Lefu—Ntho e Tšabehang eo re ke Keng ra e Qoba!
RAHISTORI oa Brithani ea bitsoang Arnold Toynbee o ile a ngola a re: “Ho tloha feela ha motho a qeta ho hlaha, ho ka etsahala hore a shoe neng kapa neng.” O ile a phaella ka ho re: “’Me ke ’nete hore qetellong motho e mong le e mong o tla shoa.” Ka sebele lefu le baka masisa-pelo a maholo ha ho e-shoa setho se ratehang sa lelapa kapa motsoalle ea haufi!
Batho ba ’nile ba talimana le ntho ena e tšabehang e bitsoang lefu ka lilemo tse likete. Re ikutloa re feletsoe ke matla ha re shoeloa ke moratuoa. Masoabi ana a hlahela malapa ’ohle. Lefu ha le khethe nku ka pere. Sengoli se seng sa meqoqo sa lekholong la bo19 la lilemo se itse: “Masoabi a re etsa bana kaofela—ho sa tsotellehe hore na re rutehile hakae. Ba bohlale ka ho fetisisa ba fetoha lithoto.” Re fetoha masea—a sa khoneng ho iketsetsa letho, a sa tsebeng ho etsolla boemo bo hlahileng. Matla le maruo li ke ke tsa khutlisa tahlehelo e etsahetseng. Melomo ea ba bohlale le ba kelello ea koaleha. Ba matla le ba fokolang ba bokolla ka ho tšoana.
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a utloa bohloko bo joalo ha ho ne ho shoele mora oa hae Absalome. Ha a qeta ho utloa litaba tsa hore mor’a hae o shoele, morena o ile a bokolla ’me a re: “Mora oa ka Absalome, mora oa ka, mora oa ka Absalome! Hoja ebe ke shoele, ho e-na le uena, Absalome mora oa ka, mora oa ka!” (2 Samuele 18:33) Morena ea matla ea neng a hlōtse lira tse matla o ne a felile matla hoo a neng a bile a lakatsa eka “sera sa ho qetela, lefu,” se ka be se bolaile eena ho e-na le ho bolaea mora oa hae.—1 Bakorinthe 15:26.
Na ho na le pheko bakeng sa lefu? Haeba ho joalo, bafu ba na le tšepo efe? Na re tla ke re boele re bone baratuoa ba rōna? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena ka Mangolo.