Borapeli bo U Tsoelang Molemo
MOPESALEME Asafe o ile a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.” Ka nakoana, o ne a ile a nahana hore ho ka ba molemo ho etsisa batho ba sa reng letho ka Molimo e le hore ba hahamalle bophelo ba ho hlaba khobe ka lemao. Empa joale Asafe o ile a nahana ka melemo ea ho atamela haufi le Molimo ’me a etsa qeto ea hore seo se molemo ho eena. (Pesaleme ea 73:2, 3, 12, 28) Na kajeno borapeli ba ’nete bo molemo ho uena? Bo ka u tsoela molemo joang?
Ho rapela Molimo oa ’nete ho u thusa hore u se ke ua phela ka tsela ea boithati feela. Ka lebaka la tsela eo “Molimo oa lerato” a re bōpileng ka eona, batho ba phehellang lintho tse ratoang ke bona feela le ka mohla ba ke ke ba thaba. (2 Bakorinthe 13:11) Jesu o ile a ruta ’nete ea motheo mabapi le kamoo batho ba leng kateng ha a ne a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ke ka lebaka leo re thabelang ho etsetsa metsoalle le beng ka rōna lintho tse itseng. Empa thabo e khōlō ka ho fetisisa e fumanoa ka ho etsetsa Molimo lintho tse itseng. Ke eena eo re lokelang ho mo rata ho feta motho leha e le ofe. Batho ba limilione ba limelo tse fapaneng ba hlokometse hore ntho e khotsofatsang batho haholo ke ho rapela Molimo ka ho etsa thato ea hae.—1 Johanne 5:3.
Ho ba le Morero Bophelong
Borapeli ba ’nete bo boetse bo molemo ho uena hobane bo etsa hore u be le morero bophelong. Na u hlokometse hore hangata bophelong batho ba thabisoa ke ho utloa eka ba finyeletse ntho e itseng e molemo? Batho ba bangata ba na le sepheo bophelong, ebang ke se amanang le lelapa la bona, metsoalle, khoebo kapa boithabiso. Kahobane bophelo ha boa tsitsa, hangata lintho tsena ha li ba thabise. (Moeklesia 9:11) Leha ho le joalo, borapeli ba ’nete bo u thusa hore u fumane morero oa bohlokoa, o tla ’ne o u khotsofatse esita le ha u ka soetsoa ke lintho tse ling bophelong.
Borapeli ba ’nete bo akarelletsa ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa ka botšepehi. Ba phelang ka borapeli ba ’nete ba atamela ho Molimo haholo. (Moeklesia 12:13; Johanne 4:23; Jakobo 4:8) U ka ’na ua thatafalloa ke ho nahana hore u ka tseba Molimo hoo e ka bang motsoalle oa hao. Empa ha u nahanisisa ka tlaleho ea kamoo a ileng a sebelisana le batho kateng le ka ho hlahloba lintho tseo a li bōpileng, ka sebele u ka lemoha litšobotsi tsa botho ba hae. (Baroma 1:20) Ho feta moo, ha u bala Lentsoe la Molimo, u ka utloisisa lebaka leo re leng teng ka lona, lebaka leo Molimo a lumellang bohloko ka lona, kamoo a tla felisa bohloko kateng, ’me mohlomong taba e thahasellisang le ho feta ke hore u ka utloisisa kamoo u ka bang le seabo sa bohlokoa kateng morerong oa Molimo. (Esaia 43:10; 1 Bakorinthe 3:9) Kutloisiso e joalo e ka u fa morero o mocha oa ho phela!
Ho ba Motho ea Molemo
Borapeli ba ’nete bo molemo ho uena hobane bo u thusa hore u be motho ea molemo. Ha u phela ka borapeli ba ’nete, u hlaolela botho bo etsang hore u be le kamano e thabisang le batho ba bang. U ithuta ho Molimo le ho Mora oa hae mabapi le ho itšoara ka botšepehi, ho bua ka mosa, le ho ba motho ea ka tšeptjoang. (Baefese 4:20–5:5) Ha u tseba Molimo hantle hoo u bileng u mo ratang, u ikutloa u susumelletseha hore u mo etsise. Bibele e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—Baefese 5:1, 2.
Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e thabisang hore u lule u e-na le batho ba etsisang lerato la Molimo? Ka thabo, ho rapela Molimo oa ’nete hase ntho eo motho a e etsang a le mong. Borapeli bo joalo bo etsa hore u kopane le ba bang ba ratang se nepahetseng le se molemo. Ha ho pelaelo hore e ka ’na eaba ha u thabele bolumeli bo hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, bothata ba malumeli a mangata hase ba hore a hlophisitsoe empa bothata ba ’ona ke hore ha aa hlophisoa ka tsela e nepahetseng ebile ha aa hlophisetsoa merero e nepahetseng. Malumeli a mangata a hlophisitsoeng a phetha merero eo e seng ea Bokreste. Empa batho ba Molimo bona ba hlophisitsoe ke Jehova ka boeena ka morero o babatsehang. Bibele e re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakorinthe 14:33) Joaloka ba bang ba limilione, u ka ’na ua fumana hore ho kopanela le sehlopha sa Bakreste ba hlophisitsoeng hantle ho susumetsa pono ea hao ka tsela e molemo.
Tšepo ka Nako e Tlang
Mangolo a Halalelang a bontša hore Molimo o ntse a hlophisa barapeli ba ’nete e le hore ba ka pholoha bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho ’me ba rua lefatše le lecha leo “ho loka ho tla aha” ho lona. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 7:9-17) Kahoo, borapeli bo u tsoelang molemo bo u fa tšepo, eo e leng ea bohlokoa hore motho a thabe. Ba bang ba beha tšepo ea bona ea nako e tlang tabeng ea mebuso e tsitsitseng, menyetleng ea khoebo, kapa tabeng ea ho lebella hore ba phele hantle ’meleng le hore ba fumane penshene e khotsofatsang. Empa ke lintho tse fokolang ho tsena, haeba li le teng, tse ka etsang hore motho a be le lebaka le utloahalang la ho lebella hore a fumane thabo nakong e tlang. Ka lehlakoreng le leng, moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang.”—1 Timothea 4:10.
Haeba u batlisisa ka botlalo, u ka fumana barapeli ba ’nete. Lefatšeng la kajeno le arohaneng, lerato le bonngoe ke tsona tse khethollang Lipaki Tsa Jehova ka ho hlaka. Li tsoa hoo e batlang e le lichabeng le limelong tsohle; empa li kopantsoe ke ho ratana ka botsona le ho rata Jehova. (Johanne 13:35) Li u memela hore u iponele ka bouena seo li se fumaneng. Asafe o ile a ngola a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pesaleme ea 73:28.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U ka ba motsoalle oa Molimo