Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/15 maq. 4-7
  • Na U Batla ho Phela ka ho sa Feleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Batla ho Phela ka ho sa Feleng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Phela ka ho sa Feleng ho Tla ba Bolutu?
  • Na Bophelo ke ba Bohlokoa Hobane bo le Bokhutšoanyane?
  • Ho Tla Etsahala’ng ka Baratuoa ba Hao?
  • Bophelo bo sa Feleng—Tebello e Thabisang
  • Re ka Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Tsela Feela e Isang Bophelong bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na U ka Phela ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/15 maq. 4-7

Na U Batla ho Phela ka ho sa Feleng?

LEQHEKOANA le leng la Japane le ile la re: “Ha ke tšabe lefu. Empa ho nkutloisa bohloko hore ke tla tlameha ho siea lipalesa tsena.” Mosebeletsi oa Mokreste ea neng a le etetse o ile a utloisisa lebaka la ho ikutloa joalo, etsoe leqhekoana leo le ne le e-na le serapa se setle sa lipalesa. Bonneteng batho ba bangata ba reng ha ba tšabe lefu ba thabela limakatso tsa pōpo ’me ha e le hantle ba ka ’na ba lakatsa ho phela ka ho sa feleng.

Ho phela ka ho sa feleng? Ba bangata ba ne ba ka qhelela boikutlo bo joalo ka thōko. Ba bang ba ka ’na ba re ha ba thahaselle ho phela ka ho sa feleng. Ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka ikutloa joalo?

Na ho Phela ka ho sa Feleng ho Tla ba Bolutu?

Ba bang ba nahana hore ho phela ka ho sa feleng ho tla ba bolutu. Ba ka ’na ba bua ka bophelo bo tenang ba batho ba bangata ba tlohetseng mosebetsi, bao ho seng letho le lekaalo leo ba le etsang empa ba lula ba shebeletse thelevishene. Haeba u ikutloa joalo, nahana ka seo Robert Jastrow, setsebi sa linaleli, a ileng a se bua ha a botsoa hore na bophelo bo sa feleng e tla ba tlhohonolofatso kapa bomalimabe. Jastrow o ile a araba tjena: “E tla ba tlhohonolofatso ho ba nang le likelello tse lakatsang ho tseba le takatso e sa feleng ea ho ithuta. Ntlha ea hore ho tla be ho e-na le monyetla oa ka ho sa feleng oa ho fumana tsebo e tla ba e ba tšelisang haholo. Empa ho ba nahanang hore ba se ba ithutile sohle seo ho hlokahalang hore ba ithute sona le ho ba sa nahaneng ka botebo, [bophelo bo sa feleng] e tla ba bomalimabe bo tšabehang ho bona. Ba tla be ba sa tsebe hore na ba etse’ng ka nako ea bona.”

Hore na ho uena bophelo bo sa feleng e tla ba bo thahasellisang kapa che ho itšetlehile ka boikutlo ba hao. Haeba u e-na le ‘kelello e lakatsang ho tseba le takatso e sa feleng ea ho ithuta,’ nahana hore na u tla finyella eng linthong tse kang bonono, ’mino, kaho, ho lokisa lirapa, kapa mosebetsing leha e le ofe oo u o ratang. Ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ho tla u fa menyetla e babatsehang ea ho atolosa bokhoni ba hao mesebetsing eo u e ratang.

Bokhoni ba ho bontša le ho bontšoa lerato ka ho sa feleng bo tla etsa hore ruri bophelo bo sa feleng e be bo khotsofatsang. Re bōpiloe re e-na le bokhoni ba ho bontša lerato, ’me rea ipabola ha re ikutloa re ratoa. Ho bontšana lerato la ’nete ho tlisa khotsofalo e khōlō e ke keng ea fela ha nako e ntse e feta. Ho phela ka ho sa feleng ho ke ke ha re fa monyetla oa ho tsoela pele re rata batho ba bang feela, empa haholo-holo ho tla re fa monyetla oa ho tsoela pele re rata Molimo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.” (1 Bakorinthe 8:3) Ke monyetla o babatsehang hakaakang—oa ho tseba le ho tsejoa ke ’Musi oa bokahohle! Ho feta moo, ho ithuta ka ’Mōpi ea lerato ke ntho e etsoang mocha-o-chele. Ha ho le joalo, na hoa utloahala ho nahana hore ho phela ka ho sa feleng ho tla ba bolutu kapa ho ke ke ha e-ba molemo?

Na Bophelo ke ba Bohlokoa Hobane bo le Bokhutšoanyane?

Ba bang ba nahana hore bophelo ke ba bohlokoa haholo hobane bo le bokhutšoanyane. Ba ka ’na ba bapisa bophelo le khauta, e sa fumaneheng ka bongata. Ba re haeba khauta e ne e ka fumanoa hohle, theko ea eona e ne e tla theoha. Leha ho le joalo, khauta e ne e tla ’ne e be ntle. Ka sebele hoa tšoana le ka bophelo.

Re ka ’na ra bapisa ho phela ka ho sa feleng le ho ba le moea o mongata. Ho basesisi ba sabmarine e robehetseng ka metsing, moea ke oa bohlokoa haholo. Ka mor’a hore ba pholosoe, na u nahana hore ka ho hloka teboho ba ne ba tla ipelaetsa ka hore ba boetse ba na le moea o mongata? Che!

Joaloka basesisi bao, re ka pholosoa empa re e-na le tšepo e khōloanyane ea bophelo bo sa feleng. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, Molimo o tla tlosa ho se phethahale le lefu ho batho ebe o fa moloko oa batho o mamelang mpho ea bophelo bo sa feleng. Ruri re lokela ho leboha haholo ka tokisetso e joalo e lerato!

Ho Tla Etsahala’ng ka Baratuoa ba Hao?

Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ho tla etsahala’ng ka baratuoa ba ka? Bophelo bo sa feleng lefatšeng e ke ke ea e-ba ba bohlokoa hakaalo ho ’na haeba ba le sieo.’ Mohlomong u ruile tsebo ea Bibele ’me u ithutile hore ho na le monyetla oa ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Johanne 3:16; 17:3) Hoa utloahala hore u tla rata hore litho tse haufi tsa lelapa la hao li be teng moo, hammoho le baratuoa ba bang ba hao le metsoalle e ratehang, ’me ba be le thabo eo u tšepang hore u tla ba le eona lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo le tšepisitsoeng.—2 Petrose 3:13.

Empa joale ho thoe’ng haeba metsoalle le baratuoa ba hao ba sa thahaselle ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise? U se ke ua lumella seo ho u nyahamisa. Tsoela pele ho rua tsebo e nepahetseng ea Mangolo le ho etsa lintho tumellanong le seo u ithutileng sona. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Mosali oa Mokreste, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao? Kapa monna oa Mokreste, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao?” (1 Bakorinthe 7:16,Today’s English Version) Batho ba ka fetoha. Ka mohlala, monna e mong ea kileng a hanyetsa Bokreste o ile a fetoha, ’me hamorao ea e-ba moholo phuthehong e ’ngoe ea Bokreste. O re: “Kea leboha hore ebe lelapa la ka le ratehang le ile la tšoarella ka botšepehi melao-motheong ea Bibele nakong eohle ea ha ke ne ke ntse ke le hanyetsa.”

Molimo o amehile haholo ka bophelo ba hao le ka bophelo ba baratuoa ba hao. Ka sebele, “Jehova . . . ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Jehova Molimo o batla hore uena hammoho le baratuoa ba hao le phele ka ho sa feleng. Lerato la hae le leholo ho feta la batho ba sa phethahalang. (Esaia 49:15) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa etse hore u be le kamano e ntle le Molimo? Joale u ka ’na ua khona ho thusa baratuoa hore le bona ba be le kamano e ntle le Molimo. Le haeba hona joale ba se na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng, tsela eo ba talimang lintho ka eona e ka ’na ea fetoha ha ba u bona u itšoara ho latela tsebo e nepahetseng ea Bibele.

Ho thoe’ng ka baratuoa ba hao ba hlokahetseng? Bibele e fana ka tšepo e babatsehang ea hore ho tla ba le tsoho ea batho ba limilione ba shoeleng—tšepo ea hore ba tsohe bafung ebe ba phela lefatšeng la Paradeise. Jesu Kreste o ile a tšepisa a re: ‘Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla . . . tsoa.’ (Johanne 5:28, 29) Esita le ba shoeleng ba sa tsebe Molimo ba tla khutlisetsoa bophelong, kaha Bibele e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) E tla ba ho thabisang hakaakang ho amohela batho ba joalo ha ba khutlela bophelong!

Bophelo bo sa Feleng—Tebello e Thabisang

Haeba u ka fumana thabo le khotsofalo hona joale ho sa tsotellehe likhathatso tsohle tse teng lefatšeng lena, ruri u tla khona ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Leha ho le joalo, ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ne a bua ka litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke bophelo bo sa feleng, mosali e mong o ile a re: “Ha ke batle ho phela ka ho sa feleng. Bophelo bona ba lilemo tse 70 kapa tse 80 bo ntekane.” Moholo e mong oa Mokreste ea neng a le teng moo o ile a mo botsa potso ena: “Na u kile ua nahana hore na bana ba hao ba ne ba tla ikutloa joang haeba u ne u ka shoa?” Likeleli li ile tsa keleketla marameng a hae ha a nahana hore na ba ne ba tla ba masisa-pelong a makae ha ba ne ba ka lahleheloa ke ’m’a bona. O ile a re: “Ka lekhetlo la pele, ke ile ka lemoha kamoo ke neng ke le moithati kateng, ke ile ka ba ka hlokomela hore tšepo ea bophelo bo sa feleng hase ea boithati empa e ama kamano ea rōna le batho ba bang.”

Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ho motho ea tsotellang hore na baa phela kapa baa shoa. Empa, ke seo Monehi-Bophelo oa rōna a amehileng ka sona, kaha o re: “Ka ’na ea phelang, . . . ha ke khahloe ke lefu la ea khopo, empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.” (Ezekiele 33:11) Kaha Molimo o amehile haholo hakaalo esita le ka bophelo ba ba khopo, ka sebele o amehile ka ho teba ka ba mo ratang.

Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlokomela ka lerato. Ka nako e ’ngoe Davida o ile a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ho bonahala Davida a ne a tseba hore batsoali ba hae baa mo rata. Empa esita le haeba batsoali ba hae—batho bao a neng a hlile a amana le bona—ba ne ba ka mo siea, o ne a tseba hore Molimo o ne a ke ke a mo siea lepalapaleng. Ka lebaka la lerato le kameho ea hae, Jehova o re tšepisa bophelo bo sa feleng le ho ba le botsoalle le eena ho ea ho ile. (Jakobo 2:23) Na ha rea lokela ho leboha ha re amohela limpho tsee tse babatsehang?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho rata Molimo le moahelani ho tla etsa hore bophelo bo sa feleng e be ba bohlokoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela