Tlotlisang Molimo Eseng Motho
LIKHOELING tse sa tsoa feta, barati ba ho loka lefatšeng lohle ba ile ba ithuta kamoo ba ka tlotlisang Molimo kateng ha ba ne ba bokane Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova Tsa “Tlotlisang Molimo.” A re ke re ikhopotseng lenaneo la thuto leo ho ileng ha buisanoa ka lona moo.
Likopanong tse ngata lenaneo lena le thehiloeng Bibeleng le ile la nka matsatsi a mararo a latellanang, bakeng sa ba ileng ba khona ho ba teng likopanong tse khethehileng tsa machaba, le ile la nka matsatsi a mane. Ka kakaretso, bamameli ba ile ba mamela lipuo tse thehiloeng Mangolong tse fetang 30, tseo har’a tsona ho neng ho e-na le linehelano tse tebisang kananelo ea motho ea lintho tsa moea, liphihlelo tse tiisang tumelo, lipontšo tse hlakisang kamoo melao-motheo ea Bibele e sebetsang kateng hammoho le tšoantšiso e ileng ea bontša mathata a neng a hlahela Bakreste ba lekholong la pele la lilemo eo ho eona libapali li neng li apere moaparo oa boholo-holo. Haeba u ile ua ba teng ho e ’ngoe ea likopano tsena, na ho ke ke ha e-ba molemo hore ha u ntse u bala sehlooho see, u hlahlobe lintlha tseo u ileng ua li ngola? Ha ho pelaelo hore sena se tla u hopotsa lintlha tsa mokete ona o moholo oa moea ebile se tla u ruta.
Sehlooho sa Letsatsi la Pele: “Jehova, . . . Ua Tšoaneleha ho Amohela Khanya”
Ka mor’a pina e qalang le thapelo, ka mofuthu sebui sa pele se ile sa amohela bohle ba neng ba le teng ka puo e reng: “Re Bokane Mona ho Tla Tlotlisa Molimo,” e neng e fana ka lebaka le ka sehloohong la kopano ena. Sebui se ile sa qotsa Tšenolo 4:11 ho hatisa sehlooho se akaretsang sa kopano ena. Hang-hang se ile sa hlalosa hore na ho tlotlisa Molimo ke ho etsa’ng. Se ile sa sebelisa buka ea Lipesaleme ho hatisa hore ho tlotlisa Molimo ho akarelletsa ‘ho rapela,’ “liteboho” le “thoriso.”—Pesaleme ea 95:6; 100:4, 5; 111:1, 2.
Puo e latelang e ne e re: “Ho Lehlohonolo ba Tlotlisang Molimo.” Sebui se ile sa bolela ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Kaha ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng linaheng tse 234 lefatšeng lohle, ho ka boleloa hore motšehare le bosiu ho na le ba tlotlisang Jehova. (Tšenolo 7:15) Lipuong tsena tse ileng tsa thabisa bamameli, ho ile ha ananeloa lipuisano tse ileng tsa tšoaroa le bara le barali ba bang babo rōna ba Bakreste ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng.
Puo e latelang e ne e re: “Pōpo e Bolela Khanya ea Molimo.” Le hoja lintho tse bonahalang maholimong li sa bue, li phahamisa boholo ba Molimo ’me li re thusa hore re tebise liteboho tsa rōna bakeng sa tlhokomelo ea hae e lerato. Sena se ile sa hlalosoa ka mokhoa o qaqileng.—Esaia 40:26.
Botšepehi ba Bakreste ba ’nete bo lekoa ka mahloriso, khanyetso, litšusumetso tsa lefatše le ho sekamela sebeng. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore bamameli ba be tsebe-lethoethoe ho mamela puo e neng e re, “Tsamaea Tseleng ea Botšepehi.” Ho ile ha latela puo e thehiloeng litemaneng ka ho latellana tsa Pesaleme ea 26, hammoho le lipuisano tse ileng tsa etsoa le Paki e kenang sekolo e ileng ea emela boitšoaro bo botle e sa thekesele le e ’ngoe e neng e senya nako e ngata boithabisong bo belaetsang empa e se e nkile bohato ba ho hlōla bothata boo.
Lenaneo la hoseng le ile la phetheloa ka puo ea sehlooho e neng e re, “Lipono Tse Hlollang Tsa Boprofeta Lia re Susumetsa!” Sebui se ile sa qotsa mohlala oa moprofeta Daniele, oa moapostola Johanne le oa moapostola Petrose, se bolela hore tumelo ea bona e ile ea matlafatsoa ke lipono tse khanyang tsa boprofeta tse amanang le ho thehoa ha ’Muso oa Molimo oa Bomesia le ka tsela eo o sebetsang ka eona. Ha sebui se bua ka bao ho ka ’nang ha etsahala hore ebe ba lebetse bopaki bo hlakileng bo bontšang hore re nakong ea bofelo, se ile sa re: “Re na le tšepo e tiileng ea hore ba joalo ba tla hlokomela hape hore ho ba teng ha Kreste khanyeng ea ’Muso ke ntho ea sebele ’me ba tla thusoa hore ba boele ba matlafale moeeng.”
Lenaneo la thapama le ile la qala ka puo e reng “Khanya ea Jehova e Senoleloa ba Ikokobelitseng.” Sebui se ile sa bontša kamoo Jehova a behang mohlala oa boikokobetso kateng, le hoja e le Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng. (Pesaleme ea 18:35) Jehova o rata batho ba ikokobetsang kannete, empa o hanyetsa ba bonahalang eka ba ikokobelitse ha ba sebelisana le batho ba boemong bo lekanang le ba bona kapa baokameli ba bona empa ba hlekefetsa batho ba ka tlas’a bona.—Pesaleme ea 138:6.
Ka mor’a moo, ho ile ha buuoa ka boprofeta ba Bibele puong ea neheletsano e neng e totobatsa lintlha tse sa tšoaneng tsa sehlooho se seholo se neng se re: “Boprofeta ba Amose—Molaetsa oa Bona Mehleng ea Rōna.” Sebui sa pele se ile sa supa mohlala oa Amose ha se hlokomelisa ka boikarabelo boo re nang le bona ba ho lemosa batho ka kahlolo e tlang ea Jehova. Sehlooho sa puo ea sona se ne se re, “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete.” Sebui sa bobeli se ile sa botsa: “Na Jehova o tla ke a felise bokhopo le mahlomola lefatšeng lee?” Sehloohong sa sona se neng se re, “Kahlolo ea Molimo Khahlanong le ba Khopo,” sebui se ile sa bontša hore kamehla kahlolo ea Molimo ea tšoaneleha, e ke ke ea qojoa ebile e toba bao e ba loketseng. Sebui sa ho qetela puong ena ea neheletsano se ile sa bua ka sehlooho se reng, “Jehova o Hlahloba Pelo.” Ba labalabelang ho khahlisa Jehova ba tla mamela mantsoe a ho Amose 5:15 a reng: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.”
Lino tse tahang, tse kang veine e thabisang pelo, li ka sebelisoa hampe. Puong ea sona e neng e re, “Qoba Leraba la Tšebeliso e Mpe ea Lino Tse Tahang,” sebui se ile sa thathamisa hore na tšebeliso e feteletseng ea lino tse tahang e kotsi hakae nameng le moeeng, le haeba motho a sa tahoe. Se ile sa fana ka molao-motheo ona o tataisang: Kaha batho baa fapana tabeng ea hore na ba tahoa kapele hakae, tekanyo leha e le efe e u sitisang ho ba le “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana” e ngata haholo bakeng sa hao.—Liproverbia 3:21, 22.
Kaha re phela linakong tse mahlonoko, puo e latelang e neng e re, “Jehova, ‘Qhobosheane ea Rōna Linakong Tsa Mahlomola,’” e ne e le e tšelisang. E le hore re hlōle ntoeng ea rōna re ka thusoa ke thapelo, moea o halalelang le Bakreste-’moho le rōna.
Puo ea ho qetela letsatsing leo, e neng e re, “‘Naha e Ntle’—Selelekela sa Paradeise,” e ile ea qetella ka ntho e thabisang eo bohle ba neng ba sa e lebella—e leng buka e ncha e nang le limmapa tse ngata tsa Bibele! Sehlooho sa eona se re Bona Naha e Ntle.
Sehlooho sa Letsatsi la Bobeli: “Bolelang Khanya ea Hae Har’a Lichaba”
Ka mor’a puisano ea temana ea letsatsi, ho ile ha fanoa ka puo ea neheletsano ea bobeli ea kopano ena, sehlooho sa eona se ne se re, “Bonahatsang Khanya ea Jehova Joaloka Liipone.” Puo ea pele e ile ea bua ka taba e reng, “Ka ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Hohle” ’me puo ea sona e ne e akarelletsa lipontšo tsa se hlileng se etsahalang tšebeletsong ea tšimo. Puo ea bobeli e ile ea akarelletsa pontšo ea leeto la ho boela ha sebui se tšohla sehlooho se reng, “Ka ho Tlosa Lesira ho ba Foufalitsoeng.” Puo ea ho qetela, eo sehlooho sa eona se neng se re, “Le Etse Seo ka Botlalo Tšebeletsong ea Lōna,” e ile ea natefisoa ke lipuisano tse thahasellisang tse buang ka liphihlelo tsa tšimong.
Puo e latelang ea lenaneo e ne e e-na le sehlooho se reng “Ho Hlouoa Ntle ho Lebaka.” E ile ea akarelletsa lipuisano tse khothatsang tseo ho tsona ho ileng ha buisanoa le batho ba tšepahalang bao matla a Molimo a ileng a ba thusa hore ba lule ba tšepahala ha ba ne ba hanyetsoa.
Puo ea kolobetso e lateloang ke ho qoelisoa metsing ka ho feletseng ha bohle ba tšoanelehang, ke karolo ea lenaneo e lebelloang ka matla likopanong. Ho kolobetsoa ka metsi ho bontša hore motho o inehetse ka ho feletseng ho Jehova. Kahoo, sehlooho sena se ne se loketse ka ho fetisisa ha se re: “Ho Phelela Boinehelo ba Rōna ho Tlotlisa Molimo.”
Lenaneo la thapama le ile la qala ka puo e ileng ea khothalletsa ho itlhahloba, e neng e re, “Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste Mabapi le Boholo.” Sebui se ile sa bolela ntlha ena ea bohlokoa: Motho e ba e moholo ha a etsisa boikokobetso ba Kreste. Kahoo, Mokreste ha aa lokela ho batla boikarabelo e le hore a ka fumana maemo. O lokela ho ipotsa: ‘Na ke ikemiselitse ho etsa mesebetsi ea bohlokoa e sa tl’o bonoa habonolo?’
Na u ee u ikutloe u khathetse? Karabo ea potso ena e totobetse. Bohle ba ile ba thabela puo e neng e re, “Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla.” Lipuisano tse ileng tsa tšoaroa le Lipaki tsa khale li ile tsa bontša hore Jehova a ka re ‘matlafatsa ka moea oa hae.’—Baefese 3:16.
Motho ha a tsoaloe a fana empa o lokela ho ithuta. Ntlha ena ea bohlokoa e ile ea hatisoa puong e neng e re, “A Re Beng ba Seatla se Bulehileng, ba Itokiselitseng ho Arolelana le ba Bang.” Eaba ho botsoa potso ena e matla: “Na re itokiselitse ho qeta nako e itseng ea rōna re e-na le bara le barali babo rōna ba seng ba hōlile, ba kulang, ba tepeletseng kapa ba jeoang ke bolutu?”
Maikutlo a bamameli a ile a haptjoa ke puo e neng e re, “Ela Hloko ‘Mantsoe a Basele.’” Puo ena e ile ea tšoantša balateli ba Jesu le linku tse mamelang lentsoe la hae feela kaha ke eena “molisa ea khabane,” tse sa mameleng “mantsoe a basele” a buuoang mecheng e mengata e susumetsoang ke Diabolose.—Johanne 10:5, 14, 27.
Sehlopha sa ’mino se lokela ho bina ka tumellano e le hore pina ea sona e utloahale. Barapeli ba ’nete ba lefatšeng lohle ba lokela ho momahana e le hore ba tlotlise Molimo. Kahoo, puo e neng e re, “Tlotlisang Molimo ‘ka Molomo o le Mong’” e ile ea fana ka taeo e molemo ea kamoo bohle re ka buang ‘puo e le ’ngoe e hloekileng’ le ho sebeletsa Jehova “ka mahetla a bapileng.”—Sofonia 3:9.
Batsoali, haholo-holo ba nang le bana ba banyenyane, ba ile ba thabisoa haholo ke puo ea ho qetela ea letsatsi leo e neng e re, “Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa.” Ho ile ha lokolloa buka e ncha e nang le maqephe a 256, e ileng ea thabisa bamameli ba neng ba sa e lebella. Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e tla thusa batsoali hore ba qete nako e molemo moeeng le bana ba bona bao e leng mpho eo ba e filoeng ke Molimo.
Sehlooho sa Letsatsi la Boraro: “Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo”
Likhopotso tsa temana ea letsatsi li ile tsa qalisa letsatsi la ho qetela ka litaba tsa moea. Karolo ea pele ea lenaneo la letsatsi lena e ile ea bua haholo ka malapa. Puo ea pele e neng e re, “Batsoali, Hahang Malapa a Lōna,” e ile ea leotsa likelello tsa bamameli. Ka mor’a hore sebui se tšohle boikarabelo ba batsoali ba ho lokisetsa litlhoko tsa malapa a bona, se ile sa hlakisa hore boikarabelo bo ka sehloohong ba batsoali ke ho hlokomela bana ba bona moeeng.
Sebui se latelang se ile sa bua le bana ’me sa tšohla sehlooho se reng, “Kamoo Bacha ba Rorisang Jehova Kateng.” Se ile sa re bacha ba tšoana le “marotholi a phoka” kahobane ba bangata ebile mahlahahlaha a bona aa khatholla. Batho ba baholo ba thabela ho sebetsa le bona tšebeletsong ea Jehova. (Pesaleme ea 110:3) Puo ena e ile ea akarelletsa lipuisano tse monate tse ileng tsa etsoa le bacha ba behang mohlala o motle.
Karolo e thabisang ea likopano tsa setereke ke litšoantšiso tsa Bibele tseo ho tsona libapali li aparang moaparo oa boholo-holo, ’me e ne e le teng le kopanong ena. Tšoantšiso e neng e e-na le sehlooho se reng, “Ho Paka ka Sebete ho sa Tsotellehe Khanyetso” e ne e bontša kamoo balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba phela kateng. Ha ea ka ea thabisa bamameli feela empa ntho ea bohlokoa ho feta eo ke hore e ile ea ba laea. Tšoantšiso ena e ile ea lateloa ke puo e reng, “Bolelang Litaba Tse Molemo le sa ‘Khaotse,’” e ileng ea hatisa lintlha tsa bohlokoa tsa tšoantšiso ena.
Bohle ba neng ba le teng, ba ne ba lebeletse karolo ea sehlooho ea lenaneo la Sontaha, e leng puo ea phatlalatsa e neng e re, “Ke Bo-mang ba Tlotlisang Molimo Kajeno?” Sebui se ile sa fana ka bopaki bo utloahalang ba kamoo ka kakaretso saense le bolumeli li sa tlotliseng Molimo kateng. Kajeno batho ba tlotlisang lebitso la Jehova e le kannete, ke feela ba bitsoang ka lebitso la hae, ba bolelang ebile ba ruta ’nete e mabapi le Jehova.
Puo ea phatlalatsa e ile ea lateloa ke kakaretso ea thuto ea Molula-Qhooa ea makasine ea bekeng eo. Ka mor’a moo, ha latela puo ea ho qetela e neng e re, “‘Le ’ne le Behe Litholoana Tse Ngata’ Tlotlisong ea Jehova.” Sebui se ile sa teka qeto e nang le lintlha tse leshome eo bohle ba neng ba le teng ba neng ba lokela ho e amohela. E ne e bua ka litsela tse sa tšoaneng tsa ho tlotlisa Jehova, ’Mōpi. Likopanong tsohle, likarolong tsohle tsa lefatše, bohle ba neng ba le teng ba ile ba re “E,” ho bontša hore ba lumellana le eona.
Kahoo, ha kopano e qhalana, litsebeng tsa momameli e mong le e mong ho ne ho luma sehlooho se reng, “Tlotlisang Molimo.” E se eka ka thuso ea moea oa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, kamehla re ka batla ho tlotlisa Molimo eseng batho.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Likopano Tsa Machaba
Likopano tsa machaba tse nkileng matsatsi a mane li ne li tšoaretsoe Afrika, Asia, Australia, Europe, Amerika Boroa le Amerika Leboea. Lefatšeng lohle ho ile ha mengoa Lipaki tse itseng hore e be baemeli likopanong tsena. Ka tsela ena, baeti le batho ba neng ba amohetse baeti ba ile ba “khothatsana.” (Baroma 1:12) Metsoalle ea khale e ile ea tsosolosa setsoalle, batho ba ba ba iphumanela metsoalle e mecha. Karolo e khethehileng ea lenaneo la likopano tsa machaba e ne e e-na le sehlooho se reng, “Litlaleho Tse Tsoang Linaheng Tse Ling.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Libuka Tse Ncha Tse Tlotlisang Molimo
Ho ile ha lokolloa libuka tse ncha tse peli Likopanong Tsa Setereke Tsa “Tlotlisang Molimo.” Atlelase ea Bibele e nang le sehlooho se reng, Bona Naha e Ntle, e na le sekoahelo se sa senyeheng feela ’me e na le maqephe a 36 a nang le limmapa le litšoantšo tsa libaka tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng. Leqepheng le leng le le leng ho na le mebala e feletseng, ’me atlelase ena e na le limmapa tsa mebuso ea Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. Ho na le maqephe a bontšang moo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae teng le moo Bokreste bo ileng ba namela teng.
Ithute ho Mosuoe e Moholo ke buka ea maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ka bang 230. Ho ka qetoa linako tse ngata tse thabisang hammoho le bana ba shebile litšoantšo ba bile ba ntse ba araba lipotso tse etsang hore motho a nahane, tse fumanoang bukeng ena. Buka ena e ncha e lokiselitsoe ho sitisa tlhaselo eo Satane a e tobisitseng ho bana ba rōna, eo morero oa eona e leng ho silafatsa boitšoaro ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Baromuoa ba ile ba pheta liphihlelo tse matlafatsang tumelo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Kolobetso e bile karolo ea bohlokoa ea likopano tsa “Tlotlisang Molimo”
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Bacha le batho ba baholo ba thabela litšoantšiso tsa Bibele