Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/15 maq. 2-3
  • ‘Matsatsi a ho Qetela’ ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Matsatsi a ho Qetela’ ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Matsatsi a ho Qetela—Neng?
    Tsoha!—2008
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/15 maq. 2-3

‘Matsatsi a ho Qetela’ ke Eng?

NA UA ipotsa hore na ebe uena le baratuoa ba hao le tla ba le bokamoso bofe? Batho ba bangata ba mamela litaba ka hloko ho bona kamoo liketsahalo tsa lefatše li ka ’nang tsa ama bophelo ba bona kateng. Leha ho le joalo, ho ela Lentsoe le bululetsoeng la Molimo hloko, ho re fa temohisiso ea sebele. Ke hobane khale-khale Bibele ha ea ka ea bolela feela esale pele ka maemo a hona joale empa e ile ea boela ea bua ka maemo ao e neng e le hona a tla tla.

Ka mohlala, ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a bua haholo ka ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43) Ha ho pelaelo hore, batho ba neng ba mo mametse ba ne ba batla ho tseba hore na ’Muso oo o babatsehang o tla tla neng. Ha e le hantle, matsatsi a mararo pele Jesu a bolaoa ka tsela e se nang toka, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao [u le Morena oa ’Muso] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Jesu o ile a ba bolella hore ke Jehova Molimo feela ea tsebang nako e nepahetseng eo ka eona ’Muso o tla laola lefatše ka ho feletseng. (Matheu 24:36; Mareka 13:32) Leha ho le joalo, Jesu le ba bang ba ile ba bolela esale pele ka liketsahalo tse itseng tsa lefatše tseo e neng e tla ba bopaki ba hore Kreste o ne a busa e le Morena ’Musong.

Pele re hlahloba bopaki bo bonahalang ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ea hona joale ea lintho, a re hlahlobeng ka bokhutšoanyane ketsahalo ea bohlokoa e ileng ea etsahala leholimong. (2 Timothea 3:1) Jesu Kreste e ile ea e-ba Morena leholimong ka selemo sa 1914.a (Daniele 7:13, 14) Hang feela ka mor’a hore Jesu a amohele matla a ho busa, o ile a nka khato. Bibele ea re bolella: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana.” (Tšenolo 12:7) “Mikaele lengeloi le ka sehloohong” ke Jesu Kreste boemong ba hae leholimong.b (Juda 9; 1 Bathesalonika 4:16) Drakone ke Satane Diabolose. Ntoeng ee ho ile ha etsahala’ng ka Satane le balateli ba hae ba khopo ba mangeloi, ba bitsoang bademona? Ba ile ba hlōleha ntoeng eo eaba ba “liheloa tlaase,” kapa ba ntšoa leholimong, ba liheloa lefatšeng. (Tšenolo 12:9) Ka lebaka lena “maholimo le [ba] lulang ho ’ona,” ke hore, bara ba tšepahalang ba Molimo ba moea, ba ile ba thaba. Empa batho bona, ha baa ka ba thaba. Bibele e ile ea bolela esale pele ea re: “Ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:12.

A tuka bohale, Satane o tliselitse ba lulang lefatšeng bomalimabe, mahlomola le bohloko. Leha ho le joalo, bomalimabe boo e tla ba ba nakoana, ’me bo tla nka “nako e khutšoanyane.” Bibele e bolela hore nako ena e khutšoanyane ke ‘matsatsi a ho qetela.’ Re ka thaba hore ebe haufinyane tšusumetso eo Diabolose a nang le eona lefatšeng e tla felisoa ka ho feletseng. Empa ho na le bopaki bofe bo bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa July 15, 2006, leqepheng la 6-7.

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 218-19, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Foreground: © Chris Stowers/Panos Pictures; background: FAROOQ NAEEM/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela