Batho ba ka Phela Halelele Hakae?
KA LA 3 March, 1513, mofuputsi e mong oa Lespanishe, Juan Ponce de León o ile a kena leetong le thahasellisang. O ile a sesa ka sekepe ho tloha Puerto Rico a tšepile ho fihla sehlekehlekeng sa Bimini. Pale e bontša hore o ne a batla seliba sa mohlolo—Seliba sa Bocha. Empa o ile a fihla sebakeng seo hona joale se bitsoang setereke sa Florida, U.S.A. Ke ’nete hore ha aa ka a fumana seliba seo kaha ha se eo.
Kajeno, batho ka kakaretso ha ba phele ho feta lilemo tse 70 kapa tse 80. Le hoja Bibele e thathamisa batho ba ileng ba phela halelele ho feta moo, 2002 Guinness Book of World Records, e re motho ea tsofetseng ka ho fetisisa ea kileng a phela e bile ea lilemo li 122 le matsatsi a 164. (Genese 5:3-32) Leha ho le joalo, setsebi sa thuto ea meriana John Harris se itse: “Joale phuputso e ncha e bontša hore ho ka khoneha hore ho be le moloko oo ho oona botsofali—esita le lefu—e ka ’nang ea se hlole e e-ba lingoetsi tsa malapa ’ohle.” Bafuputsi ba bangata ba lekholong la bo21 la lilemo ba bua ka “boemo ba ho se shoe,” “bophelo ba batho bo se nang moeli ka 2099,” “bokhoni ba ho ba le lisele tse sa shoeng tse tsoelang pele ho ata,” le lintho tse joalo.
Bukeng ea hae ea The Dream of Eternal Life, Mark Benecke o re: “Hoo e ka bang ’mele oohle o nchafatsoa ka makhetlo a ’maloa bophelong. . . . Ka mor’a hoo e ka bang lilemo tse supileng, re ba le ’mele e mecha ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, sena ha se etsahale ho ea ho ile hobane ka mor’a hore lisele li arohane ka makhetlo a itseng a lekanyelitsoeng esale pele li khaotsa ho ikatisa. Leha ho le joalo, Benecke o re ha e ne e se ka lebaka leo, “’mele oa motho o ne o ka inchafatsa ka nako e telele haholo—esita le ka ho sa feleng.”
Hape, nahana ka matla a hlollang a boko ba motho, a fetang hōle tsela leha e le efe eo re ka ’nang ra bo sebelisa ka eona bophelong ba rōna bo batlang bo le bokhutšoanyane. Ho latela Encyclopædia Britannica, boko ba motho “bo fuoe matla a maholohali ho feta kamoo bo ka sebelisoang kateng bophelong ba motho.” (Khatiso ea 1976, Buka ea 12, leqepheng la 998) Buka ea How the Brain Learns, ea David A. Sousa e re: “Ha e le hantle, matla a boko a ho boloka boitsebiso ha a na tekanyo.”—Leqepheng la 78, Khatiso ea Bobeli, copyright ea 2001.
Ke hobane’ng ha bafuputsi ba sa fumane lebaka ’meleng la hore na ke hobane’ng ha re e-shoa? Hona ke hobane’ng ha boko ba motho bo e-na le matla a maholo hakaalo? Na ho ka etsahala hore ebe re ne re etselitsoe hore re tsoele pele ho rua tsebo ka ho sa feleng? Ke hobane’ng ha re khona ho nahana ka bophelo bo sa feleng?
Bibele e re: “[Molimo] o kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” (Moeklesia 3:11) Mantsoe ana a bontša hore Molimo o re kentse boikutlo ba ho phela ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, re tla lula re e-na le ntho eo re ka ithutang eona ka Molimo le ka mesebetsi ea hae. Haeba re ne re phetse lilemo tse limilione tse likete-kete—e, re phetse ka ho sa feleng—ka linako tsohle re ne re tla khona ho ithuta ho eketsehileng ka limakatso tsa mesebetsi ea Molimo ea pōpo.
Mantsoe a Jesu Kreste le ’ona a bontša hore batho ba ka khona ho phela ka ho sa feleng. O itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Uena u re’ng? Na u batla ho phela ka ho sa feleng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Juan Ponce de León o ile a batla seliba sa bocha
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ponce de León: Harper’s Encyclopædia of United States History