Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 6/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Molao oa Jehova o Phethahetse”
    Atamela ho Jehova
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 3—Levitike
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 6/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Molaong oa Moshe, ke hobane’ng ha ho ne ho nkoa hore tšebetso e itseng ea tlhaho ea litho tsa botona le botšehali e ne e etsa hore motho e be “ea sa hloekang”?

Molimo ke eena ea lokiselitseng hore batho ba kopanele liphate, ka morero oa ho atisa moloko oa batho le oa hore banyalani ba ithabise. (Genese 1:28; Liproverbia 5:15-18) Leha ho le joalo, khaolong ea 12 le ea 15 ea Levitike 12, 15, re fumana melao e qaqileng mabapi le ho se hloeke ho bakoang ke ho tsoa ha peō ea monna, ho ilela khoeli le ho beleha bana. (Levitike 12:1-6; 15:16-24) Melao e joalo e neng e fuoe sechaba sa Iseraele ea boholo-holo e ne e khothalletsa mokhoa o motle oa bophelo, e khomarela mekhoa e phahameng ea boitšoaro, e bile e totobatsa hore mali aa halalela le hore batho ba hloka pheko bakeng sa libe.

Har’a melemo e meng, litaelo tsa Molao oa Moshe tse neng li amana le ho sebetsa ha litho tsa botona le botšehali li ne li ntlafatsa bophelo ba sechaba sa Iseraele ka kakaretso. Buka e bitsoang The Bible and Modern Medicine e re: “Ho mamela taelo e thibelang ho kopanela liphate nakong ea ho ilela khoeli ho ile ha bonahala e le thibelo e atlehang khahlanong le maloetse a itseng a ho kopanela liphate . . . ’me ha ho pelaelo hore ho ne ho thibela ho qaleha le ho nama ha lefu la kankere ea molomo oa pōpelo.” Melao e joalo e ne e sireletsa batho ba Molimo maloetseng ao mohlomong ba neng ba sa a tsebe kapa le ao ba neng ba ke ke ba a hlokomela. Bohloeki bo loketseng litabeng tsa ho kopanela liphate bo ile ba thusa sechaba seo hore se ate haholo, e leng sechaba seo Molimo a neng a se tšepisitse hore o tla se atisa a be a se atlehise. (Genese 15:5; 22:17) Melao eo e ne e boetse e sireletsa batho ba Molimo maikutlong. Ka ho mamela melao ena, banna le basali ba ne ba ithuta ho laola takatso ea bona ea ho kopanela liphate.

Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e neng e ameha mabapi le ho se hloeke ho bakoang ke litaba tsa ho kopanela liphate e ne e le ho phalla ha mali kapa ho tsoa ha ’ona. Melao ea Jehova mabapi le mali ha ea ka ea hatisa feela likelellong tsa Baiseraele hore mali aa halalela empa e ile ea boela ea hatisa karolo ea bohlokoa eo mali a e phethang borapeling ba Jehova ha ho etsoa mahlabelo le ha ho etsoa pheko bakeng sa libe.—Levitike 17:11; Deuteronoma 12:23, 24, 27.

Ka hona, lintho tse qaqileng tse neng li hlokoa ke Molao tabeng ena li amana haufi-ufi le ho se phethahale ha batho. Baiseraele ba ne ba tseba hore ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, ba ne ba ke ke ba e-ba le bana ba phethahetseng. Litloholo tsohle tsa bona li ne li tla utloa liphello tsa sebe seo li se futsitseng—e leng ho se phethahale le lefu. (Baroma 5:12) Ka lebaka lena, batsoali ba ne ba ka fetisa feela bophelo bo sa phethahalang le bo nang le sebe, le hoja qalong litho tsa batho tsa ho hlahisa bana li ne li reretsoe hore li fetise bophelo bo phethahetseng ka tokisetso ea lenyalo.

Kahoo litaelo tsa Molao mabapi le ho itlhoekisa li ne li ke ke tsa hopotsa Baiseraele feela ka boemo ba bona ba boetsalibe boo ba bo futsitseng empa li ne li tla boetse li ba hopotse hore ho hlokahala sehlabelo sa thekollo bakeng sa ho koahela libe le ho etsa hore batho ba boele ba phethahale. Ho hlakile hore mahlabelo a liphoofolo ao ba neng ba a etsa ha aa ka a finyella seo. (Baheberu 10:3, 4) Sepheo sa Molao oa Moshe e ne e le ho ba isa ho Kreste le ho ba thusa ho utloisisa hore monyetla oa hore ba tšepahalang ba fumane bophelo bo sa feleng, o ne o tla tla ka tšoarelo ea ’nete e neng e ka ba teng feela ka sehlabelo sa motho ea phethahetseng, e leng Jesu.—Bagalata 3:24; Baheberu 9:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela