Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 maq. 8-9
  • Ho Fana ka Bopaki ka ho Feletseng ka “Sebete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fana ka Bopaki ka ho Feletseng ka “Sebete”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Hlaseloa ke Mokhopi Empa ha a Nyahama
  • Ho Bolela ho Batho Bao ho Leng Thata ho Fihla ho Bona
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “E-ba Sebete!”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • “Ke Ipiletsa ho Cesare!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Pel’a ba Boholong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 maq. 8-9

“Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”

Ho Fana ka Bopaki ka ho Feletseng ka “Sebete”

MOKHOPI o mabifi o ne o itokiselitse ho khakhatha mohlanka ea ikokobelitseng oa Molimo ho fihlela a e-shoa. Masole a Roma a fihla ka nako e nepahetseng, ’me a pholosa monna eo kapele ho bahlaseli bao ’me aa mo tšoara. Sena se ile sa qalisa letoto la liketsahalo tse nkileng lilemo tse ka bang hlano. Ka lebaka leo, balaoli ba bangata ba boemong bo phahameng Roma ba utloela ka Jesu Kreste.

Motho enoa ea neng a hlorisoa ke moapostola Pauluse. Hoo e ka bang ka 34 C.E., Jesu o ile a senola hore Pauluse (Saule) o ne a tla bolela lebitso la Hae ka pel’a “marena.” (Liketso 9:15) Ka selemo sa 56 C.E., seo se ne se e-s’o ka se etsahala. Leha ho le joalo, ha moapostola a le haufi le ho qetella leeto la hae la boraro la boromuoa, boemo bo haufi le ho fetoha.

O Hlaseloa ke Mokhopi Empa ha a Nyahama

Pauluse o tsoela pele ka leeto la hae la ho ea Jerusalema, “empa ka moea” Bakreste ba itseng ba mo lemosa hore o emetsoe ke mahloriso a tšabehang motseng oo. Ka sebete, Pauluse o re: “Ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.” (Liketso 21:4-14) Hang feela ha Pauluse a ea tempeleng Jerusalema, Bajuda ba tsoang Asia ba tsebang kamoo moapostola eo a atlehileng kateng ho hasa evangeli Asia, ba susumetsa mokhopi e le hore o mo bolaee. Kapele masole a Roma aa mo thusa. (Liketso 21:27-32) Ho pholosoa hoo ho bulela Pauluse menyetla e ikhethang ea ho bolela ’nete mabapi le Kreste ho matšoele a tletseng bora le ho batho ba boemong bo phahameng.

Ho Bolela ho Batho Bao ho Leng Thata ho Fihla ho Bona

Pauluse o huleloa sebakeng se sireletsehileng, o nyolloa litepising tsa qhobosheane e tsejoang ka hore ke Tora ea Antonia.a Ha moapostola a le litepising tseo, o fana ka bopaki bo matla ho mokhopi oo o chesehelang bolumeli. (Liketso 21:33–22:21) Empa hang ha a bua ka thōmo ea hae ea ho bolela litaba tse molemo ho Balichaba, ho boetse ho tsoha morusu. Lysiase, molaoli oa sesole o laela hore Pauluse a hlahlojoe ka ho shapuoa e le hore a tsebe lebaka leo Bajuda ba mo qosang ka lona. Leha ho le joalo, ha Pauluse a bolela hore ke moahi oa Roma, ba tlohela ho mo shapa. Letsatsing le latelang, Lysiase o isa Pauluse ka pel’a Sanhedrine ho utloa lebaka leo Bajuda ba mo qosang ka lona.—Liketso 22:22-30.

Ha Pauluse a eme ka pel’a lekhotla lena le phahameng, o ba le monyetla o mong o motle oa ho pakela Bajuda ba habo. Moevangeli enoa ea sebete o bolela hore o lumela tsoho ea bafu. (Liketso 23:1-8) Lehloeo le tletseng polao la Bajuda ha le kokobele, ’me Pauluse o isoa moo ho lulang masole. Bosiung bo latelang, Morena o mo tiisetsa ka tsela ena e khothatsang: “E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.”—Liketso 23:9-11.

Morero o bolotsana oa ho bolaea Pauluse oa nyopa ha moapostola enoa a potlakisetsoa Cesarea ka sekhukhu, e leng motse-moholo oa tsamaiso ea Baroma oa Judea. (Liketso 23:12-24) Ha Pauluse a le Cesarea, o fumana monyetla o mong hape o motle, ’me o pakela “marena.” Leha ho le joalo, moapostola enoa o qala ka ho bontša ’Musisi Felix hore ha ho na bopaki bo tšehetsang lintho tseo a li qosetsoang. Hamorao, Pauluse o pakela eena le mosali oa hae Drusila mabapi le Jesu, boitšoaro, ho loka le kahlolo e tlang. Leha ho le joalo, Pauluse o bolokoa chankaneng ka lilemo tse peli, kaha Felix o nahana hore Pauluse o tla mo fa tjotjo, empa ha a mo fe letho.—Liketso 23:33–24:27.

Ha Festase a nka setulo sa Felix, Bajuda ba tsosolosa boiteko ba bona ba hore Pauluse a ahloloe a be a bolaoe. Nyeoe e tšoareloa hona Cesarea hape, ’me Pauluse o thibela hore nyeoe eo e isoe Jerusalema ka hore a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Cesare . . . Ke ipiletsa ho Cesare.” (Liketso 25:1-11, 20, 21) Matsatsinyana hamorao, ka mor’a hore moapostola a teke taba ea hae ka pel’a Morena Heroda Agrippa II, morena eo o re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Liketso 26:1-28) Hoo e ka bang ka 58 C.E., Pauluse o romeloa Roma. Ha e ntse e le motšoaruoa moo, moapostola enoa ea khonang ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng o tsoela pele ka lilemo tse peli hore a fumane litsela tsa ho paka ka Kreste. (Liketso 28:16-31) Ho bonahala eka qetellong Pauluse o ile a ema ka pel’a Moemphera Nero, ha thoe ha a na molato ’me a qetella a tsosolositse mosebetsi oa hae oa boromuoa e le motho ea lokolohileng. Ha ho tlaleho e bontšang hore ho na le moapostola leha e le ofe e mong ea kileng a ba le monyetla oa ho isa litaba tse molemo ho bahlomphehi joaloka Pauluse.

Joalokaha liketsahalo tse ka holimo li bontša, moapostola Pauluse o ile a phela tumellanong le molao-motheo oa bohlokoa o ileng oa boleloa ke Bakreste-’moho le eena lekhotleng la Bajuda, ha ba ne ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) O re behetse mohlala o motle hakaakang! Ho sa tsotellehe boiteko bo phehellang ba batho ba ho mo thibela, moapostola enoa o ile a mamela ka botlalo taelo ea hore a fane ka bopaki ka ho feletseng. Ka lebaka la ho mamela Molimo a sa thekesele joalo, Pauluse o ile a phetha kabelo ea hae ea ho ba ‘sejana se khethetsoeng’ ho isa lebitso la Jesu “lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.”—Liketso 9:15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006, November/December.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

NA PAULUSE O NE A AMEHILE FEELA KA HO ITŠIRELETSA?

Ha mongoli Ben Witherington III a bua ka potso ena, oa ngola: “Ho ea ka Pauluse . . . , ntho ea bohlokoa e ne e se hakaalo hore Pauluse a itšireletse, empa e ne e le hore a pakele kosepele ho ba boholong, har’a Bajuda le Balichaba. . . . Ha e le hantle, kosepele e ne e le eona e qosoang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela