Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 9/1 maq. 3-4
  • Ho Batla Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Thabo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re e Batla Mehloling e Nepahetseng?
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thabo—Ho Thata Hakaakang Ho E Finyella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bophelo bo Botle le Thabo—U ka li Fumana Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 9/1 maq. 3-4

Ho Batla Thabo

LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, batho ba Fora, ba Jeremane, ba Great Britain le ba United States ba ile ba botsoa potso ena, “Ke eng e hlokahalang e le hore motho a thabe?” Har’a batho ba ileng ba botsoa potso ena, ba 89 lekholong ba itse ho hlokahala hore motho a be le bophelo bo botle; ba 79 lekholong ba bua ka lenyalo kapa bolekane bo thabisang; ba 62 lekholong ba bua ka ho ba le bana; ’me ba 51 lekholong ba ne ba nahana hore mosebetsi o motle oa hlokahala bakeng sa ho fumana thabo. Le hoja batho ba bangata ba lula ba rutoa hore chelete ha e tlise thabo, ba 47 lekholong ba ileng ba botsoa potso eo ba ne ba kholisehile hore ea e tlisa. Linnete li bontša eng?

Ntlha ea pele, nahana ka seo ho nkoang hore ke kamano pakeng tsa chelete le thabo. Phuputso e ileng ea etsoa ho batho ba lekholo ba ruileng ka ho fetisisa United States e bontšitse hore ba ne ba sa thaba ho feta batho ba bang kaofela. Ho feta moo, ho latela litsebi tsa bophelo bo botle ba kelello, le hoja batho ba bangata ba United States ba ekelitse maruo a bona a lintho tse bonahalang ka makhetlo a mabeli lilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ha baa thaba ho feta kamoo ba neng ba thabile kateng pele. Ha e le hantle, tlaleho e ’ngoe e re: “Nakong eona eo, ho tepella maikutlo ho ile ha ja setsi. Palo ea bacha ba ipolaeang e ile ea imena ka makhetlo a mararo. Palo ea ba hlalanang e ile ea imena ka makhetlo a mabeli.” Linaheng tse ka bang 50 tse fapaneng, bafuputsi ba ileng ba ithuta hore na chelete le thabo li amana joang, ba entse qeto ea hore chelete e ke ke ea tlisetsa motho thabo.

Ntlha ea bobeli, lintho tse kang bophelo bo botle, lenyalo le monate le mosebetsi o motle ke tsa bohlokoa hakae e le hore motho a thabe? Bonneteng, haeba ka sebele lintho tsena li ne li hlokahala e le hore motho a thabe, ho thoe’ng ka batho ba limilione ba se nang bophelo bo botle le bohle bao manyalo a bona a seng monate? Ho thoe’ng ka banyalani ba se nang bana le banna le basali ba se nang mosebetsi o motle? Na batho ba joalo kaofela ba reretsoe ho phela bophelo bo se nang thabo? ’Me na seo ho nahanoang hore ke thabo ea batho bao hona joale ba nang le bophelo bo botle le manyalo a monate e tla fela ha maemo a bona a fetoha?

Na re e Batla Mehloling e Nepahetseng?

E mong le e mong o batla ho thaba. Sena ha se makatse kaha ’Mōpi oa motho o hlalosoa e le “Molimo ea thabileng,” ’me motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (1 Timothea 1:11; Genese 1:26, 27) Kahoo, ke ha tlhaho hore batho ba batle thabo. Leha ho le joalo, ba bangata ba nka hore ho nahana ka thabo ho tšoana le ho itšoarella ka lehlaka le eang le nōka—ka bobeli ba tla hoholeha habonolo.

Leha ho le joalo, na ebe ke taba ea hore batho ba bang ba lekang ka matla ho fumana thabo ba feteletsa lintho? Rafilosofi e mong oa sechaba ea bitsoang Eric Hoffer o ne a nahana joalo. O ile a beha taba tjena: “Ho batla thabo ke o mong oa mehloli e ka sehloohong ea ho se thabe.” Eo ke ’nete e tsoileng matsoho haeba re batla thabo mehloling e fosahetseng. Boemong bo joalo, ka sebele re tla nyahama le ho ferekana. Ho leka ho rua; ho loanela botumo kapa ho amoheloa ke batho; ho hahamalla lipakane tsa lipolotiki, tsa sechaba kapa tsa moruo; kapa ho phela feela ka boikhabi le ho batla ho ikhotsofatsa kapele, kaofela ha tsona li ke ke tsa tlisetsa motho thabo. Ha ho makatse ha batho ba bang ba se ba e-na le maikutlo a fapaneng le a tloaelehileng a boletsoeng ke mongoli e mong ea itseng: “Hafeela re ne re ka tlohela ho ikitlaelletsa ho thaba, ka sebele re ne re tla thaba ka ho lekaneng”!

Ke habohlokoa hore ebe phuputso eo ho buuoeng ka eona qalong ea sehlooho sena e boetse e bontšitse hore batho ba 4 ho ba 10 ba ne ba utloisisa hore thabo e tsoaloa ke ho etsetsa batho ba bang se molemo le ho ba thusa. ’Me a le mong ho ba bane o ne a hatella hore tumelo le ho kholiseha bolumeling ke lintho tsa bohlokoa tse tlisang thabo. Ho hlakile hore re tlameha ho shebisisa hore na ho hlokahala eng hore motho a thabe e le kannete. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho etsa joalo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Batho ba bangata ba nahana hore chelete, bophelo bo monate ba lelapa kapa mosebetsi o motle, ke lintho tsa bohlokoa tse tlisang thabo. Na u lumellana le bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela