Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 leq. 3
  • Ho Tšepahala—Na ho na le Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšepahala—Na ho na le Molemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi bo Thoholetsoa Hangata Empa ha bo Bontšoe
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Botšepehi—Ka Theko Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 leq. 3

Ho Tšepahala—Na ho na le Molemo?

MOEMELI e mong oa k’hamphani ea inshorense ea bitsoang Karla o ile a re: “U lefa chelete e ngata haholo bakeng sa inshorense ea hao ea bophelo. Haeba u ka kenela inshorense ea rōna, cheleteng eo u e lefang, u tla boloka R120 ka khoeli, e leng chelete e ngata haholo.”

Jens o ile a mo araba tjena: “E ka ’na eaba u tiisitse. Empa ke lefeletse inshorense ena ea bophelo k’hamphaning ena ka lilemo tse ngata. K’hamphani ena e ’nile ea nthusa haholo nakong e fetileng, ’me ke sa ntse ke batla ho lula ke tšepahala ho eona.”

Karl o ile a mo araba tjena: “Botšepehi ke ntho e ntle. Empa, botšepehi bo u jella chelete!”

Karl o ne a nepile. Hangata ho tšepahala ho motho e mong ho ka ’na ha jella motho chelete. Ho boetse ho hloka nako, matla le boitelo. Na botšepehi ke ba bohlokoa hakaalo?

Botšepehi bo Thoholetsoa Hangata Empa ha bo Bontšoe

Phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa Jeremane ke Mokhatlo o Fuputsang Maikutlo a Batho oa Allensbach, karolo ea 96 lekholong ea ba ileng ba araba e nka botšepehi e le ntho e ratehang. Phuputso ea bobeli ea Allensbach e ileng ea etsoa ho ba lilemo li 18 ho ea ho tse 24 e ile ea bontša hore ho ba ileng ba araba, ba babeli ho ba bararo ba ne ba nka botšepehi e le “ntho e ntle.”

Le hoja botšepehi bo thoholetsoa ke ba bangata, ka liketso batho ba bangata ha ba tšepahale. Ka mohlala, linaheng tse ’maloa tsa Europe, hangata botšepehi ha bo eo pakeng tsa banyalani esita le ka hare ho malapa. Hangata botšepehi ha bo eo esita le pakeng tsa metsoalle. ’Me bonneteng, botšepehi boo pele bo neng bo matahanya mohiri le mohiruoa kapa khoebo le bareki, bo felile. Hobane’ng?

Ka linako tse ling, taba ea hore batho ba phela ba le maphatha-phathe e etsa hore ba se be le nako e lekaneng kapa ba ikutloe ba se na matla a lekaneng a ho itella ho etsa ntho e itseng eo ho hlokahalang hore ba e etse ka botšepehi. Mohlomong batho ba ileng ba phoqoa kapa ba soetsoa ha ba sebelisana le ba bang, ba ka ba leqe ho tšepahala ho mang kapa mang. Ba bang ba ka ’na ba rata mofuta oa bophelo ba ‘metsi a macha a ntša a khale,’ e leng bophelo bo sa hlokeng hore motho a tšepahale.

Ho sa tsotellehe hore na ke hobane’ng, botšepehi ke ntho e thoholetsoang hangata empa batho ba bangata ha ba bo bontše. Kahoo, potso e salang ke e reng: Na ho tšepahala ho na le molemo? Haeba ho joalo, re lokela ho tšepahala ho mang, hona re ka bontša ka litsela life hore rea tšepahala? Meputso ea ho tšepahala ke efe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena le se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Botšepehi ke ntho e thoholetsoang hangata empa batho ha ba bo bontše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela