Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Samsone o Hlōla ka Matla a Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tšepa Jehova Joaloka Samsone
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Monna ea Matlahali
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa la 25 December hore e be letsatsi la ho keteka tsoalo ea Jesu?

Lentsoe la Molimo ha le bolele letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona. Enciclopedia Hispánica e re: “Letsatsi la la 25 December leo ho ketekoang mokete oa Keresemese ka lona, ha lea thehoa khakanyong e nepahetseng ea letsatsi la tsoalo [ea Jesu], ho e-na le hoo, le thehiloe meketeng . . . e ileng ea etsoa hore e be ea Bokreste e neng e keteka ho tsoa ha letsatsi tlung mariha.” Baroma ba boholo-holo ba ne ba keteka ho hlaha ha letsatsi sepakapakeng mariha ka ho ithabisa, ka ho etsa meketjana e lerata le ka ho fana ka limpho.—12/15, leqepheng la 4-5.

• Na Liketso 7:59 e bolela hore Setefane o ile a rapela Jesu?

Che. Bibele e bontša hore thapelo e lokela ho lebisoa ho Jehova Molimo feela. Eitse ha Setefane a bona Jesu ponong, ho bonahala eka o ile a ikutloa a lokolohile hore a ipiletse ho eena ka ho toba, a re: “Morena Jesu, amohela moea oa ka.” Setefane o ne a tseba hore Jesu o ne a filoe matla a ho tsosa bafu. (Johanne 5:27-29) Kahoo, Setefane o ile a kōpa Jesu kapa a ipiletsa ho eena hore a sireletse matla a hae a bophelo, ho fihlela tsohong ea bafu.—1/1, leqepheng la 31.

• Re tseba joang hore qetello ea motho ha ea reroa esale pele?

Molimo o file motho tokoloho ea ho khetha, e sa lumellaneng le hore qetello ea lintho tsohle e reriloe esale pele. Jehova o ne a tla be a hloka lerato ebile a sa loka haeba a ne a rerile esale pele tsela eo re neng re tla tsamaea ka eona ebe joale o re nka re ikarabella ka liketso tsa rōna. (Deuteronoma 32:4; 1 Johanne 4:8)—1/15, leqepheng la 4-5.

• Ke hobane’ng ha e tla be e le ho hloka boikokobetso ho bolela hore mehlolo e ke ke ea etsahala?

Ka ho elelloa hore ha ba na tsebo e feletseng ea limakatso tsa saense tse fumanoang pōpong ea Molimo, bo-rasaense ba bang baa lumela hore ha ba sa khona ho bua ba lomahantse meno hore ntho e itseng e ke ke ea etsahala. Bonyane ba ikemiselitse ho bolela hore mohlomong e ke ke ea etsahala.—2/15, leqepheng la 5-6.

• Ke hobane’ng ha Moahloli Samsone a ile a bolella batsoali ba hae hore o batla ho nka morali oa Bafilista e be mosali oa hae? (Baahloli 14:2)

Ho nyala morapeli oa bohata ho ne ho le khahlanong le molao oa Molimo. (Exoda 34:11-16) Leha ho le joalo, mosali oa Mofilista e ne e le eena ea “lokileng mahlong” a Samsone. Samsone “o ne a batla monyetla khahlanong le Bafilista,” ’me mosali eo o ne a loketse morero oo hantle. Molimo o ile a tšehetsa Samsone ka moea oa Hae. (Baahloli 13:25; 14:3, 4, 6)—3/15, leqepheng la 26.

• Na Mokreste a ka fa mosebeletsi oa ’muso chelete kapa mpho e itseng hore a sebeletsoe?

Ke phoso ho fa mosebeletsi oa ’muso tjotjo, ho mo fa ntho e itseng ea bohlokoa e le hore a tle a etse ntho e seng molaong, a khopamise toka kapa a u sebeletse ka tsela e itseng e khethehileng. Empa hase ho ntša tjotjo ho fa mosebeletsi oa sechaba chelete kapa mpho ha a etsa mosebetsi oa hae kapa hore motho a fumane tšebeletso e molaong kapa hore a qobe ho tšoaroa ka tsela e leeme.—4/1, leqepheng la 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela