Tsoho—Thuto e U Amang
“Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—LIKETSO 24:15.
1. Ho ne ho tlile joang hore Sanhedrine e bue ka taba ea tsoho?
QETELLONG ea leeto la hae la bararo la boromuoa ka 56 C.E., moapostola Pauluse o ne a le Jerusalema. Ha Baroma ba qeta ho mo tšoara, o ile a lumelloa ho hlaha ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda, e leng Sanhedrine. (Liketso 22:29, 30) Ha Pauluse a ntse a shebeletse litho tsa lekhotla lena, o ile a hlokomela hore tse ling tsa tsona e ne e le Basaduse ’me tse ling e le Bafarisi. Lihlopha tsena tse peli li ne li fapane ka tsela e ’ngoe e ikhethang. Basaduse ba ne ba sa lumele tsoho; Bafarisi bona ba ne ba e lumela. E le hore a bontše hore na o eme hokae tabeng ena, Pauluse o ile a re: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi, mora oa Bafarisi. Ke ntse ke ahloloa mabapi le tšepo ea tsoho ea bafu.” Mantsoe a hae a ile a tsosa moferefere sebokeng sena!—Liketso 23:6-9.
2. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a itokiselitse ho ikarabella mabapi le tumelo ea hae tsohong?
2 Lilemo pejana, ha Pauluse a ne a le tseleng a e-ea Damaseka, o ile a bona pono eo ho eona a ileng a utloa lentsoe la Jesu. Pauluse o ile a ba a botsa Jesu a re: “Ke etse’ng, Morena?” Jesu o ile a mo araba a re: “Ema, u tsamaee u kene Damaseka, ’me moo u tla bolelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behetsoeng hore u e etse.” Ha Pauluse a fihla Damaseka, o ile a fumanoa ke Ananiase, morutuoa e mong oa Mokreste ea mosa, ea ileng a re: “Molimo oa baholo-holo ba rōna o u khethetse hore u tsebe thato ea hae le ho bona Ea lokileng [Jesu ea tsositsoeng] le ho utloa lentsoe la molomo oa hae.” (Liketso 22:6-16) Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ne a itokiselitse ho ikarabella mabapi le tumelo ea hae tsohong.—1 Petrose 3:15.
Ho Bolela Tšepo ea Tsoho Phatlalatsa
3, 4. Ke joang Pauluse e ileng ea e-ba ’muelli ea tšepahalang oa tsoho, hona re ka ithuta eng mohlaleng oa hae?
3 Hamorao Pauluse o ile a hlaha ka pel’a ’Musisi Felixe. Ketsahalong eo, Tertulase, e leng “sebui sa phatlalatsa” se ileng sa hlahisa qoso ea Bajuda khahlanong le Pauluse, o ile a mo qosa ka hore ke eena moeta-pele oa lequloana le itseng le hore o molato oa ho hlohlelletsa bofetoheli. Pauluse o ile a araba a sa hlathe koana le koana a re: “Ke fela ke lumela sena ho uena, hore, ho ea ka tsela eo ba e bitsang ‘lequloana,’ ke etsetsa Molimo oa baholo-holo ba ka tšebeletso e halalelang.” Joale, ha a bua ka seo ehlileng e leng eona taba, o ile a tsoela pele a re: “Ke na le tšepo ho Molimo, e leng tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona, ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 23:23, 24; 24:1-8, 14, 15.
4 Hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, mohlahlami oa Felixe, e leng, Porkiase Festase, o ile a mema Morena Heroda Agripa hore a be teng ha a hloma motšoaruoa Pauluse lipotso. Festase o ile a hlalosa hore baqosi ba Pauluse ba ne ba hanyetsa Pauluse ha a ne a re “Jesu ea itseng ea neng a shoele . . . oa phela.” Ha Pauluse a itšireletsa o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha le nahana hore ke ntho e sa lumeleheng har’a lōna hore Molimo o tsosa bafu?” Eaba o re: “Kahobane ke fumane thuso e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo, empa ke sa bolele letho haese lintho tseo Baprofeta hammoho le Moshe ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala, hore Kreste o ne a tla utloa bohloko ’me, e le oa pele ea tlang ho tsosoa bafung, o ne a tla phatlalatsa leseli ho batho bana hammoho le ho lichaba.” (Liketso 24:27; 25:13-22; 26:8, 22, 23) Pauluse e ne e le ’muelli ea tšepahalang hakaakang oa tsoho! Joaloka Pauluse, le rōna re ka bolela ka kholiseho hore tsoho e tla ba teng. Empa re ka lebella hore batho ba itšoare joang? Mohlomong ba tla itšoara ka tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona ho Pauluse.
5, 6. (a) Batho ba ile ba itšoara joang ha moapostola a ne a buella tsoho? (b) Ha re ntse re bua ka tšepo ea rōna ea tsoho, ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa?
5 Nahana ka se ileng sa etsahala pejana leetong la bobeli la boromuoa la Pauluse (hoo e ka bang ka 49-52 C.E.) ha a ne a etetse Athene. O ile a behelana mabaka le batho ba neng ba lumela ho melimo e mengata ’me a ba khothalletsa hore ba ele hloko morero oa Molimo oa ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo A mo khethileng. Monna eo e ne e le Jesu. Pauluse o ile a hlalosa hore Molimo o fane ka tiiso ea sena ka ho tsosa Jesu. Batho ba ile ba itšoara joang? Rea bala: “Ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma, ha ba bang ba re: “Re tla u utloa ka sena le ka nako e ’ngoe.’”—Liketso 17:29-32.
6 Boitšoaro ba bona bo ne bo tšoana le boo Petrose le Johanne ba ileng ba bo bona nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Hape Basaduse ke bona ba neng ba etelletse pele tsekong ena. Liketso 4:1-4 e bolela se ileng sa etsahala: “Joale ha ba babeli bao ba ntse ba bua le sechaba, baprista ba ka sehloohong le motsamaisi oa tempele le Basaduse ba ba khorohela, ba tšoenyehile kahobane ba ne ba ruta sechaba ’me ba bolela ka ho hlaka ka tsoho ea bafu tabeng ea Jesu.” Ho sa tsotellehe seo, ba bang ba ile ba arabela hantle. “Ba bangata ho ba neng ba mametse puo eo ba lumela, ’me palo ea banna ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.” Ho hlakile hore re ka lebella hore batho ba itšoare ka litsela tse sa tšoaneng ha re bua ka tšepo ea tsoho. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore re matlafatse tumelo ea rōna thutong ena.
Tumelo le Tsoho
7, 8. (a) Joalokaha ho bontšitsoe lengolong le eang phuthehong ea Korinthe ea lekholong la pele la lilemo, tumelo e ka ba lefeela joang? (b) Ho ba le kutloisiso e nepahetseng ka tšepo ea tsoho ho khetholla Bakreste ba ’nete joang?
7 Hase bohle bao e ileng ea e-ba Bakreste lekholong la pele la lilemo C.E. ba ileng ba nolofalloa ho lumela tšepo ea tsoho. Ba bang ba ileng ba thatafalloa ke sena ke ba neng ba kopanela le phutheho ea Korinthe. Pauluse o ile a ba ngolla tjena: “Ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela, hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo.” Joale Pauluse o ile a tiisa ’nete ena ka ho bolela hore Kreste ea tsositsoeng ‘o ile a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano,’ bao boholo ba bona, Pauluse a ileng a phaella ka hore, ba ne ba ntse ba phela. (1 Bakorinthe 15:3-8) O ile a ba behela mabaka ka ho eketsehileng a re: “Haeba Kreste o ntse a boleloa hore o tsositsoe bafung, ho tla joang hore ba bang har’a lōna ba re ha ho na tsoho ea bafu? Ka sebele, haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa. Empa haeba Kreste ha aa tsosoa, ka sebele boboleli ba rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela.”—1 Bakorinthe 15:12-14.
8 Ka sebele, thuto ea tsoho ke thuto ea bohlokoa hoo tumelo ea Bokreste e leng lefeela haeba ho sa lumeloe hore tsoho ke ntho ea sebele. Bonneteng, ho ba le kutloisiso e nepahetseng ka tsoho ho khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata. (Genese 3:4; Ezekiele 18:4) Kahoo, Pauluse o akarelletsa thuto ea tsoho ‘thutong ea mathomo’ ea Bokreste. E se eka re ka ikemisetsa ho ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng.’ Pauluse o fana ka khothatso e reng: “Hona re tla ho etsa, haeba Molimo a ho lumella.”—Baheberu 6:1-3.
Tšepo ea Tsoho
9, 10. Bibele e bolela’ng ha e bua ka tsoho?
9 E le hore re matlafatse tumelo ea rōna haholoanyane tsohong, a re ke re hlahlobeng lipotso tse kang tsena: Bibele e bolela’ng ha e bua ka tsoho? Thuto ea tsoho e totobatsa lerato la Jehova joang? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re atametsa haufi-ufi le Molimo ’me li boele li re thuse ho ruta ba bang.—2 Timothea 2:2; Jakobo 4:8.
10 Lentsoe “tsoho” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho ema hape.” Polelo ee e akarelletsa eng? Ho ea ka Bibele, tšepo ea tsoho ke ho ba le kholiseho ea hore motho ea shoeleng a ka phela hape. Bibele e boetse e bontša hore motho o tsosoa ka ’mele oa nama kapa oa moea, ho itšetlehile ka hore na o na le tšepo ea ho phela lefatšeng kapa leholimong. Re tsota lerato la Jehova, bohlale le matla tseo a li bonahatsang ka tšepo ena e babatsehang ea tsoho.
11. Ke tšepo efe ea tsoho e fuoang bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng?
11 Tsoho ea Jesu le ea barab’abo ba tlotsitsoeng e ba fa ’mele oa moea o tla ba nolofalletsa ho sebeletsa leholimong. (1 Bakorinthe 15:35-38, 42-53) E tla ba babusi hammoho ’Musong oa Bomesia, o tla tlisa maemo a Paradeise lefatšeng. Batlotsuoa ke baprista ba marena, tlas’a Jesu Moprista ea Phahameng. Ba tla sebelisa melemo ea sehlabelo sa Kreste sa thekollo ho moloko oa batho lefatšeng le lecha la ho loka. (Baheberu 7:25, 26; 9:24; 1 Petrose 2:9; Tšenolo 22:1, 2) Khabareng, batlotsuoa ba ntseng ba phela lefatšeng ba lakatsa ho lula ba amoheleha ho Molimo. Ha ba e-shoa, ba tla amohela “moputso” oa bona ka ho tsohela bophelong ba moea ba ho se shoe leholimong. (2 Bakorinthe 5:1-3, 6-8, 10; 1 Bakorinthe 15:51, 52; Tšenolo 14:13) Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba re kopantsoe le eena lefung le tšoanang le la hae, ka sebele re tla boela re kopanngoe le eena tsohong e tšoanang le ea hae.” (Baroma 6:5) Empa ho thoe’ng ka ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng hape e le batho? Ke joang tšepo ea tsoho e ka ba atametsang haufi-ufi le Molimo? Re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Abrahama.
Tsoho le Botsoalle le Jehova
12, 13. Abrahama o ne a e-na le motheo o matla hakae oa ho lumela tsohong?
12 Abrahama, ea ileng a hlalosoa e le “motsoalle oa Jehova,” e ne e le monna oa tumelo e ikhethang. (Jakobo 2:23) Pauluse o ile a bua ka tumelo ea Abrahama ka makhetlo a mararo ha a ne a thathamisa banna le basali ba tšepahalang ba tlalehiloeng ho Baheberu khaolo ea 11. (Baheberu 11:8, 9, 17) Ha a bua ka eena ka lekhetlo la boraro o lebisa tlhokomelo tumelong eo Abrahama a ileng a e bontša ha a ne a mamela ka ho lokisetsa ho nyehela mora oa hae Isaka e le sehlabelo. Abrahama o ne a kholisehile hore Jehova o ne a tiisitse tšepiso ea peō e neng e tla tla ka Isaka. Esita le haeba Isaka a ne a ka shoa e le sehlabelo, Abrahama “o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa bafung.”
13 Kamoo ho bileng kateng, ha Jehova a bona matla a tumelo ea Abrahama, o ile a fana ka phoofolo eo ho neng ho tla etsoa sehlabelo ka eona. Leha ho le joalo, phihlelo ea Isaka e bile tšoantšetso ea tsoho, joalokaha Pauluse a ile a re: “Ho tloha moo [Abrahama] a fela a mo amohela [Isaka] hape ka tsela ea tšoantšetso.” (Baheberu 11:19) Ho feta moo, Abrahama o ne a se a ntse a e-na le motheo o tiileng oa ho lumela tsohong. Na Jehova ha aa ka a tsosolosa matla a Abrahama a ho hlahisa bana ha eena le mosali oa hae Sara, ba ne ba kopana botsofaling ba bona ’me ba hlahisa mora oa bona Isaka?—Genese 18:10-14; 21:1-3; Baroma 4:19-21.
14. (a) Ho ea ka Baheberu 11:9, 10, Abrahama o ile a letela eng? (b) E le hore Abrahama a fumane litlhohonolofatso tsa ’Muso lefatšeng le lecha, ke eng e sa ntsaneng e lokela ho etsahala ho eena? (c) Re ka fumana litlhohonolofatso tsa ’Muso joang?
14 Pauluse o ile a hlalosa Abrahama e le mojaki le ea lulang litenteng ebile e le ea neng a “letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:9, 10) Ona e ne e se motse oa sebele joaloka Jerusalema, e leng moo tempele ea Molimo e neng e le hona teng. Ho e-na le hoo, ona e ne e le motse oa tšoantšetso. E ne e le ’Muso oa Molimo oa leholimo o entsoeng ka Kreste Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000. Ba 144 000 ha ba le khanyeng ea bona ea leholimo, ba boetse ba bitsoa “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha,” “monyaluoa” oa Kreste. (Tšenolo 21:2) Ka 1914, Jehova o ile a beha Jesu e le Morena oa Bomesia oa ’Muso oa leholimo eaba o mo laela hore a buse har’a lira tsa hae. (Pesaleme ea 110:1, 2; Tšenolo 11:15) E le hore Abrahama a fumane litlhohonolofatso tsa puso ea ’Muso, “motsoalle [enoa] oa Jehova” o tlameha ho phela hape. Ka ho tšoanang, e le hore re fumane litlhohonolofatso tsa ’Muso, re tlameha ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, re le litho tsa bongata bo boholo ba baphonyohi ba Armagedone kapa re le ba tsositsoeng bafung. (Tšenolo 7:9, 14) Leha ho le joalo, motheo oa tšepo ea tsoho ke eng?
Lerato la Molimo—Motheo oa Tšepo ea Tsoho
15, 16. (a) Boprofeta ba pele ba Bibele bo rala motheo joang bakeng sa tšepo ea rōna ea tsoho? (b) Ho lumela tsohong ho ka re atametsa haufi-ufi le Jehova joang?
15 Kamano ea rōna e haufi le Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, tumelo ea rōna e matla joaloka ea Abrahama le ho mamela litaelo tsa Molimo ho re fa monyetla oa hore ho boleloe hore re lokile le oa hore Jehova a re nke re le metsoalle ea hae. Sena se re fa monyetla oa ho rua molemo pusong ea ’Muso. Ka sebele, boprofeta ba pele-pele bo tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo, ho Genese 3:15, bo fana ka motheo oa ho ba le tšepo ea tsoho le oa ho ba le botsoalle le Molimo. Ha bo bolele feela esale pele ka ho khojoa ha hlooho ea Satane empa ho fapana le moo, bo boetse bo bua le ka ho longoa ha Peō ea mosali oa Molimo serethe. Ho shoa ha Jesu thupeng ea tlhokofatso ho ne ho tšoantšetsa ho longoa serethe. Ho tsoha ha hae ka letsatsi la boraro ho ile ha folisa leqeba leo ’me ha bula tsela ea hore ho nkoe khato ea makhaola-khang khahlanong le “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.”—Baheberu 2:14.
16 Pauluse o re hopotsa hore “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Ka sebele ho bontša kananelo ka mosa ona o sa tšoanelang ho re atametsa haufi-ufi le Jesu le Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo.—2 Bakorinthe 5:14, 15.
17. (a) Jobo o ile a bua ka tšepo efe? (b) Jobo 14:15 e senola eng ka Jehova, hona see se etsa hore u ikutloe joang?
17 Jobo, e leng monna ea tšepahalang oa pele ho mehla ea Bokreste, le eena o ne a lebeletse tsoho. Satane o ile a mo hlokofatsa haholo. Ho fapana le metsoalle ea hae ea bohata, eo ho neng ho se mohla e kileng ea bua ka tsoho, tšepo ena e ile ea tšelisa Jobo eaba oa botsa: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Jobo ka boeena o ile a araba a re: “Ke tla leta ka matsatsi ’ohle a mosebetsi oa ka o qobelloang, ho fihlela phomolo ea ka e fihla.” Ha a bua le Molimo oa hae, Jehova, o ile a re: “U tla hooa, ’me ke tla u araba.” Ha Jobo a bua maikutlo a ’Mōpi oa rōna ea lerato, o ile a re: “U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:14, 15) Ka sebele, Jehova o labalabela nako eo ka eona ba tšepahalang ba tla khutlela bophelong ka tsoho. See se re atametsa haufi hakaakang le eena ha re ntse re thuisa ka lerato le ka mosa o sa tšoanelang oo a re bontšang oona le hoja re sa phethahala!—Baroma 5:21; Jakobo 4:8.
18, 19. (a) Daniele o na le tšepo efe ea hore o tla phela hape? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?
18 Moprofeta Daniele eo lengeloi la Molimo le ileng la mo hlalosa e le “monna ea khahlehang haholo,” o ile a phela halelele a sebeletsa ka botšepehi. (Daniele 10:11, 19) O ile a lula a tšepahetse ho Jehova ho tloha ha a le botlamuoeng ka 617 B.C.E. ho fihlela a e-shoa nakoana ka mor’a hore a fuoe pono ka 536 B.C.E., e leng selemo sa boraro sa Cyruse, morena oa Persia. (Daniele 1:1; 10:1) Ka nako e ’ngoe selemong seo sa boraro sa Cyruse, Daniele o ile a fuoa pono ea letoto la mebuso ea lefatše e fellang matšoenyehong a maholo a tlang. (Daniele 11:1–12:13) Kaha Daniele o ne a sa utloisise pono eo hantle, o ile a botsa lengeloi la lenģosa le neng le mo file eona a re: “Moren’a ka, karolo e qetellang ea lintho tsee e tla ba eng?” Lengeloi le ile la mo araba ka ho mo hlokomelisa ka ‘nako ea bofelo,’ eo ka eona “ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.” Ebe Daniele eena o ne a e-na le tšepo efe? Lengeloi le ile la re: “U tla phomola, empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.” (Daniele 12:8-10, 13) Daniele o tla khutla “tsohong ea ba lokileng,” Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—Luka 14:14.
19 Re phela qetellong ea nako ea bofelo ’me re haufi haholo le ho qala ha Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ho feta ha re ne re qala ho ba balumeli. Ka hona, re lokela ho ipotsa, ‘Na ke tla ba teng lefatšeng le lecha hore ke be le Abrahama, Jobo, Daniele le banna le basali ba bang ba tšepahalang?’ Re tla ba teng moo, haeba re lula haufi le Jehova ’me re mamela litaelo tsa hae. Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba tšepo ea tsoho haholoanyane e le hore re ka tseba hore na ho tla tsosoa bo-mang.
Na U sa Hopola?
• Batho ba ile ba itšoara joang ha Pauluse a ne a bolela tšepo ea hae ea tsoho?
• Ke hobane’ng ha tšepo ea tsoho e khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata?
• Re tseba joang hore Abrahama, Jobo le Daniele ba ne ba lumela tsohong?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Pauluse, ha a le ka pel’a ’Musisi Felixe, o ile a bolela tšepo ea tsoho ka kholiseho
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a ba le tumelo tsohong?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jobo o ile a tšelisoa ke tšepo ea tsoho
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Daniele o tla khutla tsohong ea ba lokileng