Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/15 maq. 8-9
  • “Jehova, Mesebetsi ea Hao e Mengata Hakaakang!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova, Mesebetsi ea Hao e Mengata Hakaakang!”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Sebelisa Lintho Tseo Jehova a li Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Eena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Rorisang Morena oa Bosafeleng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • The Wonders of Creation Reveal God’s Glory
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/15 maq. 8-9

Bokhabane ba Pōpo ea Jehova

“Jehova, Mesebetsi ea Hao e Mengata Hakaakang!”

HO SA tsotellehe hore na re lula mahaeng kapa toropong, holimo-limo lithabeng kapa tlaase pel’a leoatle, re lika-likelitsoe ke pōpo e tsotehang ka bokhabane. Ke ka nepo 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova e bontšang litšoantšo tsa mesebetsi e hlollang ea matsoho a Jehova Molimo.

Ka linako tsohle batho ba nang le teboho ba ’nile ba ameha ka mesebetsi ea Molimo. Ka mohlala, nahana ka Solomone eo bohlale ba hae ‘bo neng bo le boholo ho feta bohlale ba baahi bohle ba Bochabela.’ Bibele e re: “O ne a bua ka lifate, ho tloha ka kedare e Lebanone ho ea ho hysopa e tsoang lerakong; o ne a bua ka liphoofolo le ka libōpuoa tse fofang le ka lintho tse tsamaeang le ka litlhapi.” (1 Marena 4:30, 33) Khafetsa ntat’a Solomone, e leng Morena Davida, o ne a nahanisisa ka mesebetsi ea Molimo e tsotehang. O ile a susumelletseha hore a re ho Moetsi oa hae: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.a

Le rōna re lokela ho hlahloba pōpo le ho ithuta ka eona. Ka mohlala, re ka ’na ra ‘phahamisetsa mahlo [a rōna] holimo’ ebe rea botsa: “Ke mang ea bōpileng lintho tsee?” Ruri ke Jehova Molimo, ea nang le “bonatla . . . bo boholo” le eo ka sebele a nang le “matla a maholo”!—Esaia 40:26.

Ho nahanisisa ka mesebetsi ea pōpo ea Jehova ho lokela ho re ama joang? Bonyane ka litsela tse tharo. Ho ka (1) re hopotsa hore re rate bophelo ba rōna, (2) ha re susumetsa hore re thuse ba bang ho ithuta ka pōpo, ha ba ha (3) re susumetsa hore re tsebe ’Mōpi oa rōna ka botlalo le ho mo leboha haholo.

Bophelo ba rōna re le batho, bo fetang hōle ba “liphoofolo tse sa nahaneng,” bo re nolofalletsa ho hlahloba le ho nka limakatso tsa pōpo e le tsa bohlokoa. (2 Petrose 2:12) Mahlo a rōna a ka bona ponahalo e ntle ea naha. Litsebe tsa rōna li ka utloa lipina tse monate tsa linonyana. Ka lebaka la ho tseba nako le libaka, re hopola lintho tse thabisang. Le hoja bophelo ba rōna ba hona joale bo sa phethahala, ruri ke ba bohlokoa!

Batsoali ba thabela ho bona tsela e se nang boiketsiso eo bana ba itšoarang ka eona ha ba bona pōpo. Ruri bana ba rata ho fumana likhetla pel’a leoatle, ho pholla phoofolo ea lapeng le ho hloa lifate! Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona ho bona hore ho na le kamano pakeng tsa pōpo le ’Mōpi. Ho hlolloa le tlhompho tseo bana ba bang le tsona ka pōpo ea Jehova, li ke ke tsa fetoha bophelong bohle ba bona.—Pesaleme ea 111:2, 10.

Ruri re ne re tla be re fifaletsoe ke pono haholo haeba re ne re ka khahloa ke pōpo empa re sa tlotlise ’Mōpi. Boprofeta ba Esaia bo re thusa hore re nahane ka ntlha eona ena ha bo re: “Na ha ua tseba kapa ha ua utloa? Jehova, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše, ke Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ha a khathale kapa ho tepella. Kutloisiso ea hae e ke ke ea batlisisoa.”—Esaia 40:28.

E, mesebetsi ea Jehova e fana ka bopaki ba bohlale ba hae bo ke keng ba bapisoa, matla a hae a ke keng a qholotsoa le lerato la hae le tebileng ho rōna. Ha re bona botle bo re potolohileng ’me re lemoha litšobotsi tsa Ea entseng lintho tsena kaofela, e se eka re ka susumelletseha ho bua joaloka Davida ea ileng a re: “Ha ho le ea mong ea tšoanang le uena . . . , Jehova, hape ha ho mesebetsi leha e le efe e tšoanang le ea hao.”—Pesaleme ea 86:8.

Re ka kholiseha hore batho ba mamelang ba tla tsoela pele ho rata mesebetsi ea Jehova ea pōpo. Ka mehla le mehla, re tla ba le menyetla e sa feleng ea ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. (Moeklesia 3:11) ’Me ha re ithuta ho eketsehileng ka ’Mōpi oa rōna, re tla mo rata haholoanyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova, November/December.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Thoriso e Eang ho ’Mōpi

Bo-rasaense ba bangata ba nang le kananelo baa bona hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho. Mehlala e latelang e seng mekae e bontša seo:

“Karolo e khahlisang le e thabisang lekaleng la ka la saense e ba mohlang ola ke sibolotseng ntho e ncha ebe ke ipolella hore, ‘Ke kamoo Molimo a e entseng kateng.’ Sepheo sa ka ke ho utloisisa karoloana e nyenyane ea morero oa Molimo.”—Henry Schaefer, moprofesa oa k’hemistri.

“Ha ho tluoa sesoseng sa ho eketseha ha Bokahohle, ’mali o tlameha ho iketsetsa qeto, empa kutloisiso ea rōna ea haella ka ntle ho Eena [Molimo].”—Edward Milne, setsebi sa Lebrithani sa thuto ea saese ea bokahohle.

“Rea tseba hore tlhaho e hlalosoa ka lipalo tse phahameng ho feta tsohle tse ka sebelisoang hobane Molimo o e bōpile.”—Alexander Polyakov, setsebi sa lipalo sa Lerussia.

“Thutong ea rōna ea lintho tsa tlhaho re hlahloba menahano ea ’Mōpi, re ithuta mehopolo ea hae, re hlalosa tsela ea hae eseng ea rōna.”—Louis Agassiz, setsebi sa Leamerika sa baeloji.

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Li-gentoo penguin, Hloahloeng ea Antarctic

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Grand Teton National Park, Wyoming, U.S.A.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Jack Hoehn/Index Stock Photography

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela