Na ho se Nke Lehlakore ho Thibela Bakreste ho Bontša Lerato?
HO BA Mokreste hase feela taba ea ho bala Bibele, ho rapela esita le ho bina lifela ka Sontaha. Ho akarelletsa ho etsetsa Molimo le batho lintho tse itseng. Bibele e re: “A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Johanne 3:18) Jesu o ne a thahasella batho ba bang ka ho tebileng, ’me Bakreste ba batla ho mo etsisa. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore kamehla ba be le ‘ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakorinthe 15:58) Empa mosebetsi oa Morena ke eng? Na o akarelletsa ho leka ho fetola leano la ’muso e le hore mafutsana le ba hatelletsoeng ba ka rua molemo? Na Jesu o ile a etsa joalo?
Le hoja batho ba bang ba ile ba leka ho khothalletsa Jesu hore a kenelle litabeng tsa lipolotiki kapa a nke lehlakore, o ile a hana. O ile a hana ha Satane a mo fa matla holim’a mebuso eohle ea lefatše, a hana ho pheha khang tabeng ea ho lefa makhetho a ba a ikhula har’a mokhopi o neng o batla ho mo etsa morena. (Matheu 4:8-10; 22:17-21; Johanne 6:15) Empa taba ea hore ebe o ne a sa nke lehlakore ha ea ka ea mo thibela ho etsetsa batho ba bang se neng se ba tsoela molemo.
Jesu o ne a amehile ka se neng se tla tsoela batho molemo ka ho sa feleng. Le hoja taba ea hore o ile a fepa ba likete tse hlano le ho phekola ba kulang e ile ea tšelisa batho ba seng bakae ka nakoana, seo a neng a se ruta se ile sa etsa hore moloko oohle oa batho o khone ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Jesu ha aa ka a tsejoa e le motho ea hlophisang matšolo a liphallelo, empa o ile a tsejoa feela e le “Mosuoe.” (Matheu 26:18; Mareka 5:35; Johanne 11:28) O ile a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.”—Johanne 18:37.
Ho Bolela se Seng se Molemo ho Feta Lipolotiki
’Nete eo Jesu a neng a e ruta e ne e se thuto ea lipolotiki. Ho fapana le moo, e ne e thehiloe ’Musong oo eena ka boeena e neng e tla ba Morena oa oona. (Luka 4:43) ’Muso ona ke puso ea leholimo, ’me o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka o be o tlisetse moloko oa batho khotso ka ho sa feleng. (Esaia 9:6, 7; 11:9; Daniele 2:44) Kahoo, ke eona tšepo ea ’nete feela bakeng sa moloko oa batho. Na ha ho bontše lerato haholoanyane ho bolella batho ka tšepo e joalo ea sebele ea bokamoso ho feta ho ba khothalletsa hore ba tšepe batho hore ba tla ba etsetsa bokamoso bo sireletsehileng? Bibele e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena. Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela. Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae.” (Pesaleme ea 146:3-5) Kahoo, ho e-na le ho romela barutuoa ba hae hore ba il’o buella tsela e molemonyana ea ho hlophisa mebuso, Jesu o ile a ba ruta hore ba bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.”—Matheu 10:6, 7; 24:14.
Kahoo, ona ke oona “mosebetsi oa Morena” oo baboleli ba Bakreste ba laetsoeng ho o etsa. Kaha ho hlokahala hore bafo ba ’Muso oa Molimo ba ratane, ’Muso oo o tla atleha ho felisa bofutsana ka ho aba matlotlo a moloko oa batho ka tsela e lekanang. (Pesaleme ea 72:8, 12, 13) Tsena ke litaba tse molemo ’me ka sebele re tšoanela ho li bolela.
Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li hlophiselitsoe ho etsa ‘mosebetsi ona oa Morena’ linaheng tse 235. Tumellanong le taelo ea Jesu, li hlompha mebuso eohle. (Matheu 22:21) Empa li boetse li ela hloko mantsoe ana ao a a buileng mabapi le balateli ba hae, a reng: “Ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Johanne 15:19.
Ba bang ba neng ba buella lipolotiki ba khaolitse ka mor’a ho ithuta Bibele ka hloko. Ralipolotiki e mong oa Motaliana eo e neng e le setho sa Mokhatlo oa Mak’hatholike, e leng mokhatlo o laoloang ke kereke, o itse: “Ke ile ka ameha lipolotiking ke nahana hore motho o lokela ho ba mafolofolo ho ntšetsa pele lipolotiki tsa sechaba le maemo a sona a bophelo.” Ka mor’a ho itokolla boemong ba ho ba ramotse e le hore a ka bolela ka ’Muso oa Molimo e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha boiteko ba batho ba nang le ’nete lipolotiking bo hlōleha. O ile a re: “Lefatše lena ha le maemong ao le leng ho ’ona hobane ho se na batho ba lokileng ba ileng ba leka ho ntlafatsa maemo a lona a bophelo, empa ke hobane boiteko bo lokileng bo entsoeng ke ba seng bakae bo ile ba pupetsoa ke bokhopo bo entsoeng ke batho ba bangata.”
Ho tsoa lipolotiking e le hore motho a khone ho bolela tšepo ea ’nete feela bakeng sa moloko oa batho ha ho thibele Mokreste oa ’nete hore a se ke a thusa ba bang ka litsela tse molemo. Batho bao ba ba thusang hore ebe bafo ba ’Muso oa Molimo ba ithuta ho fetola boikutlo bo kotsi, ho hlompha mebuso, ho ntlafatsa bophelo ba malapa a bona le ho ba le pono e leka-lekaneng ka maruo a lintho tse bonahalang. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Lipaki Tsa Jehova li thusa batho ho thabela ho ba le kamano e haufi-ufi le Molimo.
Baboleli ba ’Muso oa Molimo ba tsoela sechaba seo ba phelang ho sona molemo. Empa ntho ea bohlokoa ho feta eo ke hore, ba bontša batho hore ba tšepe puso ea sebele, e tla etsa hore batho bohle ba ratang Molimo ba be le khotso e sa feleng. Ka lebaka la ho se nke lehlakore ha bona, kajeno Bakreste bana ba lokolohile hore ba ka fana ka thuso e nang le melemo ea nako e telele le e sebetsang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ke Ile ka Tlohela ho Buella Lipolotiki, ka Buella ’Muso oa Molimo
Ha Átila e sa le moshanyana, baprista ba hae ba pharishe ea Belém, Brazil ba ile ba mo ruta bolumeli ba tokoloho. O ne a thabela ho utloa hore qetellong moloko oa batho o ne o tla lokoloha khatellong eaba o kenela mokhatlo oa baitseki, e leng moo a ileng a ithuta ho hlophisa mekoloko ea boipelaetso le matšolo a khahlanong le ’muso.
Empa Átila o ne a boetse a thabela ho ruta bana ba litho tsa sehlopha a sebelisa buka eo a neng a e filoe, e reng, Ho Mamela Mosuoe e Moholo.a E ne e bua ka boitšoaro bo botle le ka ho mamela ba nang le matla a ho laela. Sena se ile sa etsa hore Átila a ipotse hore na ke hobane’ng ha batho ba tšehetsang bolumeli ba tokoloho ba sa latele litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Jesu le hore na ke hobane’ng ha ba bang ba lebala batho ba hatelletsoeng ha ba se ba le pusong. O ile a itokolla mokhatlong oo. Hamorao, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kokota monyako oa ntlo ea hae eaba li bua le eena ka ’Muso oa Molimo. Kapelenyana o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ithuta ka pheko ea ’nete ea khatello ea moloko oa batho.
Ha a ntse a ithuta, Átila o ile a ba teng seminaring ea Mak’hatholike e neng e bua ka bolumeli le lipolotiki. Mokoetlisi oa bona o ile a hlalosa hore “bolumeli le lipolotiki ke nonyana tsa siba le le leng.” Hape o ile a ea libokeng Holong ea ’Muso. Ho ne ho fapane hakaakang! Ho ne ho sa tsujoe, ho sa nooe kapa hona ho etsa mesoaso e litšila. O ile a etsa qeto ea ho tsamaea le Lipaki ha li e-ea mosebetsing oa tsona oa boboleli, ’me kapele feela o ile a kolobetsoa. Hona joale oa bona hore na ke hobane’ng ha thuto ea bolumeli ba tokoloho e se tharollo ea sebele ea mathata a mafutsana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Ho se nke lehlakore ha basebeletsi ba Bakreste ha ho ba thibele ho thusa batho ba bang