‘Ba Ile ba Bokella Sanhedrine’
MOPRISTA ea phahameng le babusi ba Bajuda ba ne ba eme le monna oa mateneng. Ke eng seo ba neng ba lokela ho se etsa hore ba felise pherekano eo batho ba neng ba e-na le eona ka Jesu Kreste? Ba ne ba atlehile ho etsa hore a bolaoe, empa joale barutuoa ba Jesu ba ne ba tlatsitse taba ea ho tsosoa ha hae hohle Jerusalema. Ba ne ba ka thōlisoa joang? E le ho etsa qeto, moprista ea phahameng le bathusi ba hae ba ile “ba bokella Sanhedrine,” e leng lekhotla le ka holimo-limo la sechaba sa Bajuda.—Liketso 5:21.
Ka nako eo Iseraeleng, ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato o ne a e-na le matla a maholo a ho laela. Empa Sanhedrine e ne e sebelisana joang le Pilato? Matla a eona a ho laela a ne a fella hokae? Litho tsa Sanhedrine e ne e le bo-mang? ’Me e ne e sebetsa joang?
Histori ea ho Qaleha ha Sanhedrine
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “Sanhedrine” ka ho toba le bolela “ho lula fatše le.” Ke lentsoe le akaretsang le neng le sebelisoa ha ho buuoa ka kopano kapa seboka. Ho ea ka neano ea Sejuda, ka tloaelo le ne le bolela sehlopha sa bolumeli sa boahloli, kapa lekhotla.
Bangoli ba Talmud, [e leng sehlopha sa lineano tsa Sejuda], e ileng ea hlophisoa makholo a lilemo ka mor’a timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., ba ile ba hlalosa Sanhedrine joalokaha eka ke sehlopha sa boholo-holo. Ba ne ba nahana hore haesale litho tsa eona e ntse e le litsebi tse neng li kopana bakeng sa ho tšohla lintlha tsa molao oa Sejuda ebile ba ne ba lumela hore e qalile nakong ea ha Moshe a ne a bokella banna ba 70 ba baholo hore ba mo thuse ho etella Iseraele pele. (Numere 11:16, 17) Bo-rahistori ba hanyetsa khopolo ena. Ba bolela hore ntho e batlileng e tšoana le Sanhedrine ea lekholong la pele la lilemo ha ea ka ea e-ba teng pele Bapersia ba laola Iseraele. Bo-rahistori ba boetse ba lumela hore sekolo sa thuto e phahameng sa Talmud, e ne e ka ba sa makhotla a bo-rabi a lekholong la bobeli le la boraro la lilemo eseng sa lekhotla la Sanhedrine. Kahoo, ebe Sanhedrine e bile teng neng?
Bibele e senola hore batlamuoa ba ileng ba khutlela Juda ba tsoa Babylona ka 537 B.C.E. ba ne ba e-na le tsamaiso e itseng ea ho busa sechaba. Nehemia le Esdrase ba bua ka likhosana, banna ba baholo, bahlomphehi le batlatsi ba ’musi—mohlomong e le qaleho ea Sanhedrine ea ka moso.—Esdrase 10:8; Nehemia 5:7.
Nako ea ho tloha ha ho phethoa Mangolo a Seheberu ho isa nakong ea ho hlophisoa ha Kosepele ea Matheu e bile nako ea moferefere bakeng sa Bajuda. Ka 332 B.C.E., Alexandere e Moholo o ile a laola Judea. Ka mor’a lefu la Alexandere, Judea e ile ea laoloa ke mebuso e ’meli ea Bagerike ea sebaka seo a neng a se busa—pele e ile ea laoloa ke marena a lesika la Ptolemy, ’me hamorao ea laoloa ke lesika la Seleusia. Litlalehong tse mabapi le puso ea lesika la Seleusia, e qalileng ka 198 B.C.E., re fumana moo ho buuoang ka senate sa Bajuda ka lekhetlo la pele. Mohlomong lekhotla lena le ne le e-na le matla a lekanyelitsoeng a ho laola, empa le ile la fa Bajuda boikutlo ba hore eke baa ipusa.
Ka 167 B.C.E., Morena oa lesika la Seleusia e leng Antiochus IV (Epiphanes) o ile a leka ho qobella Bajuda hore ba amohele setso sa Bagerike. O ile a silafatsa tempele e Jerusalema ka ho etsetsa Zeuse sehlabelo ka kolobe aletareng ea eona. Sena se ile sa tsosa phetohelo eo ho eona Bo-Maccabee ba ileng ba itokolla pusong ea lesika la Seleusia eaba ba theha puso ea lesika la Mahasmone.a Ka nako e tšoanang, bangoli le Bafarisi—ba neng ba etelletse pele matšoele a neng a tšehetsa phetohelo eo—ba ile ba e-ba le matla tsamaisong ea ’muso ’me seo sa fella ka hore sehlopha sa boprista se felloe ke matla.
Sanhedrine eo ho buuoang ka eona Mangolong a Segerike e ne e ntse e hōla. E ne e tla ba eona lekhotla la sechaba la tsamaiso le lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la boahloli le hlalosang molao oa Sejuda.
Ho Leka-lekana ha Matla
Lekholong la pele la lilemo, Judea e ne e le tlas’a taolo ea Roma. Leha ho le joalo Bajuda ba ne ba e-na le tokoloho e itseng. Roma e ne e e-na le leano la ho fa linaha tseo e li laolang matla a maholo a ho ipusa. Kahoo, ba boholong Roma ba ne ba sa kena-kenane le mesebetsi ea makhotla a motse, ’me ba ne ba qoba mathata a neng a ka ’na a hlahisoa ke ho fapana ha litso. Sepheo e ne e le ho khothalletsa khotso le botšepehi har’a batho ba phelang libakeng tseo e li laolang ka ho ba lumella hore ba boloke meetlo ea bona le hore ba ipuse. Ka ntle le ho beha le ho tlosa moprista ea phahameng setulong—eo e neng e le mookameli oa Sanhedrine—le ho lefa makhetho, Baroma ba ne ba kenella litabeng tsa Bajuda hafeela puso ea bona le lithahasello tsa bona li ne li hloka hore ba etse joalo. Joalokaha ho bonahetse nyeoeng ea Jesu, ho bonahala Roma e ne e ikemiselitse ho sireletsa matla a eona a ho fana ka kahlolo ea lefu.—Johanne 18:31.
Kahoo Sanhedrine e ne e laola boholo ba litaba tsa Bajuda tsa ka har’a naha. E ne e e-na le liofisiri tse neng li tšoara batho. (Johanne 7:32) Roma e ne e sa itšunya-tšunye linyeoeng tse nyenyane tsa tlōlo ea molao le tsa sechaba tse neng li sebetsoa ke makhotla a manyenyane. Ha makhotla a manyenyane a ne a sa khone ho finyella qeto nyeoeng e itseng, nyeoe eo e ne e fetisetsoa ho Sanhedrine, e neng e etsa qeto ea makhaola-khang.
E le hore Sanhedrine e lule e ntse e e-na le matla a bolaoli, e ne e lokela ho boloka khotso le ho tšehetsa puso ea Roma. Empa haeba Baroma ba ne ba ka belaela hore ho na le liphoso tsa bopolotiki tse etsoang, ba ne ba kenella ’me ba nka khato e hlokahalang. Taba e ’ngoe ea mofuta oo e bile ea ho tšoaroa ha moapostola Pauluse.—Liketso 21:31-40.
Litho Tsa Lekhotla
Sanhedrine e ne e e-na le litho tse 71—moprista e moholo le banna ba sechaba ba ka sehloohong ba 70. Mehleng ea Roma e ne e entsoe ka baprista ba hlomphehang (haholo-holo Basaduse), bahlomphehi sechabeng le bangoli ba rutehileng ba mokha oa Bafarisi. Lekhotla lena le ne le laoloa ke baprista ba phahameng sechabeng, ba neng ba tšehelitsoe ke batho ba hlahelletseng.b Le hoja Basaduse ba ne ba khomaretse mekhoa e tloaetsoeng, Bafarisi bona ba ne ba amohela likhopolo tse ncha ’me e ne e le batho ba tloaelehileng bao ka ho khetheha ba neng ba e-na le tšusumetso e khōlō sechabeng. Ho latela rahistori Josephus, Basaduse ba ne ba mamela litaelo tsa Bafarisi ka lekhonono. Pauluse o ile a sebelisa monyetla oa ho se utloane ha bona le ho se tšoane ha litumelo tsa lihlopha tsena ha a ne a itšireletsa ka pel’a Sanhedrine.—Liketso 23:6-9.
’Nete ea hore boholo ba litho tsa Sanhedrine e ne e le batho ba hlomphehang sechabeng e bontša hore mohlomong litho tsa eona li ne li sebeletsa ka nako eohle le hore haeba setho se seng se ne se ka hlokahala kapa se sa tšoanelehe litho tse setseng li ne li khetha se seng hore se nkele seo sebaka. Ho latela Mishnah, litho tse ncha e ne e tlameha ho ba “baprista, Balevi le Baiseraele bao barali ba bona ba lumeletsoeng hore ba nyaloe ke baprista,” ke hore, Bajuda ba neng ba ka hlahisa litlaleho tsa maloko tse bontšang hore ke ba lesika le hloekileng. Kaha lekhotla le phahameng le ne le laola tsamaiso ea makhotla naheng eohle, hoa utloahala hore ebe banna ba neng ba e-na le botumo bo botle makhotleng a manyenyane ba ne ba ka nyolleloa maemong a ho ba le setulo ka lekhotleng la Sanhedrine.
Moeli oa Sanhedrine le Bolaoli ba Eona
Bajuda ba ne ba hlompha Sanhedrine haholo, ’me baahloli ba makhotleng a manyenyane ba ne ba tlamehile ho amohela liqeto tsa eona, ho seng joalo ba ne ba tla ahloleloa lefu. Lekhotla lena le ne le amehile haholo ka litšoaneleho tsa baprista le ka litaba tse amang Jerusalema, tempele ea eona le borapeli tempeleng eo. Ha e le hantle, moeli oa taolo ea Sanhedrine o ne o akarelletsa Judea feela. Empa kaha Sanhedrine e ne e nkoa e le eona e nang le lentsoe la ho qetela litabeng tsa ho hlalosa Molao, e ne e e-na le matla litabeng tsa boitšoaro libakeng tseo Bajuda ba neng ba lula ho tsona lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, moprista ea phahameng le sehlopha sa hae ba ile ba laela baeta-pele ba lisynagoge tse Damaseka hore ba be le seabo ho tšoaroeng ha balateli ba Kreste. (Liketso 9:1, 2; 22:4, 5; 26:12) Ka mokhoa o tšoanang, mohlomong Bajuda ba neng ba etela Jerusalema bakeng sa mekete ba ne ba khutlela malapeng ba tšoere litaba tse mabapi le litaelo tse fanoeng ke Sanhedrine.
Ho latela Mishnah, ke Sanhedrine feela e neng e laola litaba tsa bohlokoa tsa sechaba, e sebetsana le baahloli ba neng ba sa hlomphe liqeto tsa eona le ho ahlola baprofeta ba bohata. Jesu le Setefane ba ile ba hlaha ka pel’a lekhotla ba qosoa ka hore ke banyefoli, Petrose le Johanne ba ile ba qosoa ka hore ba khelosa sechaba ’me Pauluse eena o ile a qosoa ka hore o silafatsa tempele.—Mareka 14:64; Liketso 4:15-17; 6:11; 23:1; 24:6.
Ho Ahloloa ha Jesu le Barutuoa ba Hae
Bakeng sa ho etsa liqeto, Sanhedrine e ne e lula letsatsi le leng le le leng ho tloha nakong ea sehlabelo sa hoseng ho isa nakong ea nyehelo ea mantsiboea, ntle le ka matsatsi a Sabatha le a halalelang. Linyeoe li ne li tšoaroa motšehare feela. Kaha likahlolo tsa lefu li ne li sa phatlalatsoe ho fihlela letsatsi ka mor’a nyeoe, linyeoe tse joalo li ne li sa tšoaroe letsatsi pele ho Sabatha kapa pele ho letsatsi la mokete. Ba neng ba fana ka bopaki ba ne ba lauoa ka thata mabapi le kamoo ho tšolla mali a se nang molato ho neng ho tebile kateng. Ka hona, nyeoe ea Jesu e neng e tšoeroe bosiu le ho ahloloa ha hae lehaeng la Kaifase letsatsi pele ho mokete e ne e le khahlanong le molao. Ho hobe le ho feta, baahloli ka bobona ba ile ba batla lipaki tsa bohata eaba ba susumetsa Pilato hore a laele hore Jesu a bolaoe.—Matheu 26:57-59; Johanne 11:47-53; 19:31.
Talmud e re, baahloli ba neng ba ahlola linyeoe tsa kahlolo ea lefu ba ne ba leka ho sireletsa moqosuoa nakong eo ho neng ho hlahlobisisoa bopaki ka eona lekhotla le sa potlaka. Empa, nyeoe ea Setefane, joaloka ea Jesu ha ea ka ea sebetsoa joalo. Ho itšireletsa ha hae ka pel’a Sanhedrine ho ile ha fella ka hore mahoohoo a mo tlepetse ka majoe. Hoja ’muso oa Roma oa se ke oa kenella, moapostola Pauluse le eena a ka be a ile a bolaoa tlas’a maemo a joalo. Ha e le hantle, baahloli ba Sanhedrine ba ile ba etsa ’momori oa ho mo bolaea.—Liketso 6:12; 7:58; 23:6-15.
Bonyane litho tse ’maloa tsa lekhotla lena li ne li bonahala e le batho ba lokileng. Mohlomong ’musi e mocha oa Mojuda ea ileng a bua le Jesu e ne e le setho sa Sanhedrine. Le hoja maruo a monna enoa e ne e le tšitiso ho eena, e tlameha ebe o ne a e-na le litšobotsi tse ntle tsa boitšoaro, kaha Jesu o ile a mo mema hore e be molateli oa Hae.—Matheu 19:16-22; Luka 18:18, 22.
Mohlomong ntho e ileng ea etsa hore Nikodemase, e leng “’musi oa Bajuda,” a etele Jesu bosiu ke hobane a ne a tšaba seo baahloli-’moho le eena ba neng ba ka ’na ba se nahana ka eena. Leha ho le joalo, Nikodemase o ile a emela Jesu ka pel’a Sanhedrine ka ho botsa: “Molao oa rōna ha o ahlole motho ntle leha o utloile ho eena pele le ho tseba seo a se etsang, na ha ho joalo?” Hamorao Nikodemase o ile a fana ka “moqolo oa myra le makhala” bakeng sa ho lokisetsa ho pata setopo sa Jesu.—Johanne 3:1, 2; 7:51, 52; 19:39.
Josefa oa Arimathea, e leng setho se seng sa Sanhedrine, ka sebete o ile a kōpa setopo sa Jesu ho Pilato eaba o se beha ka lebitleng la hae le lecha. Josefa o ne a “letetse ’muso oa Molimo,” empa ho tšaba Bajuda ho ile ha mo thibela hore a itsebahatse e le e mong oa barutuoa ba Jesu. Leha ho le joalo, Josefa o lokela ho babatsoa hobane ha aa ka a tšehetsa Sanhedrine morerong oa eona o bolotsana oa ho batla hore Jesu a bolaoe.—Mareka 15:43-46; Matheu 27:57-60; Luka 23:50-53; Johanne 19:38.
Gamaliele, eo e neng e le setho sa Sanhedrine, ka bohlale o ile a eletsa baahloli-’moho le eena hore ba tlohele barutuoa ba Jesu. O ile a re: “Ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.” (Liketso 5:34-39) Ke eng e ileng ea sitisa lekhotla le phahameng ho hlokomela hore Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba tšehelitsoe ke Molimo? Ho e-na le ho lumela mehlolo ea Jesu, Sanhedrine e ile ea beha mabaka ea re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.” (Johanne 11:47, 48) Ho nyoreloa matla ho ile ha etsa hore lekhotla lena le phahameng la Bajuda le khopamise toka. Ka ho tšoanang, ho e-na le ho thaba ha barutuoa ba Jesu ba phekola batho, baeta-pele ba bolumeli ba ile “ba tlala poulelo.” (Liketso 5:17) Joaloka baahloli, e ne e lokela ebe ba tšaba Molimo le ho etsa ka toka, empa boholo ba bona ba ne ba tletse bobolu ba bile ba sa tšepahale.—Exoda 18:21; Deuteronoma 16:18-20.
Kahlolo ea Molimo
Ka lebaka la ho se mamele ha Baiseraele Molao oa Molimo le ho hana Mesia, qetellong Jehova o ile a lahla sechaba seo hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba sa hae se khethiloeng. Ka 70 C.E., Baroma ba ile ba timetsa motse oa Jerusalema le tempele ea oona eaba ba felisa tsamaiso eohle ea Sejuda ea lintho ’me qetellong ba felisa le Sanhedrine ka boeona.
Moahloli ea behiloeng ke Jehova, e leng Jesu Kreste, ke eena ea tla etsa qeto ea hore na ebe ho na le litho leha e le life tsa Sanhedrine tsa lekholong la pele la lilemo tse tšoaneloang ke tsoho le hore na ke litho life tsa eona tse ileng tsa siteloa moea o halalelang. (Mareka 3:29; Johanne 5:22) Re ka kholiseha hore ha Jesu a etsa liqeto tse joalo, o tla sebetsa litaba ka toka e phethahetseng.—Esaia 11:3-5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le Bo-Maccabee le Mahasmone, bona Molula-Qhooa oa November 15, 1998, leqepheng la 21-4, le oa June 15, 2001, leqepheng la 27-30.
b Ha Bibele e bua ka “baprista ba ka sehloohong,” e bua ka baprista ba ka sehloohong ba nakong eo le ba nakong e fetileng hammoho le litho tsa malapa a ba neng ba tšoaneleha ho ba maemong a phahameng a ho ba baprista nakong e tlang.—Matheu 21:23.