Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/15 maq. 8-9
  • Jehova o Hlohonolofatsa Boitelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hlohonolofatsa Boitelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo se Nepahetseng
  • Ho Sebeletsa ka Boitelo
  • Ho Sebeletsa Jehova ka Moea oa Boitelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Itela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Etsa Sohle se Matleng a Rōna ho Bolela Litaba tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/15 maq. 8-9

“Thuso ea ka e Tsoa ho Jehova”

Jehova o Hlohonolofatsa Boitelo

MONNA e mong oa Cameroon o fohla moru o teteaneng ka baesekele. O nka lihora tse ngata a soaela baesekele litseleng tse phallang metsi le tse tletseng qhafutso, a ipehile kotsing e le hore a ka ea khothatsa ba bang. Ba bang ba tsamaea lik’hilomithara tse 15 Zimbabwe ha ba e-ea libakeng tse ka thōko ho ea ruta Bibele, ’me ba tšela linōka tse tletseng ba roetse liaparo le lieta hloohong e le hore li se ke tsa koloba. Sebakeng se seng, morali e mong oabo rōna o tsoha ka hora ea bone hoseng e le hore a e’o khanna thuto le mooki e mong ea fumanang hora e le ’ngoe feela ea hore a ithute esale hoseng.

Ke eng seo batho bana ba ikitlaetsang ka tsela ee ba tšoanang ka sona? Kaofela ke basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba etsang mosebetsi oa ho ruta batho ’nete ea Bibele. Ba akarelletsa bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng, baromuoa, balebeli ba tsamaeang le baithaopi ba likete-kete ba mahaeng a Bethele a lefatšeng lohle. ’Me ba tsejoa ka boitelo ba bona.a

Sepheo se Nepahetseng

Lipaki Tsa Jehova li mamela keletso ena eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Timothea: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Empa ke eng e susumelletsang Lipaki tse baloang ka makholo a likete hore e be basebeletsi ba nako e tletseng?

Ha batho ba botsa bahlanka ba nako e tletseng hore na ke hobane’ng ha ba ikitlaetsa tšebeletsong ea Jehova, ba araba ka hore ba susumetsoa ke ho rata Molimo le batho ba bang. (Matheu 22:37-39) Ho tšoanetse hore ho be joalo hobane ha ba ne ba ka ikitlaetsa empa ba se na lerato, boiteko boo e ne e tla ba ba lefeela.—1 Bakorinthe 13:1-3.

Ho Sebeletsa ka Boitelo

Bakreste bohle ba inehetseng ba amohetse memo ena ea Jesu: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Matheu 16:24) Ha motho a itatola, o inehela ka boithatelo hore e be mofo oa Jehova Molimo le Jesu Kreste le hore a tsamaisoe ke bona. Ka lebaka lena, ba bangata ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ba e etsa ka boitelo.

Lipaki tse ngata li ikitlaelletsa ho eketsa tšebeletso eo li e etsetsang Jehova. Nahana ka Júlia ea lilemo li 56, eo e leng pula-maliboho oa kamehla São Paulo, Brazil. O re: “Mora e mong oabo rōna oa Mochaena o ile a bua le ’na ka founo a mpotsa hore na nka rata ho ithuta Sechaena. Kaha ke se ke hōlile, ke ne ke sa nahane ka ho ithuta puo e ncha. Empa ka mor’a matsatsi a itseng, ke ile ka lumela hore nka ithuta Sechaena. Kajeno, ke tseba ho bolella batho molaetsa oa Mangolo ka Sechaena.”

Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Peru e tlaleha se latelang: “Lilemong tsa morao tjena, bo-pula-maliboho ba kamehla ba baloang ka makholo ba ile masimong a sa abuoang, ba bontša sebete le boitelo. Ba fallela litoropong tse hōle tse se nang litšebeletso tse tloaelehileng le moo ho se nang menyetla e mengata ea mosebetsi. Bara le barali bana babo rōna ba ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a bona hore ba lule likabelong tsa bona. Empa ntho ea bohlokoa haholo ke hore seo ba se etsang tšebeletsong, se beha litholoana libakeng tse ngata. Balebeli ba tsamaeang ba tlaleha hore bo-pula-maliboho bana ba kamehla ba itetseng, ba thusitse hore ho qaloe lihlopha tse ncha tsa bahoeletsi.”

Bakreste ba bang ba tela bophelo ba bona e le hore ba thuse balumeli-’moho le bona. (Baroma 16:3, 4) Molebeli e mong oa potoloho oa sebakeng se seng se tsekolotsoeng ke ntoa sa Afrika, o tlaleha se latelang: “Pele re fihla sebakeng sa ho qetela seo ho neng ho thibiloe tsela ho sona moeling oa sebaka se laoloang ke marabele le se laoloang ke mabotho a ’muso, ’na le mosali oa ka re ile ra pota-potoa ke balaoli ba bane ba sesole sa marabele le balebeli ba bona, ba ileng ba re botsa hore na re bo-mang. Ha ba ntse ba hlahloba likarete tsa rōna tsa boitsebahatso, ba ile ba bona hore re tsoa sebakeng se laoloang ke ’muso, ’me sena se ile sa ba belaetsa. Kahoo, ba ile ba nqosa ka hore ke sehloela eaba ba etsa qeto ea hore ba tla ntahlela ka mokoting. Ke ile ka hlalosa hore na re bo-mang, eaba qetellong ba re tlohela hore re tsamaee.” Liphutheho li ile tsa ananela haholo hore ebe banyalani bana ba itetseng ba ile ba atleha ho li etela!

Ho sa tsotellehe mathata ao basebeletsi bana ba nako e tletseng ba thulanang le ’ona, ba ntse ba eketseha lefatšeng ka bophara. (Esaia 6:8) Basebetsi bana ba khothetseng ba ananela tokelo e khethehileng eo ba nang le eona ea ho sebeletsa Jehova. Hona joale batho ba limilione ba rorisa Jehova ka moea o tšoanang oa boitelo, ’me Jehova o ba hlohonolofatsa haholo. (Liproverbia 10:22) Kaha basebetsi bana ba khothetseng ba kholisehile hore ba tla ’ne ba hlohonolofatsoe ba be ba thusoe, ba bonahatsa boikutlo bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a bina a re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”—Pesaleme ea 121:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, November/December.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole.”—PESALEME EA 110:3

[Lebokose le leqepheng la 8]

JEHOVA O NKA BAHLANKA BA HAE BA INEHETSENG E LE BA BOHLOKOA

“Le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakorinthe 15:58.

“Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela