Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/15 leq. 3
  • Mokete o U Amang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokete o U Amang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Le Etse Sena ho Nkhopola”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li Ketekoa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/15 leq. 3

Mokete o U Amang

NAKONG eo Jesu Kreste a neng a le lefatšeng, o ile a qalisa mokete o hlomphang Molimo. Ona ke oona mokete feela oa bolumeli oo a ileng a laela ka ho toba hore balateli ba hae ba o keteke. Ke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, tse tsejoang hape e le Selallo sa Morena.

Nahana u le moo batho ba sa u boneng ha u shebelletse liketsahalo tsa selelekela tsa mokete ona. Jesu le baapostola ba hae ba lutse hammoho ka morero oa ho keteka Paseka ea Bajuda kamoreng e ’ngoe e ka holimo Jerusalema. Ba qetile ho ja lijo tse tloaelehileng tsa Paseka, e leng konyana e besitsoeng, meroho e babang, bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu. Moapostola ea sa tšepahaleng ea bitsoang Judase Iskariota o se a lelekiloe ’me o tla tloha a eka Mong’a hae. (Matheu 26:17-25; Johanne 13:21, 26-30) Jesu o mong le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11. E mong oa bona ke Matheu.

Ho latela tlaleho ea Matheu ea boneng ketsahalo ena, Jesu o qalisa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka tsela ena: “Jesu a nka bohobe [bo sa lomosoang] ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’ Hape, a nka senoelo [sa veine] ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela “mali a selekane” a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’”—Matheu 26:26-28.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a qalisa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena? Ha a ne a etsa joalo, ke hobane’ng ha a ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu? Na balateli bohle ba Kreste ba ne ba lokela ho ja litšoantšetso tsee? Mokete oo o ne o tla ketekoa khafetsa hakae? Hona na e hlile ke oa bohlokoa ho uena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela