Ho Fela ha Ntoa
‘Re lilemo li 12 feela. Ha re na tšusumetso ea letho lipolotiking le ntoeng, empa re batla ho phela! Re emetse khotso. Na e tla fihla re sa ntsane re phela?’—Sehlopha sa bana ba sekolo ba sehlopheng sa bohlano
‘Re batla ho ea sekolong le ho chakela metsoalle ea rōna le beng ka rōna re sa tšabe ho koeteloa. Ke tšepa hore ’muso o tla mamela. Re batla bophelo bo molemonyana. Re batla khotso.’
—Alhaji, ea lilemo li 14
MANTSOE ana a amang maikutlo a bontša tšepo e tlohang pelong ea bacha ba sotlehileng ka lilemo ka lebaka la lintoa tsa lehae. Takatso ea bona feela ke hore ba phele bophelo bo tloaelehileng. Empa hore tšepo ena e be ntho ea sebele ha ho bonolo. Na lefatše le se nang ntoa le tla fihla re sa ntsane re phela?
Lilemong tsa morao tjena, ho ’nile ha etsoa boiteko ba machaba ba ho rarolla tse ling tsa lintoa tsa lehae ka ho qobella mahlakore a hanyetsanang hore a saene tumellano ea khotso. Linaha tse ling li fane ka mabotho a bolokang khotso ho tiisa hore litumellano tseo lia sebetsa. Empa ke lichaba tse fokolang tse nang le chelete kapa takatso ea ho hlokomela linaha tse hōle moo tumellano leha e le efe pakeng tsa lihlopha tse loantšanang e thekeselang haholo ka lebaka la lehloeo le tebileng le ho se tšepane. Hangata, ntoa e tsoha ka mor’a libeke kapa likhoeli tse seng kae ka mor’a ho saena tumellano ea hore ho behoe libetsa fatše. Joalokaha Stockholm International Peace Research Institute e bolela, “ho thata ho fumana khotso ha ba loanang ba e-na le takatso le bokhoni ba ho tsoela pele ba loana.”
Ka nako e tšoanang, lintoa tsena tse sa laleng tse hlasetseng likarolo tse ngata hakana tsa lefatše li hopotsa Bakreste boprofeta ba Bibele. Buka ea Tšenolo e bua ka nako e mahlonoko historing, nako eo ka eona monna oa tšoantšetso ea palameng pere a neng a tla ‘tlosa khotso lefatšeng.’ (Tšenolo 6:4) Setšoantšo sena sa ntoa e sa eeng moriting ke karolo ea pontšo e nang le likarolo tse ngata e bontšang hore hona joale re phela nakong eo Bibele e e hlalosang e le ‘matsatsi a ho qetela.’a (2 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore matsatsi ana a ho qetela ke selelekela sa khotso.
Ho Pesaleme ea 46:9, Bibele e hlalosa hore khotso ea sebele e hloka hore ntoa e fele, eseng feela karolong e le ’ngoe ea lefatše, empa lefatšeng lohle. Ho feta moo, eona pesaleme ena ka ho toba e bua ka ho felisoa ha libetsa tsa mehleng ea Bibele—e leng seqha le lerumo. Le libetsa tse atang ka sekhahla kajeno le tsona li tlameha ho felisoa e le hore batho ba phele ka khotso.
Leha ho le joalo, qetellong, lehloeo le meharo, eseng likulo le lithunya, ke tsona tse rotetsang mollo oa ntoa. Ho chachehela tsa ba bang, kapa meharo, ke hona ho ka sehloohong ho bakang ntoa, ’me hangata lehloeo le baka pefo. Hore maikutlo ana a senyang a ntšoe ka metso, ho hlokahala hore batho ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona. Ho hlokahala hore ba rutoe litsela tsa ho phela ka khotso. Kahoo, ka ho utloahalang moprofeta Esaia oa boholo-holo o bolela hore ntoa e tla fela hafeela batho ‘ba sa hlole ba ithuta ntoa.’—Esaia 2:4.
Leha ho le joalo, hona joale re phela lefatšeng le rutang batho ba baholo le bana bokhabane ba ntoa, eseng molemo oa khotso. Ka masoabi, esita le bana ba koetlisetsoa ho bolaea.
Ba Ile ba Ithuta ho Bolaea
Ha Alhaji a le lilemo li 14, e ile ea e-ba lesole le tlohetseng mosebetsi. O ne a le lilemo li leshome feela ha mabotho a marabele a mo hapa ’me a mo koetlisetsa ho loana ka sethunya sa AK-47. Ha a se a qobeletsoe ho kenela sesole, o ne a utsoa lijo ’me a chesa matlo. Hape o ne a bolaea batho le ho ba poma litho. Kajeno, Alhaji o fumana ho le thata ho lebala ntoa le ho tloaela ho phela bophelo ba baahi. Abraham, ngoana e mong eo e leng lesole, le eena o ile a ithuta ho bolaea ’me o ne a sa batle ho khutlisa sebetsa sa hae. O ile a re: “Haeba ba mpolella hore ke siee sethunya sa ka, ha ke tsebe hore na ke tla etsa joang le hore na ke tla iphelisa ka eng.”
Bana ba fetang 300 000 bao e leng masole—bashanyana le banana—ba sa ntsane ba loana le ho bolaoa lintoeng tse sa feleng tsa lehae tse hlasetseng lefatše la rōna. Moeta-pele e mong oa marabele o ile a hlalosa a re: “Ba phetha litaelo; ha ba na taba le ho khutlela ho mosali kapa lelapa; ebile ha ba tsebe hore na tšabo ke eng.” Leha ho le joalo, bana bana ba batla bophelo bo molemonyana ebile ba lokela ho bo fumana.
Linaheng tse tsoetseng pele, ho ka bonahala ho le thata ho utloisisa boemo bo sisimosang ba ngoana eo e leng lesole. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba Bophirimela ba ithuta ho loana ba le malapeng abo bona. Ka tsela efe?
Nka ka mohlala José oa karolong e ka boroa-bochabela ea Spain. E ne e le mocha ea neng a thabela ho ikoetlisetsa ho itšireletsa ntle ho libetsa. Ntho eo a neng a e nka e le ea bohlokoa ke sabole e telele ea Majapane eo ntat’ae a neng a mo reketse eona ka Keresemese. O ne a boetse a rata lipapali tsa video, haholo-holo tse mabifi. Ka la 1 April, 2000, ketsahalong ea sebele o ile a etsisa mabifi a mohale oa hae oa videong. Ka mabifi a maholo o ile a bolaea ntat’ae, ’m’ae le khaitseli ea hae ka eona sabole eo ntat’ae a neng a mo file eona. O ile a hlalosetsa mapolesa a re: “Ke ne ke batla ho sala ke le mong lefatšeng; ke ne ke sa batle hore batsoali ba ka ba tle ba mpatle.”
Ha Dave Grossman, eo e leng sengoli le ofisiri ea masole, a bua ka liphello tsa boithabiso bo mabifi, o ile a re: “Re fihla boemong ba ho hloka boikutlo boo ho bona ho baka bohloko le mahlomola ho seng ho fetohile boithabiso: ka leihlo la kelello u thabela ho ipona u etsa seo ho e-na le ho se nyonya. Re ithuta ho bolaea, ’me re ithuta ho ho thabela.”
Alhaji le José ba ile ba ithuta ho bolaea. Ha ho le ea mong oa bona ea neng a ikemiselitse ho ba ’molai, empa koetliso e ile ea sotha monahano oa bona. Koetliso e joalo—ebang ke ea bana kapa ea batho ba baholo—e jala peō ea pefo le ntoa.
Ho Ithuta Khotso ho E-na le Ntoa
Le ka mohla ho ke ke ha e-ba le khotso e sa feleng hafeela batho ba ntse ba ithuta ho bolaea. Lilemong tse makholo-kholo tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Hoja u ka ela litaelo tsa [Molimo] hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka.” (Esaia 48:17, 18) Ha batho ba fumana tsebo e nepahetseng ka Lentsoe la Molimo ’me ba ithuta ho rata molao oa Molimo, pefo le ntoa e ba lintho tse nyonyehang ho bona. Esita le hona joale, batsoali ba ka etsa bonnete ba hore lipapali tseo bana ba bona ba li bapalang ha li khothalletse pefo. Le batsoali ka ba ithuta ho qoba lehloeo le meharo. Lipaki Tsa Jehova li fumane ka makhetlo-khetlo hore Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola botho ba batho.—Baheberu 4:12.
Nahana ka mohlala oa Hortêncio. E ne e le mohlankana ha a ne a qobelloa ho ba lesole. O hlalosa hore koetliso ea sesole e ne e reretsoe “ho re kenya takatso e tebileng ea ho bolaea batho ba bang le ho se tšabe ho bolaea.” O ile a loana ntoeng ea lehae e nkileng nako e telele Afrika. Oa lumela o re: “Ntoa e ile ea ama botho ba ka. Esita le kajeno ke sa ntsane ke hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e entseng. Ke sareloa haholo ka seo ke ileng ka qobelloa ho se etsa.”
Ha lesole le leng le bua le Hortêncio ka Bibele, e ile ea mo ama pelo. O ile a khahloa ke tšepiso ea Molimo e ho Pesaleme ea 46:9 ea ho felisa mefuta eohle ea ntoa. Ha a ntse a ithuta Bibele haholoanyane, o ile a ’na a felloa ke takatso ea ho loana. Ka mor’a nako e khutšoanyane, eena le metsoalle ea hae e ’meli ba ile ba lelekoa sesoleng ’me ba nehela bophelo ba bona ho Jehova Molimo. Hortêncio oa hlalosa o re: “’Nete ea Bibele e ile ea nthusa hore ke rate sera sa ka. Ke ile ka lemoha hore ka ho loana ntoeng, ke ne ke hlile ke siteloa Jehova, kaha Molimo o re ha rea lokela ho bolaea baahelani ba rōna. Ho bontša lerato lena, ke ile ka lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona le ho se nke batho e le lira tsa ka.”
Liphihlelo tse joalo tsa se etsahetseng bophelong li bontša hore ka sebele thuto ea Bibele e khothalletsa khotso. Sena ha se makatse. Moprofeta Esaia o ile a bolela hore ho na le kamano e tobileng pakeng tsa thuto ea Molimo le khotso. O ile a bolela esale pele a re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.” (Esaia 54:13) Eena moprofeta enoa o ile a bona esale pele nako eo ka eona batho ba lichaba tsohle ba neng ba tla phallela borapeling bo hloekileng ba Jehova Molimo ho ea ithuta ka litsela tsa hae. Ka phello efe? “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:2-4.
Tumellanong le boprofeta bona, Lipaki Tsa Jehova li kopanela mosebetsing oa lefatše lohle oa ho ruta o seng o thusitse ba limilione ho hlōla lehloeo leo e leng lona motso oa lintoa tsa batho.
Se Tiisang Hore Khotso e Tla ba Teng Lefatšeng
Ntle le ho fana ka thuto, Molimo o thehile puso, kapa “’muso,” o tla tiisa hore ho ba le khotso ea lefatše lohle. Habohlokoa, Bibele e hlalosa Jesu Kreste, ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, e re ke “Khosana ea Khotso.” E boetse e re tiisetsa hore “ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.”—Esaia 9:6, 7.
Re na le tiiso efe ea hore puso ea Kreste e tla felisa mefuta eohle ea ntoa ka katleho? Moprofeta Esaia oa phaella o re: “Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” (Esaia 9:7) Molimo o na le takatso le bokhoni ba ho boloka khotso e sa feleng. Jesu o kholisehile ka ho feletseng ka tšepiso ena. Ke ka lebaka leo a ileng a ruta balateli ba hae ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Qetellong ha kōpo ena e tiileng e arabeloa, ntoa e ke ke ea hlola e senya lefatše hape.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo ea bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela, bona khaolo ea 11 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Thuto ea Bibele e khothalletsa khotso ea ’nete