Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/1 maq. 3-5
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Bangata ba Furaletseng Bolumeli ka Lona
  • Bolumeli bo Sebelisetsoa ho Phetha Merero e Mebe
  • ‘Ke na le Taba Efe le ’Ona?’
  • Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Hoa Tsotelleha Hore na U Khetha Bolumeli Bofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/1 maq. 3-5

Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?

“NKA BA motho ea molemo leha ke se motho oa bolumeli!” Ana ke maikutlo ao batho ba bangata ba nang le ’ona. Batho ba bangata ba tšepahalang, ba nang le kutloelo-bohloko le ba nang le boikarabelo ha ba rate bolumeli. Ka mohlala, ke batho ba seng bakae ba Europe Bophirimela ba kenang kereke, le hoja ba bangata ba bolela hore ba lumela ho Molimo.a Esita le linaheng tsa Latin America, ke Mak’hatholike a etsang karolo ea 15 ho isa ho 20 feela lekholong a eang kerekeng kamehla.

Joaloka batho ba bang ba bangata, mohlomong le uena u nahana hore bolumeli ha bo thuse motho hore a phele bophelo bo molemo. Leha ho le joalo, mohlomong le uena ua tseba hore lilemong tse mashome tse fetileng, mehleng ea nkhono le ntate-moholo oa hao, batho ba bangata ba ne ba rata bolumeli ho feta kajeno. Ho tlile joang hore bolumeli bo se ke ba hlola bo ipiletsa hakaale? Na motho a ka ba molemo leha e se motho oa bolumeli? Na ho na le bolumeli bo ka u tsoelang molemo?

Lebaka Leo ba Bangata ba Furaletseng Bolumeli ka Lona

Ka lilemo tse makholo, batho ba bangata ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba lumela hore batho ba lokela ho mamela Molimo. Ba ne ba e-ea kerekeng ho ea fumana mohau oa Molimo, ebang e ne e le ka meetlo e neng e tsamaisoa ke moruti kapa ka tataiso e neng e fanoa ke ’moleli. Ho hlakile hore ba bangata ba ne ba bona boikaketsi ba bolumeli. Karolo eo bolumeli bo neng bo e phetha ntoeng e ne e tsebahala, ’me le boitšoaro bo litšila ba baruti ba bang bo ne bo tsebahala. Empa batho ba bangata ba ne ba nahana hore bolumeli ka bobona bo molemo. Ba bang ba ne ba nkoa ke moea oa khalalelo, ho rata moetlo oa kereke le ’mino; ba bang ba ne ba bile ba susumetsoa ke ho tšaba hore ba tla cha ka ho sa feleng mollong oa lihele, e leng thuto e sa hlaheng ka Mangolong. Hamorao, ho ile ha etsahala lintho tse ’maloa tse ileng tsa fetola tsela eo batho ba bangata ba neng ba talima likereke ka eona.

Khopolo-taba ea ho iphetola ha lintho e ile ea fetoha ntho e ratoang. Batho ba bang ba ile ba kholiseha hore bophelo bo qalehile ka tšohanyetso feela—ho fapana le hore Molimo ke eena ’Mōpi. Malumeli a mangata a ile a hlōleha ho fana ka bopaki bo kholisang ba hore Molimo ke eena Mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Ho phaella moo, ha theknoloji e ntse e tsoela pele, lintho tse khōlō tse ileng tsa finyelloa litabeng tsa meriana, tsa lipalangoang le tsa puisano li ile tsa etsa hore batho ba be le maikutlo a hore bothata leha e le bofe bo ka rarolloa ka saense. Ho feta moo, batho ba ile ba utloa eka litsebi tsa kahisano le tsa kelello li fana ka tataiso e molemo ho feta ea likereke. Ha e le likereke tsona, li ile tsa hlōleha ho bontša ka ho hlakileng hore ho phela ka molao oa Molimo ke eona tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo.—Jakobo 1:25.

Likereke tse ngata li ile tsa fetola molaetsa oa tsona ka lebaka la maemo ao. Baruti le baboleli ba ile ba khaotsa ho ruta batho hore ba lokela ho mamela Molimo. Ho e-na le hoo, ba bangata ba ne ba ruta hore motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng. E le ha baruti ba bang ba leka ho iketsetsa botumo, ba ile ba bolela hore Molimo o u amohela u le morapeli oa hae ho sa tsotellehe tsela eo u phelang ka eona. Lithuto tse joalo li re hopotsa seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele ha e re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.”—2 Timothea 4:3.

Ho e-na le hore lithuto tse joalo li hohele batho hore ba tle likerekeng, li ile tsa ba lelekella thōko le tsona. Ha ho pelaelo hore ba ne ba ipotsa: ‘Haeba likereke li belaella matla a Molimo a ho bōpa le bohlale ba hae ba ho etsa melao, ke fumana molemo ofe ka ho ea kerekeng? Ke hobane’ng ha ke lokela ho leka ho ruta bana ba ka ka bolumeli?’ Batho ba neng ba leka ho phela ka tsela e itlhomphang ba ile ba qala ho nka bolumeli e le ntho e se nang thuso. Ba ile ba tlohela ho ea likerekeng, ’me bolumeli e ne e se e se ba bohlokoa ho bona. Ho ile ha senyeha hokae hore ebe ntho e neng e lokela ho tlisa molemo e be e se nang thuso joalo? Bibele e fana ka tlhaloso e utloahalang.

Bolumeli bo Sebelisetsoa ho Phetha Merero e Mebe

Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba pele hore ba bang ba ne ba tla sebelisetsa Bokreste ho phetha merero e mebe. O ile a re: “Liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:29, 30) E mong ea ileng a bua “lintho tse sothehileng” e ne e le Augustine, eo e neng e le setsebi sa thuto ea bolumeli sa Roma e K’hatholike. Jesu o ne a rutile balateli ba hae hore ba kholise batho ba bang ka ho ba behela mabaka ka Mangolo. Leha ho le joalo, Augustine o ile a sotha se boleloang ke mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 14:23, a reng “U ba susumelletse ho kena,” a bolela hore mantsoe ana a bontša hore ho nepahetse ho sebelisa likhoka mosebetsing oa ho sokolla batho. (Matheu 28:19, 20; Liketso 28:23, 24) Augustine o ile a sebelisa bolumeli hore a laole batho.

Satane, lengeloi la lerabele, ke eena ea hlohlelletsang hore bolumeli bo sebelisoe hampe le ho silafatsoa. Lekholong la pele la lilemo o ile a susumetsa batho ba bolumeli hore ba silafatse liphutheho tsa Bokreste. Bibele e re ka batho bao: “Banna ba joalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste. Ha ho makatse, etsoe Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli. Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka.”—2 Bakorinthe 11:13-15.

E le ho etsa hore batho ba phele ka melao ea hae ho fapana le ho phela ka melao ea Molimo, Satane o ntse a sebelisa bolumeli bo iketsang eka ke ba Bokreste, bo na le mekhoa e metle bo bile bo fana ka tsebo. (Luka 4:5-7) Mohlomong u hlokometse hore kajeno baruti ba bangata ba sebelisa bolumeli hore ba iphahamise ka litlotla tse ba etsang eka ke batho ba bohlokoa e le hore ba iphumanele chelete mehlapeng ea bona. Mebuso le eona e sebelisitse bolumeli ho phehella baahi hore ba itelle ho loana.

Diabolose o sebelisa bolumeli haholo ho feta kamoo batho ba bangata ba lemohang kateng. U ka ’na ua nahana hore ke batho ba ’maloa feela ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba hlileng ba sebelisoang ke Satane. Empa ho ea ka Bibele, ‘ea bitsoang Diabolose le Satane . . . o khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ Hape Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19) Ebe Molimo o ikutloa joang ka bolumeli bo sebelisoang ke baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba ipatlelang feela hore batho ba ba latele?

‘Ke na le Taba Efe le ’Ona?’

Haeba u tšosoa ke boitšoaro ba likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, u tsebe hore li khopisa Molimo ea Matla ’Ohle haholo. Bokreste-’mōtoana bo ipolelisa hore bo entse selekane le Molimo; Iseraele ea boholo-holo le eona e ne e ipolelisa joalo. Empa ka bobeli li bonahetse hore ha li tšepahale. Ka hona, tsela eo Jehova a ileng a nyatsa sechaba sa Iseraele ka eona e bontša hore o nyatsa le Bokreste-’mōtoana ka tsela e tšoanang kajeno. Jehova o ile a re: “Ha sea ela hloko mantsoe a ka; ’me molao oa ka—se ’nile sa o lahla. Ke na le taba efe le hore ebe le tlisa libano . . . tse tsoang Sheba? . . . Mahlabelo a lōna ha aa nkhahlisa.” (Jeremia 6:19, 20) Molimo ha aa ka a amohela liketso tsa borapeli tse neng li etsoa ke baikaketsi. O ne a sa rate litloaelo le lithapelo tsa bona. O ile a bolella Baiseraele a re: “Moea oa ka o hloile . . . linako tsa lōna tsa mokete. Li fetohile moroalo ho ’na; ke khathetse ke ho li mamella. Ha le otlolla matsoho, ke le patela mahlo. Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela.”—Esaia 1:14, 15.

Na Jehova o khahloa ke mekete eo likereke li bolelang hore ke ea Bokreste empa qalong e ne e etsetsoa ho hlompha melimo ea bohata? Na o mamela lithapelo tsa baruti ba silafatsang lithuto tsa Kreste? Na Molimo o amohela bolumeli leha e le bofe bo hanang molao oa hae? U ka kholiseha hore kajeno o talima litloaelo tsa likereke ka tsela e tšoanang le eo ka eona a neng a talima mahlabelo a Baiseraele ba boholo-holo, ao mabapi le ’ona a ileng a re: ‘Ke na le taba efe le ’ona?’

Leha ho le joalo, ehlile Jehova o tsotella ka ho teba borapeli bo etsoang ka ’nete ke batho ba tšepahalang. Molimo o thabela ha batho ba bontša hore ba ananela lintho tsohle tseo ba li fumanang ho eena. (Malakia 3:16, 17) Kahoo, na u ka ba motho ea molemo leha u sa rapele Molimo? Motho ea sa etsetseng batsoali ba hae ba lerato letho, ho hang a ke ke a itokafatsa ka hore o lokile, na ha ho joalo? Na motho ea sa etsetseng Molimo letho a ka ba molemo? Ka ho utloahalang, re lokela ho thahasella Molimo oa ’nete haholo, eo bophelo bo simolohileng ho eena. Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo borapeli ba ’nete bo thusang batho ho hlompha Molimo le kamoo bo re tsoelang molemo kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Linaheng tse ngata, tšusumetso ea bolumeli sechabeng e ile ea qala ho felloa ke matla lilemong tsa bo-1960.”—The Decline of Christendom in Western Europe, 1750-2000.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na likereke li fane ka bopaki ba hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle?

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Na moemeli oa Molimo a ka kenella linthong tse tjee?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Pono ea Molimo ke efe ka mokete oa mofuta oo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Georgy Abdaladze

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela