Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 12/1 maq. 17-19
  • Botšepehi Boa Putsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi Boa Putsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U se ke Ua Pata Seo U Leng Sona
  • Botšepehi bo Tlisa Melemo
  • Tšepahala ka Linako Tsohle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Molemo oa ho Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 12/1 maq. 17-19

Botšepehi Boa Putsa

HO SE TŠEPAHALE ho ’nile ha e-ba teng ho tloha serapeng sa Edene. Leha ho le joalo, meetlong le lichabeng tse ngata botšepehi bo nkoa e le ntho ea bohlokoa ’me leshano le thetso li talingoa e le lintho tse mpe le tse nyatsehang. Ho nkoa u tšepahala ke ntho eo u ka bang motlotlo ka eona. Leha ho le joalo, ke ntho e ntseng e e-ja setsi ho nka hore ho se tšepahale hoa hlokahala hore motho a tsoelle bophelong. Uena u nahana joang ka taba ee? Na ho hlokahala hore batho ba tšepahale? U sebelisa tekanyetso efe ho etsa qeto ea hore na ho tšepahala le ho se tšepahale ke eng?

E le hore re khahlise Molimo, re lokela ho tšepahala ka seo re se buang le ka tsela eo re phelang ka eona. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena tjena: “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) Pauluse o ile a boela a ngola: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Sepheo sa rōna sa ho tšepahala hase hore re rorisoe ke batho ba bang. Re tšepahala hobane re hlompha ’Mōpi oa rōna ebile re batla ho mo khahlisa.

U se ke Ua Pata Seo U Leng Sona

Linaheng tse ngata, batho ba pata seo ba hlileng ba leng sona hore ba fumane melemo e itseng bophelong. Ba fumana litokomane tse itseng ka bomenemene, mangolo a phahameng a thuto le mangolo a boitsebahatso hore ba kene naheng e itseng ba sa lumelloa ka molao kapa hore ba fumane mosebetsi kapa maemo ao ba sa tšoaneleheng hore ba be ho ’ona. Batsoali ba bang ba bua leshano ka mangolo a bana ba bona a tsoalo e le hore bana ba ’ne ba tsoele pele ba kena sekolo.

Leha ho le joalo, hore re khahlise Molimo, re ke ke ra thetsa ba bang. Bibele e re Jehova ke “Molimo oa ’nete” ’me o lebeletse hore ba nang le kamano e haufi le eena ba bue ’nete. (Pesaleme ea 31:5) Haeba re batla ho lula re e-na le kamano e haufi le Jehova, re ke ke ra etsisa “batho ba leshano . . . ba patang seo ba leng sona.”—Pesaleme ea 26:4.

Hape batho ba tloaetse ho pata ’nete ha ba tlameha ho khalemelloa liphoso tseo ba li entseng. Esita le ka phuthehong ea Bokreste, motho a ka ’na a oela molekong oa ho etsa joalo. Ka mohlala, phuthehong e ’ngoe, mohlankana e mong o ile a lumela ka pel’a baholo hore o ne a entse libe tse itseng. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumela hore o ne a utsoitse, esita le hoja ho ne ho e-na le bopaki bo khahlanong le eena. Qetellong ho ile ha fumanoa hore o ne a ntse a utsoa ’me o ile a lokela ho khaoloa phuthehong. Na e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore a tšepahale ka ho feletseng ’me a amohele thuso ea ho tsosolosa kamano ea hae ea bohlokoa le Jehova? Ha e le hantle, Bibele e re: “U se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena; kaha Jehova o laea eo a mo ratang.”—Baheberu 12:5, 6.

Ka linako tse ling, mor’abo rōna ea hahamallang boikarabelo ka phuthehong a ka ’na a leka ho pata mathata a hae kapa boitšoaro ba hae bo bobe ba nakong e fetileng. Ka mohlala, ha a tlatsa foromo ea kōpo bakeng sa tšebeletso e khethehileng a ka ’na a se ke a araba ka botlalo lipotso tse amanang le boemo ba bophelo ba hae le boitšoaro, a nahana hore a ka ’na a se ke a tšoaneleha haeba a bua ’nete litabeng tse joalo. A ka ’na a ipehela lebaka ka ho re, ‘Ha e le hantle, ha kea bua leshano,’ empa na o ne a hlile a bua ’nete ebile a tšepahala ho ba bang? Nahana taba e boleloang ho Liproverbia 3:32: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”

Taba ea pele, ho tšepahala ho bolela hore re itšepahalle ka borōna. Hangata re lumela seo re batlang ho se lumela ho e-na le ho lumela se nepahetseng kapa seo e leng ’nete. Ho bonolo hakaakang hore re behe batho ba bang molato! Ka mohlala, Morena Saule o ile a leka ho lokafatsa liketso tsa hae tsa ho se mamele ka ho beha ba bang molato. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo lahla hore e se ke ea e-ba morena. (1 Samuele 15:20-23) O ne a fapane hakaakang le Morena Davida, ea ileng a rapela Jehova a re: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. Ke ile ka re: ‘Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa ka.’ Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.”—Pesaleme ea 32:5.

Botšepehi bo Tlisa Melemo

Ho tšepahala kapa ho se tšepahale ho susumetsa tsela eo ba bang ba u talimang ka eona. Haeba batho ba ka lemoha hore u ba thetsitse, esita le haeba e le hanngoe feela, ba ke ke ba hlola ba u tšepa, ’me ha ho bonolo hore ba boele ba u tšepe. Ka lehlakoreng le leng, haeba u bua ’nete ebile u tšepahala, u tla iketsetsa botumo ba ho ba motho ea tšepahalang, eo batho ba ka mo tšepang. Lipaki Tsa Jehova li iketselitse botumo bo joalo. Nahana ka mehlala e meng ea tsona.

Motsamaisi oa k’hamphani e ’ngoe o ile a hlokomela hore basebetsi ba hae ba bangata ba ne ba utsoetsa k’hamphani, kahoo o ile a bitsa mapolesa. Ha a lemoha hore mosebetsi e mong eo e neng e le Paki ea Jehova le eena o ne a tšoeroe, o ile a ea mapoleseng e le hore Paki eo e lokolloe kapele-pele. Hobane’ng? Hobane motsamaisi enoa o ne a tseba hore motho eo e ne e le mosebetsi ea tšepahalang le hore o ne a se na molato. Ba bang kaofela ba ile ba lelekoa mosebetsing ntle le Paki eo. Lipaki tse ling tsa habo li ile tsa thaba, li tseba hore boitšoaro ba hae bo tlotlisitse lebitso la Jehova.

Batho ba bang ba elelloa boitšoaro bo botle. Motseng o mong oa Afrika, ho ne ho hlokahala hore ho lokisoe borokho bo bolelele bo neng bo feta holim’a lengope le leholo hobane mapolanka a bona a ne a utsoitsoe. Baahi ba moo ba ile ba etsa qeto ea ho koleka chelete hore ba reke mapolanka ao, empa ke mang ea neng a ka tšepeloa ho tšoara chelete eo? Bohle ba ile ba e-ba ntsoe-leng hore e lokela e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Ha ho ne ho tsoha meferefere ea lipolotiki le qhoebeshano ea merabe naheng e ’ngoe ea Afrika, Paki e neng e boloka libuka tsa khoebo k’hamphaning e ’ngoe ea machaba e ile ea isoa sebakeng se seng ka mosebetsi ke k’hamphani eo ea hae kaha bophelo ba Paki eo bo ne bo le kotsing. K’hamphani eo e ile ea etsa litokisetso tsa hore Paki eo e il’o sebetsa naheng e ’ngoe ka likhoeli tse ngata e lefella litšenyehelo tsa eona tsa ho lula naheng eo ho fihlela lintho li khutletse setloaeling. Hobane’ng? Hobane pejana Paki eo e ne e ile ea hana ho ikopanya le ba neng ba etsa ’momori oa ho tsoa k’hamphani eo tlaase. Botsamaisi ba k’hamphani eo bo ne bo tseba ka botumo ba Paki eo ba hore e ne e le motho ea tšepahalang haholo. Na ba ka be ba ile ba ikemisetsa ho thusa mosebetsi eo haeba a ne a tsebahala e le motho ea matšoephelele?

Liproverbia 20:7 e re: “Ea lokileng o tsamaea botšepehing ba hae.” Motho ea tšepahalang ke ea sa thekeseleng botšepehing ba hae. Ha ho mohla a qhekellang kapa a thetsang batho ba bang. Na ha u rate ha ba bang ba u tšoara ka tsela eo? Botšepehi ke ntho ea bohlokoa borapeling ba ’nete. Ke pontšo ea hore re rata Molimo le moahelani. Ha re tšepahala re bontša hore re rata ho latela molao-motheo oa boitšoaro oo Jesu a ileng a o hlalosa tjena: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12; 22:36-39.

Ho tšepahala ka linako tsohle ho ka ’na ha tlisetsa motho liphello tse bosula, empa letsoalo le letle leo motho a le fumanang le bohlokoa ho feta ntho leha e le efe eo a ka lahleheloang ke eona. Qetellong, ho tšepahala le ho loka ho tlisa melemo e meholo ka ho fetisisa. Ntho eo ehlileng e leng ea bohlokoa haholo ke ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ke hobane’ng ha u ka senya kamano eo ka ho etsa ketso e bolotsana e le hore feela u qobe ho se hlomphuoe ke batho kapa hore u fumane molemo o itseng ka ho tlola molao? Ho sa tsotellehe hore na re thulana le bothata bofe, re ka tšepa mantsoe ana a mopesaleme a reng: “Ho thaba monna ea shahlileng ea behileng Jehova e le tšepo ea hae le ea sa retelletsang sefahleho sa hae ho batho ba hanyetsang, kapa ba khelohelang mashanong.”—Pesaleme ea 40:4.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Bakreste ba ’nete ha ba reke litokomane tsa bomenemene le ho li sebelisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela