Ba Lelapa Labo Jesu—E ne e le Bo-mang?
LIKAROLONG tse ngata tsa lefatše, ka December hangata u bona litšoantšo tsa Jesu oa lesea ea hlokometsoeng ka lerato ke ’m’ae Maria le ntat’ae, e leng Josefa, ea mo nketseng ka lapeng la hae. Litšoantšo tse joalo tsa tsoalo ea Jesu li ka khahla esita le batho ba bolelang hore hase Bakreste. Kaha motho oa bohlokoa litšoantšong tsena ke Jesu, Mangolo a re bolella eng ka lelapa labo Jesu la lefatšeng?
Jesu o tsoile lelapeng le nang le semelo se hlollang haholo. O ile a tsoaloa ke moroetsana ea neng a bitsoa Maria, ’me sena se ile sa mo etsa e mong oa batho ba phelang lefatšeng. Bibele e bolela hore ho ile ha sebelisoa moea o halalelang ho tlosa bophelo ba hae leholimong ho bo kenya ka popelong ea Maria. (Luka 1:30-35) Pele ho phatlalatsoa hore Jesu o tla emoloa ka mohlolo, Maria o ne a lebelelitsoe ke mohlankana ea bitsoang Josefa, eo ka lebaka leo e neng e tla ba ntate ea neng a tla nkela Jesu ka lapeng la hae.
Ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Josefa le Maria ba ile ba e-ba le bana ba bang, bara le barali babo Jesu ka motsoali a le mong. Sena se totobala potsong eo baahi ba Nazaretha ba ileng ba e botsa hamorao ka Jesu: “Na eo hase mora oa ’metli oa mapolanka? Na ’m’ae ha a bitsoe Maria, ’me na barab’abo ha ba bitsoe Jakobo le Josefa le Simone le Judase? Le baralib’abo, na kaofela ha ba ’moho le rōna?” (Matheu 1:25; 13:55, 56; Mareka 6:3) Ka sena re ka etsa qeto ea hore lelapa labo Jesu e ne e le batsoali ba hae, barab’abo ba bane, ’me bonyane le barali babo ba babeli.
Leha ho le joalo, kajeno ba bang ha ba lumele hore bara le barali babo Jesu e ne e le bana ba Josefa le Maria. Hobane’ng? New Catholic Encyclopedia e bolela hore “ho tloha qalong ea eona feela, Kereke e ile ea ruta hore Maria o ile a lula e le moroetsana. Ka lebaka lena, ha ho pelaelo hore Maria ha aa ka a ba le bana ba bang.” Buka ena e bolela hore mantsoe “mor’abo” le “morali’abo” a ka bolela “motho e mong kapa batho ba bang ba kopantsoeng ke bolumeli kapa ntho e ’ngoe e tloaelehileng” kapa beng ka motho, mohlomong bo-motsoala ba motho.
Na ho hlile ho joalo? Esita le litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli tsa K’hatholike li hanyetsa thuto ena ea khale ka ho tšehetsa maikutlo a hore Jesu o ne a e-na le bara le barali babo ba nama. John P. Meier, mopresidente oa mehleng oa Mokhatlo oa Bibele oa K’hatholike oa Amerika, o ile a ngola a re: “[Testamenteng e Ncha] ha lentsoe adelphos [mor’abo motho], le sa sebelisoa e le tšoantšetso kapa thehello feela, empa le sebelisoa mabapi le batho ba amanang ka mali kapa ka molao, le bolela feela mor’abo motho ka ’m’ae le ntat’ae kapa ka motsoali a le mong, ke phetho.”a E, Mangolo a bontša hore Jesu o ne a e-na le barab’abo le baralib’abo ba neng ba tsoetsoe ke Josefa le Maria.
Likosepele li bua ka beng ka Jesu ba bang, empa hona joale a re tsepamiseng maikutlo lelapeng labo Jesu ’me re bone hore na re ka ithuta eng ho lona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “The Brothers and Sisters of Jesus in Ecumenical Perspective (Bara le Barali Babo Jesu ka Pono e Akaretsang),” ea J. P. Meier, The Catholic Biblical Quarterly, January 1992, leqepheng la 21.