Na e ne e le Motho Kapa Molimo?
“KE ’NA leseli la lefatše. Ea ntatelang ho hang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” (Johanne 8:12) Jesu Kreste ke eena ea ileng a bua mantsoe ao. Monna e mong ea rutehileng oa lekholong la pele la lilemo o ile a ngola tjena ka Jesu: “Ho eena ho patiloe ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.” (Bakolose 2:3) Ho feta moo, Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho hlokahala hore re tsebe Jesu ka tsela e nepahetseng e le hore re finyelle seo re se hlokang moeeng.
Lefatšeng lohle batho ba ’nile ba utloa ha ho buuoa ka Jesu Kreste. Ha ho pelaelo hore o amme histori ea batho haholo. Ha e le hantle, almanaka e sebelisoang linaheng tse ngata tsa lefatše e thehiloe selemong seo ho nahanoang hore o tsoetsoe ka sona. The World Book Encyclopedia e re: “Batho ba bangata ba re lilemo tsa pele ho selemo seo ke tsa B.C., kapa before Christ [pele ho Kreste]. Bakeng sa linako tsa ka mor’a selemo seo, ba sebelisa A.D., kapa anno Domini (selemong sa Morena oa rōna).”
Empa, maikutlo aa fapana ka hore na Jesu e ne e le mang. Batho ba bang ba nka hore e ne e le motho feela ea hlahelletseng ea ileng a iketsetsa lebitso historing. Empa ba bang ba mo rapela joaloka Molimo ea Matla ’Ohle. Mahindu a mang a ’nile a tšoantša Jesu Kreste le molimo oa Mahindu ea bitsoang Krishna, eo ba bangata ba reng ke molimo-motho. Na Jesu e ne e le motho feela joaloka batho ba bang, kapa e ne e le motho ea lokelang ho rapeloa? Hantle-ntle e ne e le mang? O ne a tsoa hokae? E ne e le motho oa mofuta ofe? Hona o hokae hona joale? Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, buka e buang haholo ka Jesu e arabela lipotso tsena ka nepo.