Ho Etsa Liqeto ke Bothata bo ke Keng ba Qojoa
NAPOLEON BONAPARTE, eo e neng e le moemphera oa Fora oa lekholong la bo19 la lilemo, o kile a re: “Ha ho na ntho e thata ho feta ho etsa liqeto, kahoo, ke ntho ea bohlokoa haholo ha motho a khona ho etsa liqeto.” E ka ’na eaba u lumellana le lintlha tse peli tse boletsoeng ka holimo, kaha hangata, batho ba rata ho laola bophelo ba bona. Ho ntse ho le joalo, ba fumane hore ka linako tse ling ho etsa liqeto ho thata haholo.
Ebang ho etsa liqeto ho bonolo kapa ho thata, ho ke ke ha qojoa. Ke ntho eo re lokelang ho e etsa letsatsi le leng le le leng. Hoseng ha re qeta ho tsoha, re lokela ho etsa qeto ea hore na re tla apara eng, re tla ja eng hoseng, le hore na motšehare lintho tse ling tse ngata re tla li etsa joang. Boholo ba liqeto tsena ha se tsa bohlokoa hakaalo. Ke ka seoelo re eeng re li nahanisise hape. Hase kamehla re hlobaetsoang ke hore na re li entse ka bohlale kapa ka booatla.
Ka lehlakoreng le leng, liqeto tse ling li na le liphello tse pharaletseng. Lefatšeng la kajeno bacha ba bangata ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla ithutela mesebetsi efe. Ba ka ’na ba tlameha ho etsa qeto ea hore na ho hlokahala hore ba fumane thuto ea mofuta ofe le hore na e tla ba nka nako e kae. Qetellong boholo ba bona ba tla etsa qeto ea hore na ba kena lenyalong kapa ba tsoela pele e le masoha. Ba khethang ho kena lenyalong ba lokela ho etsa qeto ena: ‘Na ke hōtse ka ho lekaneng ’meleng le kelellong hore nka kena lenyalong? Ke batla molekane oa mofuta ofe, kapa habohlokoa haholoanyane, ho hlokahala ke be le molekane oa mofuta ofe?’ Qeto eo re e etsang ha re khetha molekane e susumetsa bophelo ba rōna ka botebo ho feta liqeto tse ling.
Litabeng tsa bohlokoa haholo, ke habohlokoa ho etsa liqeto ka bohlale, hobane thabo e itšetlehile haholo ka hore re etse joalo. Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba khona ho etsa liqeto tse joalo eaba ba hana ho thusoa. Na ho bohlale ho etsa joalo? A re boneng hore na ho joalo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Napoleon: From the book The Pictorial History of the World