Na Hoa Utloahala ho Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise?
KE BATHO ba seng ba kae feela ba lumelang hore lefatše e tla ke e be paradeise. Ba bangata ba nahana hore le tla timela ka ho feletseng. Ho latela buka ea Brian Leigh Molyneaux, e bitsoang The Sacred Earth, qitikoe ena e bile teng ka lebaka la ho ‘phatloha ho hoholo ha bokahohle’ lilemong tse fetileng tse limilione. ’Me ba bangata ba lumela hore haeba motho ka boeena a sa timetse lefatše, qetellong lefatše hammoho le sepakapaka le ka ’na la “hohlomela hape ’me ea e-ba bolo ea mollo.”
Seroki sa Lenyesemane sa lekholong la bo17 la lilemo, se bitsoang John Milton, se ne se se na khopolo e joalo e bontšang ho hloka tšepo. Thothokisong ea sona e bitsoang Paradise Lost, se ngotse hore Molimo o ile a bōpa lefatše lena hore e be lehae la batho la paradeise. Paradeise eo ea pele, e ile ea senngoa. Leha ho le joalo, Milton o ne a lumela hore e tla tsosolosoa—hore ka letsatsi le leng molopolli ea bitsoang Jesu Kreste o ne a tla “putsa batho ba hae ba tšepahalang, ’me a ba amohele khotsong e fetisisang . . . Leholimong kapa Lefatšeng.” Milton o ile a bua a sa tsilatsile a re: “Hobane ka nako eo Lefatše lohle e tla ba Paradeise.”
Paradeise—E Tla ba Leholimong Kapa Lefatšeng?
Batho ba bangata ba bolumeli ba na le pono ea Milton ea hore qetellong ba tla tšelisoa masetla-pelong le mahlomoleng ao ba ’nileng ba tlameha ho a mamella lefatšeng mona. Empa moputso oo ba tla o thabela hokae? Na e tla ba “Leholimong kapa Lefatšeng”? Ba bang ha ba nahane hore thabo ena e ka ba lefatšeng. Ba bolela hore batho ba tla ‘thaba ka tsela e fetisisang’ hafeela ba se ba tlohile lefatšeng lena ’me ba phela sebakeng sa moea leholimong.
Bangoli ba buka ea Heaven—A History, e leng C. McDannell le B. Lang ba bolela hore moruti oa lekholong la bobeli la lilemo Irenaeus o ne a lumela hore bophelo paradeiseng e tsosolositsoeng “bo tla ba lefatšeng eseng sebakeng se seng se hōle sa leholimo.” Ho latela buka eo, le hoja baeta-pele ba bolumeli ba kang John Calvin le Martin Luther ba ne ba e-na le tšepo ea ho ea leholimong, ba ne ba boetse ba lumela hore “Molimo o tla nchafatsa lefatše.” Litho tsa malumeli a mang li ’nile tsa e-ba le tumelo e tšoanang. McDannell le Lang le bona ba bolela hore Bajuda ba bang ba ne ba lumela hore ka nako ea Molimo, mathata ’ohle a batho “a tla felisoa ’me ba tla phela bophelo bo khotsofatsang lefatšeng.” Mabapi le tumelo ea Bapersia ba boholo-holo, The Encyclopaedia of Middle Eastern Mythology and Religion e re: “Boemo bo hloekileng ba lefatše bo tla tsosolosoa ’me batho ba phele ka khotso hape.”
Tšepo ea hore lefatše e tla ba paradeise e ile ea fella hokae? Na ho phela ha rōna lefatšeng ho reretsoe hore ebe ha nakoana feela? Na ho joalokaha rafilosofi oa lekholong la pele la lilemo oa Mojuda Philo a ne a lumela hore ke “[ho phela] nakoana [feela], ’me hangata re phelela bomalimabe” ha re le leetong le fetelang sebakeng se seng sa moea? Kapa na Molimo o ne a rerile ntho e ’ngoe ha a ne a bōpa lefatše ’me a beha motho holim’a lona maemong a paradeise? Na batho ba ka khotsofala e le kannete moeeng ’me ba thaba ka ho fetisisa hona lefatšeng lee? Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo Bibele e se bolelang ka taba ee? Mohlomong le uena u ka etsa qeto e tšoanang le e entsoeng ke ba bang ba fetang limilione tse tšeletseng ea hore ke ntho e utloahalang ho tšepa hore paradeise ea lefatšeng e tla tsosolosoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Seroki John Milton se ne se lumela hore Paradeise e tla tsosolosoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER: Earth: U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./NASA
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]
Earth: U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./NASA; John Milton: Leslie’s