Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 7/1 leq. 27
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lengolo la Levitike le re Ruta Hore re Tšoare Batho ba Bang Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Buka ea Bibele ea 3—Levitike
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Molao oa Jehova o Phethahetse”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 7/1 leq. 27

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Deuteronoma 14:21 e re: “Le se ke la ja ntho leha e le efe e seng e shoele.” Na temana ee e hanyetsana le Levitike 11:40, e reng: “Ea jang setopo leha e le sefe sa eona o tla hlatsoa liaparo tsa hae, ’me e tla ba ea sa hloekang ho fihlela mantsiboea”?

Litemana tsena tse peli ha li hanyetsane. Temana e qalang e pheta thibelo e neng e se e ntse e fanoe ea ho se je phoofolo e fumanoang e shoele, eo mohlomong e bolailoeng ke libata. (Exoda 22:31; Levitike 22:8) Temana ea bobeli e hlalosa seo Moiseraele a neng a ka ’na a lokela ho se etsa haeba a tlōtse thibelo eo, mohlomong ka phoso.

Taba ea hore ntho e itseng e ne e thibetsoe Molaong ha e bolele hore thibelo eo e ne e ke ke ea rojoa le ka mohla. Ka mohlala, ho ne ho e-na le melao e hanelang ho utsoa, ho bolaea, ho fana ka bopaki ba bohata le e meng e joalo. Ka nako e tšoanang, ho ne ho e-na le likotlo tse lokelang ho fuoa ba tlōlang melao eo Molimo a faneng ka eona. Likotlo tseo li ne li matlafatsa melao eo ’me li bontša kamoo e tebileng kateng.

Motho ea tlōlang thibelo ea ho ja nama ea phoofolo e fumanoang e shoele e ne e e-ba ea sa hloekang mahlong a Jehova ’me o ne a lokela ho latela methati e loketseng ea ho itlhoekisa. Haeba a ne a sa itlhoekise ho latela methati e loketseng, o ne a tla lokela ho ‘arabella phoso ea hae.’—Levitike 17:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela