Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/15 maq. 17-22
  • Ho Loanela ho Bontša Mosa Lefatšeng le Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loanela ho Bontša Mosa Lefatšeng le Mabifi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bontša Mosa ka Lapeng
  • Ho Bontša Mosa Mosebetsing
  • Ho Bontša Mosa Sekolong
  • Ho Bontša Baahelani Mosa
  • Ho Bontša Mosa Tšebeletsong ea Rōna
  • Ho Bontša Mosa Libokeng Tsa Phutheho
  • Tsoelang Pele le Bontša Mosa
  • Khahlisa Jehova ka ho Bontša Mosa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Batho ba Molimo ba Lokela ho Rata Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Susumetsoa ke “Molao oa Mosa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Mosa O bontšoa ka liketso le lipolelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/15 maq. 17-22

Ho Loanela ho Bontša Mosa Lefatšeng le Mabifi

“Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato.”—LIPROVERBIA 19:22.

1. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho bontša mosa?

NA U nahana hore u motho ea mosa? Haeba ho joalo, ho phela lefatšeng la kajeno ho ka ba thata. Ke ’nete hore ka Bibeleng mosa o khetholloa e le karolo ea “litholoana tsa moea,” empa ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho bontša mosa esita le linaheng tseo ho thoe’ng ke tsa Bokreste? (Bagalata 5:22) Joalokaha re hlokometse sehloohong se fetileng, karolo ea karabo ea potso ena e ka fumanoa ho seo moapostola Johanne a se ngotseng, ha a ne a re—lefatše lohle le laoloa ke motho oa moea ea hlokang mosa, e leng Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Jesu Kreste o ile a re Satane ke eena “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Kahoo, lefatše lena le tšoana le ’musi oa lona oa lerabele, ea tsejoang ka lonya.—Baefese 2:2.

2. Ke liphephetso life tse ka amang tsela eo re bontšang mosa ka eona?

2 Bophelo ba rōna bo ameha habohloko ha batho ba bang ba sa re tšoare ka mosa. Ho hloka mosa ho ka bontšoa ke baahelani ba tletseng lehloeo, batho ba bang ba se nang botsoalle, esita le metsoalle le litho tsa malapa tseo ka linako tse ling li ka ’nang tsa etsa lintho li sa nahane. Hangata khatello e tlisoang ke ho kopana le batho ba khahlapetsanang le ba tjolietsanang le ba rohakanang e baka moferefere. Ha batho ba bang ba hloka mosa joalo sena se ka etsa hore le rōna re be mabifi, ’me re ka ’na ra nahana hore haeba motho a re hlokela mosa le rōna re lokela ho mo hlokela mosa. Sena se ka ba sa baka mathata moeeng kapa ’meleng.—Baroma 12:17.

3. Ke mathata afe a tebileng ao batho ba tobanang le ’ona a lekang boikemisetso ba bona ba ho ba mosa?

3 Maemo a lefatše a sithabetsang le ’ona a ka re thatafaletsa ho bontša mosa. Ka mohlala, batho ka kakaretso ba sithabetsoa ke tšokelo ea bokhukhuni le liketso tsa bokhukhuni, hammoho le libetsa tsa likokoana-hloko kapa tsa nyutlelie tseo ho ka ’nang ha etsahala hore lichaba tse sa tšoaneng li li sebelise. Ho phaella moo, batho ba limilione ba kolla ntsi hanong, ha ba na lijo tse lekaneng, bolulo, liaparo, le tlhokomelo ea meriana. Ho loanela ho bontša mosa e ba phephetso ha ho se na tšepo ea hore maemo a tla ntlafala.—Moeklesia 7:7.

4. Ka phoso ba bang ba ka ’na ba phetha ka ho re’ng ha ba nahana ka ho bontša ba bang mosa?

4 Ho bonolo hore motho a phethe ka hore ha ho hlokahale hore a bontše mosa le hore ho bontša mosa ke letšoao la bofokoli. A ka ’na a ikutloa a tšoeroe hampe, haholo-holo ha ba bang ba etsa lintho tse bontšang ho se mo nahanele. (Pesaleme ea 73:2-9) Leha ho le joalo, Bibele e re fa tataiso e nepahetseng ha e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Bonolo le mosa ke likarolo tse peli tse amanang haufi tsa litholoana tsa moea ’me lia atleha ha re sebetsana le maemo a thata le a phephetsang.

5. Ke likarolong life tsa bophelo moo ho hlokahalang mosa?

5 Kaha ho bontša litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo ke habohlokoa haholo ho rōna re le Bakreste, re lokela ho nahana kamoo re ka bontšang e ’ngoe ea litšobotsi tseo—e leng mosa. Na ho ka khoneha ho loanela ho bontša mosa lefatšeng le mabifi? Haeba ho joalo, ke likarolong life tse ling moo re ka bontšang hore ha re lumelle tšusumetso ea Satane hore e khine mosa oa rōna, haholo-holo maemong a sithabetsang? A re tšohleng taba ea ho loanela ho bontša mosa ka lapeng, mosebetsing, sekolong, ho baahelani ba rōna, tšebeletsong ea rōna le har’a balumeli-’moho le rōna.

Ho Bontša Mosa ka Lapeng

6. Ke hobane’ng ha ho bontša mosa ka lapeng e le habohlokoa hakaale, hona o ka bontšoa joang?

6 E le hore re fumane tlhohonolofatso le tataiso ea Jehova, ke habohlokoa hore re bontše litholoana tsa moea ’me re li hlaolele ka botlalo. (Baefese 4:32) A re tšohleng bohlokoa ba hore litho tsa lelapa li bontšane mosa. Ha monna le mosali ba ntse ba sebelisana letsatsi le letsatsi, ba lokela ho bontšana mosa le ho tsotellana ’me ba etse se tšoanang ho bana ba bona. (Baefese 5:28-33; 6:1, 2) Mosa o joalo o lokela ho bonahala ka tsela eo litho tsa lelapa li buisanang ka eona, ka tsela eo bana ba tlotlang le ho hlompha batsoali ba bona ka eona le ka tsela eo batsoali ba tšoarang bana ba bona hantle ka eona. Potlakela ho babatsa, u liehe ho tšoaea liphoso.

7, 8. (a)Re lokela ho qoba boitšoaro ba mofuta ofe haeba re batla ho bontša mosa oa ’nete ka lapeng? (b) Puisano e molemo e tlatsetsa joang hore lelapa e be le momahaneng ka tieo? (c) U ka bontša mosa joang ka lapeng?

7 Ho bontša litho tsa malapa a rōna mosa ho akarelletsa ho latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Ka sebele li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna.” Malapa a Bakreste a lokela ho buisana ka tlhompho letsatsi le leng le le leng. Hobane’ng? Hobane puisano e molemo e phetha karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa e le hore malapa a be matla, ’me a phele hamonate. Ha liphapang li hlaha, e le hore khohlano e se ke ea tōta, lekang ho lokisa bothata ho e-na le ho leka ho hlōla khang. Litho tse thabileng tsa lelapa li ikitlaelletsa ho bontša mosa le ho nahanelana.—Bakolose 3:8, 12-14.

8 Mosa ke ntho e ntle ’me o etsa hore re batle ho tšoara batho ba bang hantle. Ka hona, re batla ho thusa, ho nahanela le ho sebelisana hantle le litho tse ling tsa lelapa. Ho hlokahala hore ka lapeng, setho ka seng, haesita le litho tsohle tsa lelapa li etse boiteko ba ho bontša mosa o tla etsa hore lelapa le buuoe hantle. Ka lebaka leo, lelapa le ke ke la fumana tlhohonolofatso ea Molimo feela, empa le tla tlotlisa Jehova, Molimo oa mosa, ka phuthehong le motseng.—1 Petrose 2:12.

Ho Bontša Mosa Mosebetsing

9, 10. Hlalosa a mang a mathata a ka hlahang mosebetsing, ’me u hlalose kamoo ho ka sebetsanoang le ’ona ka mosa kateng.

9 Ho ea mosebetsing letsatsi le leng le le leng ho ka etsa hore ho bontša mosa ho basebetsi-’moho e be phephetso ho Mokreste. Ho se utloane ha basebetsi ho ka ’na ha etsa hore motho a senyeheloe ke mosebetsi ka lebaka la mosebetsi-’moho ea etsang bomene-mene kapa ea bolotsana, ’me a mo senya lebitso ho mohiri oa bona. (Moeklesia 4:4) Ho thata ho bontša mosa maemong a joalo. Leha ho le joalo, haeba mohlanka oa Jehova a ka hopola hore hangata ho etsa ntho e mosa ke hona ho nepahetseng, o tla etsa sohle se matleng a hae ho hapa bao ho seng bonolo ho sebelisana le bona. Ho bontša boikutlo ba ho tsotella ba bang ho ka re thusa ho etsa sena. Mohlomong u ka bontša hore u amehile haeba mosebetsi-’moho le uena a kula kapa a kuleloa ke litho tse ling tsa lelapa la hae. Ho botsa bophelo feela ho ka etsa hore motho e mong a ikutloe hantle. E, Bakreste ba lokela ho batla ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho sebeletsa hore ho be le kutloano le khotso. Ka linako tse ling ho bua ntho e ’ngoe e mosa le e bontšang hore rea tsotella le hore re amehile ho ka lokisa boemo.

10 Maemong a mang, mohiri a ka ’na a qobella maikutlo a hae ho basebeletsi ba hae ’me a ka ’na a batla hore kaofela ha bona ba kopanele ketsahalong e itseng ea bochaba kapa moketeng o itseng o sa lumellaneng le Mangolo. Haeba letsoalo la Mokreste le sa mo lumelle hore a kopanele ketsahalong eo, sena se ka ’na sa mo qabanya le mohiri oa hae. Mohlomong ka nako eo ho ke ke ha e-ba bohlale hore a qaqisetse mohiri oa hae hore na ho etsa seo a reng a se etse ho fosahetse hakae. Ha e le hantle, batho ba sa lumeleng litumelo tsa Bokreste, ba ka ’na ba bona ho se letho le phoso ka ho etsa lintho tsena. (1 Petrose 2:21-23) Mohlomong u ka hlalosa ka mosa mabaka a hao a hore u se ke ua kopanela. Ha a u hlaba ka mantsoe, u se ke ua iphetetsa. Ho hotle hore Mokreste a latele keletso e molemo e ho Baroma 12:18: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”

Ho Bontša Mosa Sekolong

11. Bacha ba tobana le liphephetso life ha ba lokela ho bontša mosa ho bao ba kenang sekolo le bona?

11 Ka sebele ekaba phephetso hore bacha ba bontše liithuti-’moho le bona mosa. Hangata bacha ba laba-labela ho amoheloa ke bao ba kenang sekolo le bona. Bashemane ba bang ba iketsa bo-’mpoli e le hore ba rorisoe ke liithuti tse ling, ebile ba khahlapetsa ba bang sekolong. (Matheu 20:25) Bacha ba bang ba rata ho iketsa bo-mponeng lithutong, lipapaling, kapa mesebetsing e meng. Ha ba ikhantšetsa ba bang ka bokhoni ba bona, hangata ba tšoara bao ba kenang sekolo le bona le liithuti tse ling ka ho hloka mosa, ka phoso ba nahana hore ka tsela e itseng sena se etsa hore ba phahamele ba bang. Mocha oa Mokreste o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a etsisa batho bao. (Matheu 20:26, 27) Moapostola Pauluse o itse “lerato lea tiisetsa ’me le mosa” le hore lerato “ha le ithorise, ha le ikhohomose.” Kahoo, Mokreste o tlas’a tlamo ea ho khomarela keletso ea Mangolo ha a sebelisana le bao a kenang sekolo le bona, empa ha a tlas’a tlamo ea ho latela mohlala o mobe oa ba itšoarang ka ho hloka mosa.—1 Bakorinthe 13:4.

12. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore bacha ba bontše matichere a bona mosa? (b) Bacha ba ka batla thuso ho mang ha ba hatelloa hore ba se bontše mosa?

12 Bacha ba boetse ba lokela ho tšoara matichere a bona ka mosa. Baithuti ba bangata ba rata ho halefisa matichere a bona. Ba nahana hore ba bohlale ha ba hlompholla matichere a bona ka ho etsa lintho tse khahlanong le melao ea sekolo. Ba ka ’na ba tšosa ba bang hore ba ba etsise. Ha mocha oa Mokreste a hana ho kopanela le bona, a ka ’na a songoa kapa a fetoloa ’mutl’a-lintjeng. Ho tobana le maemo a joalo ha likolo li butsoe ho leka boikemisetso ba Mokreste ba ho bontša mosa. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore, ho ba mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. U ka kholiseha hore, o tla u tšehetsa ka moea oa hae linakong tsena tse thata bophelong.—Pesaleme ea 37:28.

Ho Bontša Baahelani Mosa

13-15. Ke eng e ka ’nang ea sitisa motho hore a se ke a bontša mosa ho baahelani ba hae, hona liphephetso tsee li ka hlōloa joang?

13 Ho sa tsotellehe hore na u lula ntlong, foleteng, kapa sebakeng leha e le sefe se seng, u ka nahana ka litsela tsa ho bontša mosa le ho bontša hore u amehile ka boiketlo ba baahelani ba hao. Sena le sona hase kamehla se leng bonolo.

14 Ho thoe’ng haeba baahelani ba hao ba u khetholla ka lebaka la morabe oa hao, bochaba, kapa bolumeli? Ho thoe’ng haeba ka linako tse ling ba u khahlapetsa kapa ba u hlokomoloha ka ho feletseng? Joaloka mohlanka oa Jehova, ho bontša mosa ka hohle kamoo u ka khonang ho tla u tsoela molemo. U tla hlahella u le motho ea fapaneng le bona ka mokhoa o khahlisang, ea tlotlisang Jehova e le kannete—e leng eena ea re behelang mohlala oa ho bontša mosa. Ha u tsebe hore na moahelani oa hao o tla fetola boikutlo ba hae neng ka lebaka la mosa oa hao. A ka ba a qetella e le mororisi oa Jehova.—1 Petrose 2:12.

15 Mosa o ka bontšoa joang? Tsela e ’ngoe ke ka hore litho tsohle tsa lelapa li be le boitšoaro bo botle ha li ntse li bonahatsa litholoana tsa moea. Baahelani ba ka ’na ba hlokomela sena. Ka linako tse ling, u ka ’na ua khona ho etsetsa moahelani oa hao ketso e itseng e mosa. Hopola hore mosa o bolela ho ba le thahasello e matla ka boiketlo ba batho ba bang.—1 Petrose 3:8-12.

Ho Bontša Mosa Tšebeletsong ea Rōna

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ho bontša mosa e le habohlokoa tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa? (b) Mosa o ka bontšoa joang likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea tšimo?

16 Re lokela ho tsebahala ka mosa tšebeletsong ea rōna ea Bokreste ha re ntse re ikitlaelletsa ho ea ho batho malapeng a bona, libakeng tseo ba sebetsang ho tsona le libakeng tsa sechaba. Re lokela ho hopola hore re emela Jehova, ea bontšang mosa ka linako tsohle.—Exoda 34:6.

17 Boiteko ba hao ba ho bontša mosa tšebeletsong ea hao bo akarelletsa eng? Ka mohlala, ha u fana ka bopaki seterateng, u ka bontša mosa ka ho khutsufatsa molaetsa le ka ho nahanela ha u atamela batho. Hangata batho baa phethesela litselaneng tsa maoto, kahoo e-ba hlokolosi hore u se ke ua thiba tsela. Hape, ha u paka tšimong ea khoebo, bontša mosa ka ho khutsufatsa molaetsa, u hopole hore bahoebi ba lokela ho hlokomela bareki.

18. Ho ba le temoho ho phetha karolo efe tabeng ea ho bontša mosa tšebeletsong ea rōna?

18 E-ba le temoho ha u le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. U se ke ua lula halelele, haholo-holo ha boemo ba leholimo bo se botle. Na u ka khona ho lemoha ha motho a fela pelo kapa a bile a tenoa ke ho ba teng ha hao? Mohlomong sebakeng seo u lulang ho sona, Lipaki Tsa Jehova li etela malapeng a batho khafetsa. Haeba ho joalo, bontša ho nahanela ka ho khethehileng, kamehla u be mosa hape u be botsoalle. (Liproverbia 17:14) Leka ho utloisisa lebaka la mong’a ntlo la hore a se ke a u mamela letsatsing leo. Hopola hore ho ka ’na ha etsahala hore e mong oa bara kapa baralib’eno ba Bakreste a etele ntlong eo haufinyane. Haeba u teana le motho ea bohale, leka ka hohle hore u bontše mosa. U se ke ua phahamisa lentsoe kapa oa sosobanya sefahleho, empa bua u khobile matšoafo. Mokreste ea mosa ha a batle ho qholotsa mong’a ntlo ka mantsoe. (Matheu 10:11-14) Mohlomong ka letsatsi le leng motho eo o tla mamela litaba tse molemo.

Ho Bontša Mosa Libokeng Tsa Phutheho

19, 20. Ke hobane’ng ha mosa o hlokahala ka phuthehong, hona o ka bontšoa joang?

19 Hape, ke habohlokoa hore re bontše balumeli-’moho le rōna mosa. (Baheberu 13:1) Kaha re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara, ho hlokahala hore re bontšane mosa ha re sebelisana.

20 Haeba phutheho e le ’ngoe kapa tse peli, kapa tse eketsehileng li kopanela Holong ea ’Muso e le ’ngoe, ke habohlokoa hore li sebelisane ka mosa le ka tlhompho. Likhang li sitisa tšebelisano-’moho ha ho hlophisoa linako tsa liboka le ha ho etsoa lintho tse ling tse hlokahalang tse kang ho hloekisa Holo le ho e nchafatsa. E-bang mosa ’me le nahanelane le hoja le ka ’na la fapana ka maikutlo. Ha le etsa joalo, mosa o tla hlōla, ’me ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa thahasello eo le e bontšang boiketlong ba batho ba bang.

Tsoelang Pele le Bontša Mosa

21, 22. Tumellanong le Bakolose 3:12, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

21 Mosa ke tšobotsi e akaretsang e amang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Kahoo re lokela ho o etsa karolo ea bohlokoa ea botho ba rōna ba Bokreste. Ho bontša ba bang mosa e lokela ho ba mokhoa oa rōna.

22 E se eka kaofela ha rōna re ka bontša mosa ho ba bang letsatsi le leng le le leng ’me re le motho ka mong, re sebelise mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.

Na U sa Hopola?

• Ke eng e thatafaletsang Mokreste ho bontša mosa?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša mosa ka lapeng?

• Ke eng se ka etsang hore e be phephetso ho bontša mosa ha re le sekolong, ha re le mosebetsing le ha re e-na le baahelani ba rōna?

• Hlalosa kamoo Bakreste ba ka bontšang mosa kateng tšebeletsong ea bona ea phatlalatsa.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha litho tsohle tsa lelapa li bontšana mosa ho ba le kutloano le bonngoe

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

U ka bontša mosa ha mosebetsi-’moho le uena a kula kapa a kuleloa ke setho sa lelapa

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Jehova o tšehetsa ba bontšang mosa ka botšepehi ho sa tsotellehe ho songoa

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho thusa moahelani ea hlokang thuso ho bontša mosa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela