lekhetlo la pele. Batho ba ka bang 700 ba ile ba tla puong ea phatlalatsa eo a ileng a fana ka eona Holong ea Kyoritsu, Kanda, Tokyo. Sebokeng sena se khethehileng, bohle ba neng ba le teng ba ile ba thabela ho lokolloa ha Molula-Qhooa oa Sejapane. Khoeling e latelang, Mor’abo rōna Knorr o ile a etela Kobe, ’me sebokeng se khethehileng moo, ke ile ka kolobetsoa ho bontša hore ke inehetse ho Jehova.

Hoo e ka bang selemo hamorao, ke ile ka khothalletsoa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. Ka nako ena ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba fokolang feela Japane, ’me ke ne ke ipotsa hore na ke tla iphelisa joang. Hape ke ne ke ipotsa hore na ke tla nyaloa. Empa ke ile ka hlokomela hore ntho ea pele e lokela ho ba ho sebeletsa Jehova, eaba ke kenela bopula-maliboho ka 1952. Ka lehlohonolo ke ile ka khona ho sebetsa mosebetsi o sa nkeng nako eohle ha Morali’eso Koda ha ke ntse ke bula maliboho.

Hoo e ka bang ka nako eo, khaitseli ea ka, eo ke neng ke nahana hore o shoetse ntoeng, o ile a khutlela hae le lelapa la hae ba tsoa Taiwan. Lelapa leso le ne le e-s’o thahaselle Bokreste, empa ka cheseho ea bopula-maliboho, ke ile ka qala ho le romella limakasine le libukana tsa rōna. Ka lebaka la mosebetsi, hamorao khaitseli ea ka o ile a fallela Kobe le lelapa la hae. Ke ile ka botsa ngoetsi eso, “Na u balile limakasine tsela?” Ke ile ka makala ha a re, “Ke limakasine tse monate.” O ile a qala ho ithuta Bibele le e mong oa baromuoa, ’me moena oa ka ea neng a lula le bona o ile a kopanela le eena thutong eo. Ka mor’a nako, ka bobeli e ile ea e-ba Bakreste ba kolobelitsoeng.

Ho Khahloa ke Mokhatlo oa Machaba oa Bara ba Motho

Kapele feela ke ile ka hlolloa ha ke fumana lengolo le ’memelang ho ba karolo ea sehlopha sa bo22 sa Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade. ’Na le Mor’eso Tsutomu Fukase e bile rōna ba pele ba tsoang Japane ba ileng ba memeloa sekolong sena. Ka 1953, pele sehlopha se qala lithuto, re ile ra ba le monyetla oa ho ea Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York. Ke ile ka khahloa haholo ke mokhatlo oa machaba oa bara ba motho oa batho ba Jehova.

Letsatsing la bohlano la kopano, baeti ba tsoang Japane, bao boholo ba bona e neng e le baromuoa, ba ne ba lokela ho apara likimono. Kaha kimono eo ke neng ke e romeletse pele ho kopano e ne e sa fihla ka nako, ke ile ka alima ea Morali’abo rōna Knorr. Ha lenaneo le ntse le tsoela pele pula e ile ea qala ho na, ’me ka tšoenyeha ka hore kimono eo e ka ’na ea koloba. Ka nako eona eo, ka mosa motho e mong o ile a nkapesa jase ea pula a le ka mor’a ka. Morali e mong oabo rōna ea neng a eme pel’a ka o ile a botsa: “Ua tseba hore na ke mang?” Hamorao ke ile ka fumana hore e ne e le Mor’abo rōna Frederick W. Franz, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang. Ke ile ka utloa mofuthu o mokaakang oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova!

Sehlopha sa bo22 sa Gileade e ne e hlile e le sa machaba, se ne se e-na le liithuti tse 120 tse tsoang linaheng tse 37. Le hoja ka linako tse ling ho ne ho le thata ho buisana ka lebaka la lipuo, re ne re thabela ho ba har’a mokhatlo oa machaba oa bara ba motho ka botlalo. Ka letsatsi le leng ka February, 1954, mohla lehloa le neng le khethehile, ke ile ka fuoa lengolo le kabelo ea ho khutlela Japane. Morali’eso Inger Brandt, oa Sweden, eo ke neng ke le sehlopheng se le seng le eena, o ne a tla sebetsa le ’na Motseng oa Nagoya. Re ile ra kopana teng le sehlopha sa baromuoa ba neng ba ntšitsoe Korea ka lebaka la ntoa. Lilemo tse seng kae tseo ke li qetileng tšebeletsong ea boromuoa e bile tsa bohlokoa haholo ho ’na.

Thabo ea ho Sebeletsa le Monna oa Ka

Ka September 1957, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele ea Tokyo. Ofisi ea lekala ea Japane e ne e le ntlo ea lehong ea mekato e ’meli. Lekaleng mono ho ne ho e-na le litho tse ’nè feela, ho akarelletsa le Mor’abo rōna Barry, eo e neng e le molebeli oa lekala. Litho tse ling tsa lelapa e ne e le baromuoa. Mosebetsi oa ka e ne e le ho fetolela le ho lokisa liphoso linthong tse ngotsoeng, ho hloekisa, ho hlatsoa, ho apeha le lintho tse ling hape.

Kaha mosebetsi o ne o hōla Japane, barab’abo rōna ba eketsehileng ba ile ba memeloa Bethele. E mong oa bona e ile ea e-ba molebeli phuthehong eo ke neng ke kopanela le eona. Ka 1966, ’na le mora eo oabo rōna, e leng Junji Koshino, re ile ra nyalana. Hoba re nyalane, Junji o ile a abeloa ho ba molebeli oa potoloho. Re ne re thabela ho tseba bara le barali babo rōna ba bangata ha re ntse re e-ea liphuthehong tse sa tšoaneng. Kaha ke ne ke filoe mosebetsi o mong oa ho fetolela, ke ne ke o etsetsa lelapeng leo re neng re lula ho lona bekeng eo. Ntle ho lisutuk’heise tsa rōna le mekotlana e meng, re ne re tlameha ho tsamaea re nkile libuka tse boima tse hlalosang mantsoe.

Re ile ra thabela ho ba mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse fetang tse ’nè ’me ra bona ha mokhatlo o hlophisitsoeng o ntse o hōla. Ofisi ea lekala e ile ea fallisetsoa Numazu, ’me lilemo hamorao ea fallisetsoa Ebina, moo mehaho ea lekala e leng teng hona joale. ’Na le Junji re ’nile ra thabela ho sebeletsa Bethele ka nako e telele, ’me hona joale re sebetsa le lelapa la litho tse ka bang 600. Ka May 2002, ka mosa metsoalle ea ka e Bethele e ile ea ketekela lilemo tse 50 tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ho Thabela ho Bona Keketseho

Ha ke qala ho sebeletsa Jehova ka 1950, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba seng bakae feela Japane. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 210 000. Ka sebele batho ba likete ba kang linku ba huletsoe ho Jehova, joalokaha le ’na ke ile ka huleloa ho eena.

Barab’abo rōna ba bane ba baromuoa le morali’abo rōna ba ileng ba re etela ha Morali’abo rōna Koda ka 1949, hammoho le Morali’abo rōna Maud Koda, kaofela ba shoele ba tšepahala. Khaitseli ea ka eo e neng e le mohlanka ea sebeletsang le ngoetsi eso, eo e neng e le pula-maliboho ka lilemo tse 15, le bona ba shoele ba tšepahala. Ebe ho ka lebelloa eng ka bokamoso ba batsoali ba ka, bao ha ke sa le ngoana ke neng ke tšaba hore ba tla shoa? Tšepiso ea Bibele ea tsoho e mpha tšepo le matšeliso.—Liketso 24:15.

Ha ke hetla morao, ke nahana hore bophelo ba ka bo ile ba fetoha ha ke kopana le Maud ka 1941. Hoja ka se ke ka kopana le eena ka nako eo le hoja ka se ke ka lumela ha a re ke e’o mo sebeletsa hape ka mor’a ntoa, mohlomong nka be ke ile ka lula polasing ea heso motseng o ka thōko eaba ha ke kopane le baromuoa nakong eo. Ke leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a nkhulela ’neteng ka Maud le baromuoa bao ba pele!

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Maud Koda le monna oa hae. Ke ’na ea ka pele ka ho le letšehali

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

’Na le baromuoa ba tsoang Japane ha re le Yankee Stadium ka 1953. Ke ’na ea qetellong ka ho le letšehali

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

’Na le monna oa ka Junji, re le Bethele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela