Ke Thuto ea Mofuta Ofe e ka U Atlehisang Bophelong?
NA MATHATA a kile a u hloa holimo hoo u ileng ua utloa eka u ka roala matsoho hloohong? Nahana ka mahlomola ao u neng u ka ipakela ’ona haeba u ne u ka fanya ha u leka ho rarolla bo bong kapa a mang a mathata ao! Ha ho na motho ea tsoetsoeng a tseba ho rarolla mathata ’ohle le ea etsang liqeto tse nepahetseng ka linako tsohle. Ke ka lebaka leo thuto e hlokahalang. Ebe ke hokae moo u ka fumanang thuto e tla u hlomella hore u tobane ka katleho le mathata a bophelo?
Batho ba bangata, ba baholo le ba banyenyane, ba buella thuto ea sekolo haholo. Litsebi tse ling li bile li re “ntle ho lengolo la k’holeje, u ke ke ua fumana mosebetsi o khotsofatsang.” Empa ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa bophelong tse sa hlokeng thuto ea sekolo. Ka mohlala, na thuto ea k’holeje e ka u thusa hore u be motsoali ea molemo, molekane oa lenyalo ea molemo kapa motsoalle ea molemo? Hoa tsebahala hore batho ba bang ba hlomphuoang ka lebaka la thuto ea bona ba ba le botho bo sa rateheng, ha ba phele ka khotso malapeng a bona, ebile ba qetella ba ipolaile.
Ba bang ba batla thuso bolumeling hobane ba nka hore bo ka ba ruta ho hong, empa ba nyahamisoa ke hore ha bo ba thuse ho thulana le mathata a bophelo. Ka mohlala, Emiliaa oa Mexico o re: “Lilemong tse fetileng tse 15 ke ne ke bona ho le molemo hore ’na le monna oa ka re arohane. Re ne re ngangisana nako le nako. Ke ne ke sa tsebe hore na nka etsa’ng hore a tlohele joala. Hangata ke ne ke siea bana ba rōna ba banyenyane ba le bang ha ke il’o batla monna oa ka. Kelello ea ka e ne e imetsoe. Ka makhetlo a mangata ke ne ke e-ea kerekeng ho ea batla se ka nthusang hore ke rarolle bothata ba ka. Le hoja ho ne ho baloa Bibele ka linako tse ling, ho ne ho se mohla ke utloang keletso e tobang boemo ba ka, ebile ho ne ho se motho ea tlang ho ’na ho tla mpolella hore na ke etse joang. Ho lula nakoana ka kerekeng le ho etsa lithapelo tse itseng, ho ne ho sa nkhotsofatse.” Ba bang ba ka ’na ba felloa ke tšepo ha ba bona kamoo baeta-pele ba bona ba bolumeli ba behang mohlala o mobe kateng bophelong. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba felloa ke tšepo ea hore bolumeli e ka ba mohloli oa thuto e ka atlehisang motho bophelong.
Ka lebaka leo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ebe ke lokela ho ithutela eng e le hore ke tle ke atlehe bophelong?’ Na Bokreste ba ’nete bo na le karabo ea potso ee ea bohlokoa? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.