Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 8/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Ke Mang ea Tla Pholoha “Nako ea Tlokotsi”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 8/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na lentsoe “mohlomong” le ho Sofonia 2:3 le bolela hore bahlanka ba Molimo ha ba tsebe hantle hore na ba tla fumana bophelo bo sa feleng kapa che?

Lengolo lena le baleha tjena: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.” Ke hobane’ng ha temana ee e re “mohlomong”?

E le hore re utloisise hore na ka Armagedone Jehova o tla etsa joang ka batho ba hae ba tšepahalang, ke habohlokoa hore re hopole seo Bibele e rutang hore Molimo o tla se etsetsa ba shoang pele nako eo ea kahlolo e fihla. Ba bang ba tla tsosetsoa ho phela leholimong e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng, ha ba bang ba tla tsosetsoa lefatšeng ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. (Johanne 5:28, 29; 1 Bakorinthe 15:53, 54) Haeba Jehova o hopola batho ba hae ba tšepahalang ba shoang pele ho Armagedone ebile oa ba putsa, ka sebele ke sona seo a tla se etsa ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba tla beng ba phela letsatsing la bohale ba hae.

Mantsoe a bululetsoeng a moapostola Petrose le ’ona aa khothatsa. O ile a ngola tjena: “[Molimo o ile] a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora [o ile] a e ahlola, . . . ’me a lopolla Lota ea lokileng . . . Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Petrose 2:5-9) Le hoja nakong e fetileng Jehova a ile a timetsa ba khopo, o ile a sireletsa banna ba neng ba mo sebeletsa ka botšepehi, e leng Noe le Lota. Jehova o tla boela a lopolle batho ba boinehelo ba bomolimo ha a timetsa ba khopo ka Armagedone. “Bongata bo boholo” ba ba lokileng bo tla pholoha.—Tšenolo 7:9, 14.

Kahoo, hoa bonahala hore lentsoe “mohlomong” le ho Sofonia 2:3 ha lea sebelisoa hobane ho sa tsejoe hantle hore na ehlile Molimo o na le matla a ho lopolla batho bao a ba ratang kapa che. Ho e-na le hoo, ke feela ha motho a qala ho batla ho loka le bonolo moo ho ka thoeng mohlomong o tla patoa. Ho bolokoa ho tla itšetleha ka hore motho a tsoele pele a batla bonolo le ho loka.—Sofonia 2:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela