Tsebong ea Lōna le Eketse Boitšoaro
“Tsebong ea lōna le eketse boitšoaro.”—2 PETROSE 1:5-8.
1. Mathata a mangata a batho a bakoa ke ho hlōleha ho etsa eng?
NAKONG ea letšolo le leholo la toantšo ea lithethefatsi, bacha ba United States ba ile ba lemosoa hore ba re: “Che, ha ke li batle.” Ho ne ho ka ba molemo hakaakang haeba motho e mong le e mong a ne a ke ke a hana tšebeliso e mpe ea lithethefatsi feela, empa a hane le ho noa ho tlōla, le boitšoaro bo bobe ba booatla, le mekhoa e bolotsana ea khoebo, hammoho le “litakatso tsa nama”! (Baroma 13:14) Empa ke mang ea ka bolelang hore ho hana lintho tse itseng ho bonolo kamehla?
2. (a) Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore bothata ba ho hana lintho tse itseng ha bo bocha? (b) Mehlala ee e lokela ho re khothalletsa ho etsa eng?
2 Kaha batho bohle ba sa phethahalang ba thatafalloa ke ho itšoara, re lokela ho thahasella ho ithuta kamoo re ka hlōlang mefokolo leha e le efe eo re nang le eona re le motho ka mong. Bibele e re bolella ka batho ba nakong e fetileng ba ileng ba loanela ho sebeletsa Molimo empa ka linako tse ling ba ne ba thatafalloa ke ho hana lintho tse itseng. Hopola Davida le sebe sa hae sa ho feba le Bathe-sheba. Ka lebaka la sona, ho ile ha shoa batho ba neng ba se na molato, e leng ngoana oa bona ea ileng a emoloa ka bofebe le monna oa Bathe-sheba. (2 Samuele 11:1-27; 12:15-18) Kapa nahana ka moapostola Pauluse, ea ileng a ipolela phatlalatsa a re: “Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” (Baroma 7:19) Na le uena ka linako tse ling u ikutloa u nyahame ka tsela e tšoanang? Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka. Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?” (Baroma 7:22-24) Mehlala ea Bibele e lokela ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba hore le ka mohla re se ke ra tela ntoeng ea rōna ea ho bontša boitšoaro haholoanyane.
Boitšoaro, ke Ntho eo re Lokelang ho Ithuta Eona
3. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ke ke ra lebella hore ho bonahatsa boitšoaro e be ntho e bonolo.
3 Boitšoaro, bo akarelletsang ho tseba ho hana lintho tse itseng, ho buuoa ka bona ho 2 Petrose 1:5-7 hammoho le tumelo, bokhabane, tsebo, mamello, boinehelo ba bomolimo, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le lerato. Ha ho le e ’ngoe ea litšobotsi tsena tse ling tse lakatsehang eo re e futsitseng ka ho feletseng. Re tlameha ho sebeletsa ho ba le tsona. E le hore re li bonahatse ka tekanyo e khōlō, ho hlokahala boikemisetso le boiteko. Kahoo na re lokela ho lebella hore ho ba le boitšoaro e be ntho e bonolo?
4. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahana hore ha ba na bothata tabeng ea boitšoaro, empa see se bontša eng?
4 Ke ’nete hore ba bangata ba ka ’na ba nahana hore ha ba na bothata tabeng ea boitšoaro. Bophelong ba iketsetsa borata, ebang baa tseba kapa ha ba tsebe, ba itšoara ho latela tšusumetso ea nama ea bona e sa phethahalang ’me ha ba tsotelle kamoo liketso tsa bona li ba amang kateng le kamoo li amang batho ba bang kateng. (Juda 10) Hona joale, ho bonahala bokhoni le boikemisetso ba ho hana lintho tse itseng bo haella haholoanyane ho feta leha e le neng pele. Sena se bontša hore ka sebele re phela “matsatsing a ho qetela” ao Pauluse a ileng a bua ka oona ha a ne a profeta a re: “Ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, . . . ba hlokang boitšoaro.”—2 Timothea 3:1-3.
5. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li thahasella taba ea boitšoaro, ’me ke keletso efe e ntseng e sebetsa?
5 Lipaki Tsa Jehova li tseba hantle bothata bo hlahisoang ke tlhokahalo ea boitšoaro. Joaloka Pauluse, li ela hloko hore ho na le ntoa pakeng tsa ho lakatsa ho khahlisa Molimo ka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa hae le tsela eo nama ea tsona e sa phethahalang e ka ’nang ea li susumelletsa ho e nka. Ka lebaka lena ke khale li thahasella ho tseba kamoo li ka hlōlang ntoa ena kateng. Khale koana ka 1916, tokollo e ’ngoe ea makasine ena eo u ntseng u e bala hona joale e ile ea bua ka “tsela e loketseng eo re lokelang ho e nka e le hore re laole menahano ea rōna, mantsoe a rōna le boitšoaro ba rōna.” E ile ea khothalletsa hore ho hopoloe Bafilipi 4:8. Keletso eo ea bomolimo e temaneng eo e ntse e sebetsa, le hoja e ile ea fanoa ka lekhetlo la pele lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, ’me mohlomong hona joale ho thata haholoanyane ho e latela ho feta kamoo ho neng ho le kateng ka nako eo kapa ka 1916. Leha ho le joalo, Bakreste ba loanela ho hana litakatso tsa lefatše, ba hlokomela hore ka ho li hana, ba lumellana le ’Mōpi oa bona.
6. Ke hobane’ng ha re se na lebaka la ho khathala matla ha re ntse re sebeletsa ho ba le boitšoaro?
6 Ho Bagalata 5:22, 23 ho buuoa ka boitšoaro e le karolo ea “litholoana tsa moea [o halalelang].” Haeba re bonahatsa tšobotsi ena hammoho le “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo [le] bonolo,” re tla rua molemo o moholo. Joalokaha Petrose a hlalositse, ho etsa joalo ho tla re thibela “ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng” tšebeletsong eo re e etsetsang Molimo. (2 Petrose 1:8) Empa ha rea lokela ho khathala matla kapa ho ikahlola haeba re hlōleha ho bonahatsa litšobotsi tsena kapele le ka ho feletseng kamoo re neng re ka rata kateng. Mohlomong u hlokometse hore sekolong ho na le seithuti se ithutang ka potlako ho feta se seng. Kapa mohlomong u hlokometse hore mosebetsing, motho e mong o ithuta mosebetsi o mocha kapele ho feta basebetsi-’moho le eena. Ka ho tšoanang, batho ba bang ba ithuta ho bonahatsa litšobotsi tsa Bokreste kapele ho feta ba bang. Ntho ea bohlokoa ke hore re ’ne re sebeletse ho bonahatsa litšobotsi tsa bomolimo ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Re ka etsa sena ka ho sebelisa ka botlalo thuso eo Jehova a e lokiselitseng ka Lentsoe la hae le ka phutheho ea hae. Ho finyella pakane ea rōna ka potlako hase habohlokoa ho feta boikemisetso ba rōna ba ho lula re khothalletse ho hatela pele.
7. Ke eng se bontšang hore boitšoaro ke ntho ea bohlokoa?
7 Le hoja boitšoaro e le ba ho qetela lethathamong la litšobotsi tse hlahisoang ke moea, ka sebele ke ba bohlokoa joaloka litšobotsi tse ling kaofela. Re lokela ho hopola hore haeba re ne re khona ho itšoara ka mokhoa o phethahetseng, re ne re ka qoba “mesebetsi [eohle] ea nama.” Leha ho le joalo, batho ba sa phethahalang ba tloaetse ho inehella mefuteng e itseng ea “mesebetsi ea nama, . . . bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano [le] maquloana.” (Bagalata 5:19, 20) Kahoo, re tlameha ho tsoela pele re loana, re ikemiselitse ho tlosa ka ho feletseng litloaelo tse sa rateheng tse ka lipelong tsa rōna le menahanong ea rōna.
Ba Bang ba Thatafalloa ka ho Khethehileng
8. Ke lintho life tse etsang hore ho ba bang ho be thata ka ho khetheha ho bontša boitšoaro?
8 Bakreste ba bang ba thatafalloa haholo ho bontša boitšoaro ho feta ba bang. Hobane’ng? E ka ’na ea e-ba ka lebaka la tsela eo batsoali ba bona ba ba hōlisitseng ka eona kapa ka lebaka la lintho tse ileng tsa ba etsahalla nakong e fetileng. Re lokela ho thaba haeba re sa ka ra thatafalloa ke ho sebeletsa ho ba le boitšoaro le ho bo bonahatsa. Empa ka sebele re lokela ho bontša qenehelo le kutloisiso ha re sebelisana le ba thatafalloang ke ho bontša boitšoaro haholoanyane, le haeba ho se khone ho itšoara ha bona ho re bakela mathata. Ka lebaka la hore rōna ka borōna ha rea phethahala, ebe ke mang har’a rōna ea nang le lebaka la ho iketsa ea lokileng?—Baroma 3:23; Baefese 4:2.
9. Ba bang ba na le mefokolo efe, ’me ba tla e hlōla neng ka ho feletseng?
9 Ho etsa mohlala, e ka ’na eaba rea tseba hore Bakreste-’moho le rōna ba bang ba tlohetseng ho sebelisa koae kapa lithethefatsi “tsa ho ithabisa,” ka linako tse ling ba ntse ba ka ’na ba e-ba le takatso e matla ea ho li sebelisa. Kapa e ka ’na eaba ba bang ba fumana ho le thata ho lekanyetsa lijo kapa lino tse tahang. Ba bang ba thatafalloa ho laola maleme, kahoo, ba lula ba khoptjoa mantsoeng. E le hore re hlōle mefokolo e joalo, ho hlokahala boiteko bo matla ba ho sebeletsa hore re be le boitšoaro. Hobane’ng? Hobane ka ho utloahalang Jakobo 3:2 e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” Ba bang bona ba na le takatso e matla ea ho becha. Kapa ba ka ’na ba thatafalloa ho laola bohale. Ho ka ’na ha nka nako ho loana ka katleho le lintho tsena kapa mefokolo e kang ena. Le hoja hona joale re ka ntlafatsa haholo ho sena, ke feela mohla re phethahetseng moo litakatso tse fosahetseng li tlang ho felisoa ka ho feletseng. Hona joale, se tlang ho re thusa hore re se ke ra khutlela mekhoeng ea boetsalibe ke ho loanela ho bontša boitšoaro. Ha re ntse re tsoela pele ntoeng ena, a re thusaneng hore re se ke ra tela.—Liketso 14:21, 22.
10. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba e-na le bothata bo boholo ba ho itšoara litabeng tsa ho kopanela liphate? (b) Mor’abo rōna e mong o ile a etsa phetoho efe e khōlō? (Bona lebokose le leqepheng la 16.)
10 Ntlha e ’ngoe eo ho leng thata hore ba bang ba bontše boitšoaro ho eona ke tabeng ea ho kopanela liphate. Ho kopanela liphate ka bohona ke karolo ea kamoo Jehova Molimo a re bōpileng kateng. Leha ho le joalo, bothata bo boholo ba batho ba bang ke ho boloka ho kopanela liphate sebakeng se ho loketseng, e leng ho ho boloka tumellanong le litekanyetso tsa Molimo. Bothata ba bona bo ka ’na ba eketsoa ke hore ba na le takatso e matla ka tsela e sa tloaelehang ea ho kopanela liphate. Re phela lefatšeng le hlanyetsang ho kopanela liphate leo ka litsela tse ngata le totisang takatso ena. Sena se ka ’na sa baka bothata bo boholo bakeng sa Bakreste bao bonyane ka nakoana ba batlang ho lula e le masooa, hore ba sebeletse Molimo ntle ho litšitiso tsa lenyalo. (1 Bakorinthe 7:32, 33, 37, 38) Empa tumellanong le keletso ea Mangolo ea hore “ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso,” ba ka ’na ba etsa qeto ea ho kena lenyalong, e leng ntho eo ka sebele e hlomphehang. Ka nako e tšoanang, joalokaha Mangolo a eletsa, ba ikemiselitse ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:9, 39) Re ka kholiseha hore Jehova o thabisoa ke hore ebe ba thahasella ho tšehetsa melao-motheo ea hae e lokileng. Bakreste-’moho le bona ba thabela ho ba har’a barapeli ba ’nete ba phelang ka litekanyetso tse phahameng joalo tsa boitšoaro le botšepehi.
11. Ke joang re ka thusang mora kapa morali oabo rōna ea thahasellang ho kena lenyalong empa a sa fumane molekane?
11 Ho thoe’ng haeba motho a sa fumane molekane ea tšoanelehang? Nahana kamoo motho ea lakatsang ho kena lenyalong empa a sa fumane molekane a ka ferekanang kateng! A ka ’na a bona metsoalle ea hae e kena lenyalong e bile e finyella thabo e itseng, ha eena a ntse a batla molekane ea tšoanelehang. Ba bang ba boemong bona, ba ka ’na ba e-ba le bothata bo tsoelang pele ba ho ba le mokhoa o litšila oa ho pholla litho tsa botona le botšehali ho ikhotsofatsa. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho Mokreste eo ka boomo a batlang ho nyahamisa e mong ea loanelang ho lula a hloekile. E se ka boomo, re ka ’na ra nyahamisa ba bang haeba re bua mantsoe a kang ana a bontšang ho se nahanele, “Ha e le hantle u tla re jesa likuku neng?” Mantsoe ao a ka ’na a buuoa e se ka maikutlo a mabe, empa ho ka ba molemo hakaakang ha re ne re ka bontša boitšoaro ka ho lebela maleme a rōna! (Pesaleme ea 39:1) Re lokela ho babatsa ka mofuthu masooa a teng har’a rōna a ntseng a lutse a hloekile. Ho e-na le ho bua lintho tse ka ’nang tsa nyahamisa ba bang, re ka loanela ho ba khothatsa. Ka mohlala, re ka etsa boiteko ba ho mema le masooa ha sehlotšoana sa batho ba hōlileng tsebong se bokana bakeng sa lijo kapa botsoalle bo hahang ba Bokreste.
Ho Bontša Boitšoaro Lenyalong
12. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore le ba nyalaneng ba be le boitšoaro?
12 Ho ba lenyalong ka bohona ha ho bolele hore boitšoaro ha bo hlokahale litabeng tsa ho kopanela liphate. Ka mohlala, litlhoko tsa monna le tsa mosali li ka ’na tsa fapana haholo tabeng ena. Kapa ka linako tse ling maemo a bophelo a molekane e mong a ka ’na a sitisa ho kopanela liphate ho tloaelehileng kapa ho se ke ha khoneha ka ho feletseng. Mohlomong ka lebaka la liketsahalo tsa nakong e fetileng molekane e mong a ka ’na a thatafalloa ke ho mamela taelo ena e reng: “Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.” Maemong a joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore molekane e mong a bontše boitšoaro haholoanyane. Empa ka bobeli ba ka hopola keletso e lerato ea Pauluse e eang ho banyalani ba Bakreste, e reng: “Le se ke la hanelana ka eona, haese ka tumellano ka nako e behiloeng, e le hore le ka ba le nako ea ho rapela ’me le be hammoho hape, e le hore Satane a se ke a ’na a le leka ka lebaka la ho hloka boitšoaro ha lōna.”—1 Bakorinthe 7:3, 5.
13. Ke eng eo re ka e etsetsang ba ntseng ba loanela ho bontša boitšoaro?
13 Balekane ba lenyalo ba ka thaba hakaakang haeba ka bobeli ba ka ithuta ho bontša boitšoaro kamanong ena e tebileng ka ho fetisisa. Ka nako e tšoanang, ba lokela ho bontša kutloelo-bohloko ho barapeli-’moho le bona ba ntseng ba loanela ho bo bontša ntlheng ena. Le ka mohla ha rea lokela ho lebala ho rapela hore Jehova a fe barab’abo rōna ba moea temohisiso, sebete le boikemisetso ba ho tsoela pele ho loanela ho bontša boitšoaro le ho nka mehato ea ho hlōla litakatso tse fosahetseng.—Bafilipi 4:6, 7.
Tsoelang Pele ho Thusana
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsana le Bakreste-’moho le rōna ka qenehelo le ka kutloelo-bohloko?
14 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba thata hore re bontše kutloelo-bohloko ho Bakreste-’moho le rōna ba ntseng ba loanela ho bontša boitšoaro nthong e sa re thatafalleng. Empa batho ha ba tšoane. Ba bang ba nkeha maikutlo habonolo, ba bang bona ha ba joalo. Ha ho bapisoa, ba bang ba nolofalloa ho itšoara, boitšoaro hase bothata bo boholo ho bona. Ba bang ba thatafalloa haholoanyane. Leha ho le joalo, hopolang hore motho ea loanang ho etsa ntho e itseng hase motho e mobe. Ho hlokahala hore re bontše kutloelo-bohloko le qenehelo ho Bakreste-’moho le rōna. Thabo ea rōna ea ameha ha re ntse re bontša mohau ho ba ntseng ba loanela ho eketsa ho bontša boitšoaro. Sena re ka se bona mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 5:7.
15. Ke hobane’ng ha mantsoe a Pesaleme ea 130:3 a tšelisa tabeng ea boitšoaro?
15 Le ka mohla ha re batle ho ahlola ka phoso Mokreste-’moho le rōna eo ka nako e itseng a ka ’nang a hlōleha ho bontša botho ba Bokreste. Ho khothatsa haholo ho tseba hore ntle ho ho bona lekhetlo le le leng leo re hlōlehileng ka lona, Jehova o bona makhetlo a mangata ao re sa hlōlehang ka ’ona, le haeba kaofela a sa ka a bonoa ke Bakreste-’moho le rōna. Ho tšelisa haholo ho hopola mantsoe a Pesaleme ea 130:3 a reng: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?”
16, 17. (a) Re ka sebelisa Bagalata 6:2, 5 joang tabeng ea boitšoaro? (b) Re tla tšohla eng ka boitšoaro sehloohong se latelang?
16 E le hore re khahlise Jehova, e mong le e mong oa rōna o lokela ho sebeletsa ho ba le boitšoaro, empa re ka kholiseha hore barab’abo rōna ba Bakreste ba tla re thusa. Le hoja e mong le e mong ho rōna a lokela ho jara boikarabelo ba hae, ho ntse ho le joalo re khothalletsoa hore re thusane ho loana le mefokolo. (Bagalata 6:2, 5) Motsoali, molekane, kapa motsoalle ea re thibelang ho ea libakeng tseo re sa lokelang ho ea ho tsona, ea re thibelang ho bona lintho tseo re sa lokelang ho li bona, kapa ho etsa lintho tseo re sa lokelang ho li etsa, re ka mo nka e le oa bohlokoa. O re thusa ho bonahatsa boitšoaro, e leng bokhoni ba ho hana ntho e itseng le ho tiea boikemisetsong ba rōna ba ho etsa joalo!
17 E ka ’na eaba tabeng ea boitšoaro Bakreste ba bangata ba lumellana le seo re seng re se tšohlile ho tla fihlela mona, empa ba ka ’na ba nahana hore bona ka bobona ba hloka ho ntlafatsa haholo tabeng ena. Ba ka lakatsa ho bonahatsa boitšoaro ka botlalo haholoanyane, ka tekanyo eo ka eona ba lumelang hore e ka lebelloa ho batho ba sa phethahalang. Na u ikutloa ka tsela eo? Joale, he, u ka etsa’ng ho sebeletsa ho ba le tšobotsi ee ea tholoana ea moea oa Molimo? Hona ho etsa joalo ho ka u thusa joang hore u finyelle lipakane tsa hao tsa nako e telele u le Mokreste? A re boneng sena sehloohong se latelang.
Na Ua Hopola?
Ke Hobane’ng . . .
• ha e le habohlokoa hore Bakreste ba sebeletse ho ba le boitšoaro?
• ha ba bang ba thatafalloa haholo ke ho ba le boitšoaro?
• ha ho hlokahala boitšoaro lenyalong?
• ha boitšoaro e le tšobotsi eo re ka thusanang ho sebeletsa ho ba le eona?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
O Ile a Ithuta ho Hana
E mong oa Lipaki Tsa Jehova ea lulang Jeremane o ne a hiriloe e le tlelereke lefapheng la mekhoa e tsoetseng pele haholo ea puisano. Mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa ho hlokomela mananeo a ka bang 30 a fapaneng a thelevishene le a seea-le-moea. Ha ho ne ho hlaha litšitiso, o ne a lokela ho shebella lenaneo e le hore a bone moo bothata bo leng teng. O re: “Hoo e batlang e le kamehla ho bonahala litšitiso li ne li hlaha ka nako e fosahetseng, hang feela ha ho ne ho bontšoa litšoantšo tse mabifi kapa tsa ho kopanela liphate. Ho bonahala litšoantšo tse mpe li ne li lula ka kelellong ea ka ka matsatsi a mangata ’me ka nako e ’ngoe ka libeke tse ngata, joalokaha eka li cheselelitsoe ka bokong ba ka.” Oa lumela hore sena se ile sa ama bomoea ba hae hampe, o re: “Ke motho ea bohale, kahoo litšoantšo tse mabifi li ne li nthatafaletsa ho bontša boitšoaro. Litšoantšo tsa ho kopanela liphate li ne li nqabanya le mosali oa ka. Ke ne ke loantša litšusumetso tsena letsatsi le letsatsi. E le hore litšusumetso tsena li se ke tsa ntlhōla, ke ile ka etsa qeto ea ho batla mosebetsi o mong, le haeba ke ne ke tla lefuoa chelete e nyenyane. Hase khale haholo ha ke atleha ho o fumana. Takatso ea ka e phethahetse.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Tsebo e fumanoeng ka ho ithuta Bibele e re thusa ho bontša boitšoaro