Amose—Na o ne a Kha Lifeiga Kapa o ne a li Phunya?
MORAO koana lekholong la borobong la lilemo B.C.E., Amazia ea khopo, e leng moprista ea neng a rapela namane, o ile a laela moprofeta Amose hore a khaotse ho profeta Iseraele. Amose o ile a hana, a re: “Ke ne ke le mohlokomeli oa liphoofolo le [ea phunyang, NW] lifeiga tsa lifate tsa sikamora. Jehova o ile a ntlosa hore ke se ke ka latela mohlape, ’me Jehova a qala ho re ho ’na, ‘Tsamaea, u profetele batho ba ka ba Iseraele.’” (Amose 7:14, 15) Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a roma Amose e le moprofeta; Amose o ne a sa ipeha hore e be moprofeta. Empa Amose o ne a bolela’ng ha a ne a re o ne a “phunya” lifeiga tsa lifate tsa sikamora?
Lentsoe la Seheberu le fetolelang polelo ena le hlaha hona mona feela Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane. Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela lentsoe lena e le “ea khang,” “ea hlokomelang,” ho e-na le ho le fetolela e le “ea phunyang,” lifeiga tsa sikamora. Leha ho le joalo, makasine e bitsoang Economic Botany e re phetolelo e nepahetseng ea lentsoe lena e lokela ho ba “ea phunyang” hobane lentsoe lena le bontša ketso e khethehileng e neng e etsoa ke molemi oa lifeiga tsa sikamora.
Tloaelo ena ea ho phunya lifeiga tsa sikamora, e ’nile ea tsebahala haholo Egepeta le Cyprase ho tloha mehleng ea khale. Naheng ea kajeno ea Iseraele, tloaelo ena ea ho phunya lifeiga ha e sa lateloa, hobane ho se ho lengoa lifeiga tsa mefuta-futa naheng eo. Leha ho le joalo, Baiseraele ba mehleng ea Amose ba ne ba tloaetse ho phunya lifeiga, kaha lifate tsa sikamora tse neng li mela Iseraele nakong eo li ne li tsoa mefuteng e sa tšoaneng ea lifate tse tsoang Egepeta.
Kamoo ho bonahalang kateng, ho phunya lifeiga ho etsa hore li monye metsi ’me li be le lero le lengata. Ho boetse ho etsa hore li hlahise khase e bitsoang ethylene, e li butsoisang kapele, le e etsang hore litholoana li be tenya ’me li be monate. Ho phaella moo, likokoana-hloko tsa bobi ha li bolise litholoana hobane li butsoa kapele.
Le hoja Amose e ne e le motho oa boemo bo tlaase oa molisana le ea phunyang lifeiga, o ne a sa tšabe lira tsa hae. Ho e-na le hoo, ka sebete o ile a phatlalatsa molaetsa oa Jehova oa kahlolo khahlanong le Iseraele. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa bahlanka ba Molimo kajeno, bao le bona ba lokelang ho phatlalatsa molaetsa o sa rateheng!—Matheu 5:11, 12; 10:22.