Lebaka Leo ba Bangata ba sa Kholoeng Hore Bolumeli bo ka Kopanya Batho
“U RATE moahelani oa hao.” (Matheu 22:39) Malumeli a mangata a buella molao ona oa motheo oa boitšoaro. Haeba malumeli ao a ne a atleha ho ruta litho tsa ’ona ho rata baahelani ba tsona, balateli ba ’ona ba ne ba tla kopana ’me ba be bonngoeng. Leha ho le joalo, na ke sona seo u se hlokometseng malumeling? Na malumeli a susumetsa batho hore ba kopane? Phuputso e ’ngoe ea morao tjena Jeremane e ile ea botsa potso ena: “Na malumeli a kopanya batho, kapa na ho bonahala eka aa ba arola?” Ho ba ileng ba arabela, karolo ea 22 lekholong e ne e nahana hore malumeli a kopanya batho, ha karolo ea 52 lekholong e ne e bontša hore aa ba arola. Mohlomong batho ba naheng ea heno le bona ba ikutloa ka tsela eo.
Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba se na tšepo e kaalo ea hore bolumeli bo ka kopanya batho? Mohlomong ke hobane ba tseba liketsahalo tsa nakong e fetileng. Ho e-na le ho kopanya batho, khafetsa bolumeli bo ’nile ba ba tsekolla. Maemong a mang, bolumeli bo ’nile ba sebelisoa ho pata liketso tse tšabehang ka ho fetisisa. Ak’u nahane ka mehlala e meng ea se etsahetseng lekholong le fetileng la lilemo feela.
Ka Tšusumetso ea Bolumeli
Ntoeng ea bobeli ea lefatše, Linaheng Tsa Balkan, ho ne ho kupa e mahlo-mafubelu pakeng tsa Maroma a K’hatholike a Croatia le Maorthodox a Serbia. Lihlopha tsena ka bobeli li ne li ipolela hore li latela Jesu, ea ileng a ruta balateli ba hae hore ba rate baahelani ba bona. Empa ho latela mofuputsi e mong, ntoa ea bona e ile ea fella ka “polao e ’ngoe ea baahi e nyarosang ka ho fetisisa historing.” Lefatše le ile la nyarosoa ke lenane la banna, basali le bana ba ileng ba bolaoa moo ba fetang 500 000.
Ka 1947, naha ea India e batlileng e lekana le k’honthinente e ne e le lehae la batho ba ka bang limilione tse 400—e leng hoo e ka bang karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše—boholo ba bona e le Mahindu, Mamosleme le Masikhe. Ha India e ne e aroloa, ho ile ha hlaha sechaba sa Maislamo sa Pakistane. Ka nako eo, baphaphathehi ba baloang ka likete tse makholo ba tsoang linaheng tseo ka bobeli ba ile ba chesoa, ba khakhathoa, ba hlokofatsoa le ho thunngoa letotong la lipolao tse sehlōhō tsa bolumeli.
Joalokaha eka mehlala eo ha e re letho, ha lekholo la bo21 la lilemo le thoasa, tšokelo ea bokhukhuni e ile ea tōta. Kajeno bokhukhuni bo entse hore lefatše lohle le lule le falimehile, ’me lihlopha tse ngata tsa likhukhuni li bolela hore li amana le bolumeli bo itseng. Bolumeli ha bo nkoe e le ntho e khothalletsang bonngoe. Ho fapana le moo, khafetsa bo amahanngoa le liketso tse mabifi hammoho le likarohano. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ha makasine ea Jeremane FOCUS e bapisa malumeli a lefatše a maholo—Bobuddha, Bokreste-’mōtoana, Boconfucius, Bohindu, Boislamo, Bojuda le Botao—e re a tšoana le qhomane.
Likhohlano ka Har’a Bolumeli bo le Bong
Ha malumeli a mang a ntse a loantšana, a mang ’ona a hlasetsoe ke likhohlano ka har’a bolumeli bo le bong. Ka mohlala, lilemong tsa morao tjena likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa tsekolloa ke likhang tse sa feleng tse amanang le litaba tsa lithuto tsa bolumeli. Ka bobeli baruti le batho feela ba kenang kereke baa ipotsa: Na ho thibela pelehi ho lumeletsoe? Ho ntša mpa hona? Na basali ba lokela ho khetheloa boprista? Kereke e lokela ho talima bosodoma joang? Na bolumeli bo lokela ho lumella ntoa? Ka lebaka la likarohano tseo, ba bangata baa ipotsa, ‘Bolumeli bo ka kopanya batho joang ha bo sitoa ho kopanya esita le litho tsa bona?’
Ho hlakile hore bolumeli ka kakaretso bo hlōlehile ho susumetsa batho hore ba kopane. Empa na ke malumeli ’ohle a tsebahalang ka likarohano? Na ho na le bolumeli bo fapaneng le ao—bo ka kopanyang batho?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Mapolesa a lemetseng ka 1947 India qhoebeshanong e neng e le pakeng tsa lihlopha tsa malumeli
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by Keystone/Getty Images