“U ’ne U Hlōle Bobe ka Botle”
“U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—BAROMA 12:21.
1. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka hlōla bobe?
NA HO ka khoneha hore re eme re tiile khahlanong le batho ba hanyetsang borapeli ba ’nete ka mabifi? Na ho ka khoneha hore re hlōle lintho tse re susumetsang tse lekang ho re khutlisetsa lefatšeng le khopo? Karabo ea lipotso tseo tse peli ke e! Ke hobane’ng ha re bolela joalo? Ke ka lebaka la seo moapostola Pauluse a se bolelang lengolong leo a ileng a le ngolla Baroma. Oa ngola: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:21) Haeba re tšepa Jehova ebile re ikemiselitse ho se lumelle lefatše hore le re hlōle, bobe ba lona bo ke ke ba re hlōla. Hape, poleloana e reng “u ’ne u hlōle bobe” e bontša hore re ka hlōla bobe haeba re sa khaotse ho bo loantša. Ba khaotsang ho falimeha le ba khaotsang ho loana ke bona feela ba tla hlōloa ke lefatše lena le khopo le ’musi oa lona, Satane Diabolose.—1 Johanne 5:19.
2. Ke hobane’ng ha re tla tšohla lintho tse ling tse ileng tsa
2 Lilemo tse ka bang 500 pele ho mehla ea Pauluse, mohlanka e mong oa Molimo ea neng a lula Jerusalema o ile a netefatsa mantsoe a Pauluse mabapi le ho loantša bobe. Monna eo oa Molimo, Nehemia, ha aa ka a hanyetsa feela batho ba khopo empa o ile a boela a hlōla bobe ka botle. O ile a tobana le mathata afe? O thusitsoe ke eng hore a atlehe? Re ka etsisa mohlala oa hae joang? E le hore re arabe lipotso tseo, a re tšohleng lintho tse ling tse ileng tsa etsahala bophelong ba Nehemia.a
3. Nehemia o ne a phela tlas’a maemo a mofuta ofe, hona ke ketso efe e makatsang eo a ileng a e etsa?
3 Nehemia o ne a sebeletsa lekhotleng la Morena Artaxerxese oa Persia. Le hoja Nehemia a ne a phela har’a batho ba sa lumelang, ha aa ka a “ba ka sebōpeho” sa ‘tsamaiso ea lintho’ ea mehleng eo. (Baroma 12:2) Ha ho ne ho e-na le mosebetsi o hlokang ho etsoa Juda, o ile a tela bophelo ba hae bo mabothobotho, a kena leetong le boima la ho ea Jerusalema, eaba o nka mosebetsi o moholohali oa ho tsosolosa marako a motse. (Baroma 12:1) Le hoja e ne e le ’musisi oa Jerusalema, Nehemia o ne a sebetsa ka thata letsatsi le leng le le leng le Baiseraele ba habo “ho tloha ha mafube a hlaha ho fihlela ha linaleli li hlaha.” Ka lebaka leo, mosebetsi oo o ile oa phethoa ka likhoeli tse peli feela! (Nehemia 4:21; 6:15) Eo e ne e le ketso e makatsang, hobane ha ho ntse ho hahoa, Baiseraele ba ile ba tobana le khanyetso ea mefuta e sa tšoaneng. Ke bo-mang ba neng ba hanyetsa Nehemia, hona sepheo sa bona e ne e le sefe?
4. Sepheo sa bahanyetsi ba Nehemia e ne e le sefe?
4 Bahanyetsi ba ka sehloohong e ne e le Sanbalate, Tobia le Gesheme, banna ba hlomphehang ba neng ba lula haufi le Juda. Kaha e ne e le lira tsa batho ba Molimo, ‘ho ile ha bonahala e le ntho e mpe haholo ho bona hore ebe [Nehemia] o ne a tlil’o batla ho hong ho molemo bakeng sa bara ba Iseraele.’ (Nehemia 2:10, 19) Lira tsa Nehemia li ne li ikemiselitse ho thibela morero oa Nehemia oa ho haha, hoo li bileng tsa loha mano a mabe. Na Nehemia o ne a tla ‘itumella hore a hlōloe ke bobe’?
“A Halefa ’Me a Khopeha Haholo”
5, 6. (a) Lira tsa Nehemia li ile tsa re’ng ka mosebetsi oa ho haha? (b) Ke hobane’ng ha Nehemia a sa ka a tšosoa ke bahanyetsi?
5 Ka sebete Nehemia o ile a khothatsa sechaba sa habo a re: ‘A re tsosoloseng lerako la Jerusalema.’ Se ile sa araba sa re: ‘Re tla haha.’ Nehemia o re: “Ba matlafatsa matsoho a bona bakeng sa mosebetsi ona o molemo,” empa bahanyetsi ba “qala ho re fetola litšeho ba re talima ka ho nyelisa ’me ba re: ‘Ntho ee eo le e etsang ke eng? Na le fetohela morena?’” Nehemia ha aa ka a tšosoa ke linyefolo tsa bona le liqoso tsa bona tsa bohata. O ile a re ho bahanyetsi bao: “Molimo oa maholimo ke Eena ea tla re fa katleho, ’me rōna, bahlanka ba hae, re tla ema, ’me re tla haha.” (Nehemia 2:17-20) Nehemia o ne a ikemiselitse ho tsoela pele ka ‘mosebetsi o molemo.’
6 E mong oa bahanyetsi bao, e leng Sanbalate, o ile “a halefa ’me a khopeha haholo” eaba o eketsa ho ba tjolietsa. O ile a soma a re: “Bajuda baa ba tepeletseng ba etsa’ng?. . . Na ba tla phelisa majoe ho tsoa liqubung tsa lithōle?” Tobia le eena o ile a soma, a re: “Haeba phokojoe e ka hloella holim’a sona, ka sebele e ne e tla heletsa lerako la bona la majoe.” (Nehemia 4:1-3) Nehemia o ile a etsa joang?
7. Nehemia o ile a etsa’ng ha a ne a qosoa ke bahanyetsi ba hae?
7 Nehemia o ile a hlokomoloha litšomo tseo. O ile a latela taelo ea Molimo ’me ha aa ka a leka ho iphetetsa. (Levitike 19:18) Ho e-na le hoo, o ile a tlohella litaba matsohong a Jehova eaba oa rapela: “Utloa, Molimo oa rōna, kaha re fetohile ba eisehang; u khutlisetse nyeliso ea bona holim’a lihlooho tsa bona.” (Nehemia 4:4) Nehemia o ne a tšepile tšepiso ea Jehova e reng: “Phetetso ke ea ka, le tefetso.” (Deuteronoma 32:35) Ho phaella moo, Nehemia le sechaba sa habo ba ile ba ‘tsoela pele ka ho haha lerako.’ Ha baa ka ba lumela ho khelosoa. Ha e le hantle, ‘lerako lohle le ile la kopana ho fihlela halofong ea bophahamo ba lona, ’me batho ba tsoela pele ho ba le pelo bakeng sa ho sebetsa.’ (Nehemia 4:6) Lira tsa borapeli ba ’nete li ne li hlōlehile ho thibela mosebetsi oo oa ho haha! Re ka etsisa Nehemia joang?
8. (a) Re ka etsisa Nehemia joang ha bahanyetsi ba re qosa ka bohata? (b) Pheta phihlelo eo u bileng le eona kapa eo u e utloileng e bontšang bohlale ba ho se iphetetse.
8 Kajeno, bahanyetsi sekolong, mosebetsing, esita le hona ka malapeng ba ka ’na ba re nyefola le ho re qosa. Leha ho le joalo, hangata tsela e molemohali ea ho sebetsana le liqoso tseo tsa bohata ke ho sebelisa molao-motheo oa Mangolo o reng: “Ho na le . . . nako ea ho khutsa.” (Moeklesia 3:1, 7) Kahoo, joaloka Nehemia, re qoba ho iphetetsa ka mantsoe a hlabang. (Baroma 12:17) Re ea ho Molimo ka thapelo, re tšepile ea re tšepisang ho re: “Ke tla buseletsa.” (Baroma 12:19; 1 Petrose 2:19, 20) Ka tsela eo, ha re lumelle bahanyetsi ba rōna hore ba re khelose mosebetsing oa moea o lokelang ho etsoa kajeno—e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le oa ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Nako le nako ha re kopanela mosebetsing oa ho bolela ’me re sa lumelle khanyetso hore e re sitise, re bontša boikemisetso bo tšoanang le bo ileng ba bontšoa ke Nehemia.
‘Ka Sebele re Tla le Bolaea’
9. Lira tsa Nehemia li ile tsa mo hanyetsa ka tsela efe, hona Nehemia o ile a nka bohato bofe?
9 Eitse ha bahanyetsi ba borapeli ba ’nete ba mehleng ea Nehemia ba utloa hore “ho lokisoa ha marako a Jerusalema ho ne ho tsoetse pele,” ba ile ba nka lisabole tsa bona hore ba e’o “loantša Jerusalema.” Bajuda ba ne ba sa bone hore na ba tla tsoa le hokae. Basamaria ba ne ba le ka leboea, Baammone ba le ka bochabela, Maarabe a le ka boroa, ka bophirimela e le Baashdode. Jerusalema e ne e pota-potiloe; ho ne ho bonahala eka lihahi li qabeletsoe! Ba ne ba tla etsa joang? Nehemia o re: ‘Re ile ra rapela Molimo oa rōna.’ Lira li ile tsa soka tsa re: “Ka sebele re tla ba bolaea ’me re thibele mosebetsi.” Nehemia o ile a nka bohato ka ho abela lihahi mosebetsi oa ho sireletsa motse “ka lisabole tsa bona, marumo a bona le liqha tsa bona.” Ke ’nete hore, mahlong a batho, sehlotšoana seo sa Bajuda se ne se ke ke sa o besa oa tuka ho lebotho leo le leholo la lireng, empa Nehemia o ile a se khothatsa: ‘Le se ke la tšoha . . . Le lule le hopotse Jehova e moholo le Ea tšabehang.’—Nehemia 4:7-9, 11, 13, 14.
10. (a) Ke eng e ileng ea etsa hore maemo a fetohe ka tšohanyetso har’a lira tsa Nehemia? (b) Nehemia o ile a nka mehato efe?
10 Joale maemo a ile a fetoha ka tšohanyetso. Lira li ile tsa khaotsa ho hlasela. Hobane’ng? Nehemia oa tlaleha: ‘Molimo oa ’nete o ne a nyopisitse morero oa tsona.’ Leha ho le joalo, Nehemia o ile a hlokomela hore lira tseo li ne li tla ’ne li sokele. Ka lebaka leo, ka bohlale o ile a fetola mokhoa oo lihahi li neng li sebetsa ka oona. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, “e mong le e mong o ne a tšoarehile mosebetsing ka letsoho le leng la hae ha letsoho le leng le ne le tšoere lerumo.” Hape Nehemia o ile a abela monna e mong mosebetsi oa ho “letsa lenaka” ho lemosa lihahi haeba ho ne ho ka etsahala hore sera se hlasele. Ka holim’a tsohle, Nehemia o ile a tiisetsa sechaba a re: “Molimo oa rōna o tla re loanela.” (Nehemia 4:15-20) Lihahi li ile tsa tsoela pele ka mosebetsi kaha li ne li tsositsoe molota li bile li hlomeletsoe ho tobana le tlhaselo. Re ka ithuta eng tlalehong ee?
11. Ke eng e thusang Bakreste ba ’nete ho mamella bobe linaheng tseo mosebetsi oa ’Muso o thibetsoeng ho tsona, hona ba hlōla bobe ka botle joang?
11 Ka linako tse ling, Bakreste ba ’nete ba tobana le khanyetso e mabifi. Ha e le hantle, linaheng tse ling bahanyetsi ba lonya ba borapeli ba ’nete ba iketsa lebotho le matlahali la sera. Mahlong a batho, balumeli-’moho le rōna ba leng linaheng tseo ba ke ke ba o besa oa tuka. Leha ho le joalo, Lipaki tseo li kholisehile hore ‘Molimo o tla li loanela.’ Ha e le hantle, hangata ba hlorisoang ka lebaka la lintho tseo ba li lumelang ba ’nile ba bona hore Jehova o araba lithapelo tsa bona o bile o ‘nyopisa morero’ oa lira tse matla. Esita le linaheng tseo mosebetsi oa ’Muso o thibetsoeng ho tsona, Bakreste ba fumana litsela tsa ho tsoela pele ba bolela litaba tse molemo. Feela joalokaha lihahi tsa Jerusalema li ile tsa fetola mokhoa oo li sebetsang ka oona, kajeno Lipaki Tsa Jehova le tsona ka bohlale li fetola mekhoa ea tsona ea ho bolela ha li hlaseloa. Ho hlakile hore ha li sebelise lihlomo tsa sebele. (2 Bakorinthe 10:4) Esita leha li tšosoa ka ho hlaseloa ka mabifi ’meleng seo ha se etse hore li khaotse ho etsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela. (1 Petrose 4:16) Ho e-na le hoo, bara le barali bao babo rōna ba ‘tsoela pele ho hlōla bobe ka botle.’
“Tloo, ’Me re Kopaneng Hammoho”
12, 13. (a) Bahanyetsi ba Nehemia ba ile ba sebelisa leqheka lefe? (b) Ke hobane’ng ha Nehemia a ile a hana memo ea ho kopana le bahanyetsi ba hae?
12 Eitse hobane lira tsa Nehemia li hlokomele hore litlhaselo tsa tsona li hlōlehile, tsa qala ho sebelisa mekhoa e poteletseng haholoanyane ea ho hanyetsa. Ha e le hantle, li ile tsa leka ho sebelisa maqheka a mararo. Ke afe maqheka ao?
13 La pele, lira tsa Nehemia li ile tsa leka ho mo qhekella. Li ile tsa re ho eena: “Tloo, ’me re kopaneng hammoho ka taetsano metsaneng ea thota ea Ono.” Ono e ne e le pakeng tsa Jerusalema le Samaria. Kahoo lira tseo li ile tsa etsa tlhahiso ea hore Nehemia a kopane le tsona pakeng tsa metse e le hore ba rarolle liphapang tse neng li le teng. Nehemia o ne a ka ’na a re: ‘Taba ena ea utloahala. Ho molemo ho bua ho e-na le ho loana.’ Empa Nehemia o ile a hana. O ile a hlalosa lebaka: “Ba ne ba rerile ho ’ntša kotsi.” O ile a lemoha leqheka la bona ’me ha aa ka a thetsoa. Ka makhetlo a mane o ile a re ho bahanyetsi ba hae: “Ha ke khone ho theoha. Ke hobane’ng ha mosebetsi o lokela ho khaotsa ha ke tloha ho oona ’me ke theohela ho lōna?” Boiteko ba lira ba ho etsa hore Nehemia a sekisetse bo ile ba nyopa. O ile a lula a tsepamisitse mahlo a hae mosebetsing oa ho haha.—Nehemia 6:1-4.
14. Nehemia o ile a etsa’ng ha a ne a qosoa ka bohata?
14 La bobeli, lira tsa Nehemia li ile tsa qala ho jala mashano, li qosa Nehemia ka ho re o “rera ho etsa bofetoheli” khahlanong le Morena Artaxerxese. Le mona Nehemia o ile a bolelloa: ‘A re rerisane hammoho.’ Nehemia o ile a boela a hana hobane o ile a lemoha sepheo sa lira tsa hae. Nehemia o ile a hlalosa: “Kaofela ha bona ba ne ba leka ho re tšosa, ba re: ‘Matsoho a bona a tla tepella mosebetsing hoo o ke keng oa etsoa.’” Leha ho le joalo, lekhetlong lena, Nehemia o ile a hanyetsa qoso ea lira tsa hae, a re: ‘Lintho tse kang tseo le li buang ha lia etsahala, empa le li qapa ho tsoa lipelong tsa lōna.’ Ho feta moo, Nehemia o ile a kōpa thuso ho Jehova, a rapela a re: “Matlafatsa matsoho a ka.” O ne a tšepile hore ka thuso ea Jehova, o ne a tla khona ho nyopisa morero ona o mobe ’me a tsoele pele ka mosebetsi oa ho haha.—Nehemia 6:5-9.
15. Moprofeta e mong oa bohata o ile a fana ka keletso efe, hona ke hobane’ng ha Nehemia a sa ka a e amohela?
15 La boraro, lira tsa Nehemia li ile tsa sebelisa moeki oa Moiseraele, e leng Shemaia, hore a leke ho etsa hore Nehemia a tlōle Molao oa Molimo. Shemaia o ile a re ho Nehemia: “A re kopane ka taetsano ntlong ea Molimo oa ’nete, ka har’a tempele, ’me re koale mamati a tempele; etsoe ba tlil’o u bolaea.” Shemaia o ile a re Nehemia o ne a le kotsing ea ho bolaoa empa o ne a ka boloka bophelo ba hae ka ho ipata ka tempeleng. Empa Nehemia e ne e se moprista. O ne a tla be a etsa sebe ka ho ipata ka ntlong ea Molimo. Na o ne a tla tlōla Molao oa Molimo e le hore a leke ho boloka bophelo ba hae? Nehemia o ile a re: “Ke mang ea joaloka ’na ea neng a ka kena ka tempeleng eaba oa phela? Nke ke ka kena!” Ke hobane’ng ha Nehemia a sa ka a oela lerabeng leo a neng a le chehetsoe? Ke hobane o ne a tseba hore le hoja Shemaia e ne e le Moiseraele, “o ne a sa rongoa ke Molimo.” Ha e le hantle, moprofeta oa ’nete o ne a ke ke a mo eletsa hore a tlōle Molao oa Molimo. Hape, Nehemia ha aa ka a lumela hore a hlōloe ke bahanyetsi ba hae ba khopo. Nakoana ka mor’a moo o ne a ka tlaleha a re: “Qetellong lerako [le ile] la phethoa ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mehlano la Elule, ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e ’meli.”—Nehemia 6:10-15; Numere 1:51; 18:7.
16. (a) Re ho sebetsana joang le batho ba iketsang eka ke metsoalle ea rōna, ba re qosang ka bohata, le ba iketsang eka ke barab’abo rōna? (b) Ha u le lapeng, sekolong, kapa mosebetsing, u bontša joang hore u hana ho sekisetsa lintho tseo u li lumelang?
16 Joaloka Nehemia, le rōna re ka ’na ra tobana le bahanyetsi ba iketsang eka ke metsoalle ea rōna empa e se eona, le batho ba re qosang ka bohata le batho ba iketsang eka ke barab’abo rōna empa e se bona. Batho ba bang ba ka ’na ba re khothalletsa hore re sekisetse. Ba ka ’na ba leka ho re kholisa hore haeba re sa chesehe haholo tšebeletsong ea Jehova, sena se tla re fa monyetla oa ho hahamalla le lipakane tsa lefatše. Leha ho le joalo, kaha ’Muso oa Molimo o tla pele bophelong ba rōna, re hana ho sekisetsa. (Matheu 6:33; Luka 9:57-62) Bahanyetsi ba boetse ba hasa liqoso tsa bohata ka rōna. Linaheng tse ling re qosoa ka hore re kotsi Naheng, feela joaloka Nehemia a ne a qosoa ka hore o fetohela morena. Liqoso tse ling li ’nile tsa hanyetsoa ka katleho makhotleng. Empa ho sa tsotellehe hore na boemong ka bong ho ba le liphello life, re rapela re kholisehile hore Jehova o tla tsamaisa litaba hore li lumellane le thato ea hae. (Bafilipi 1:7) Khanyetso e ka boela ea hlaha ho ba iketsang eka ba sebeletsa Jehova. Feela joalokaha Mojuda oa habo Nehemia a ile a leka ho mo susumeletsa hore a tlōle Molao oa Molimo e le hore a boloke bophelo ba hae, le bakoenehi bao e kileng ea e-ba Lipaki ba ka ’na ba leka ho re susumeletsa hore re sekisetse ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, re furalla bakoenehi hobane rea tseba hore re tla boloka bophelo ba rōna ka ho boloka Melao ea Molimo, eseng ka ho e tlōla! (1 Johanne 4:1) Ka sebele, Jehova a ka re thusa hore re hlōle mofuta leha e le ofe oa bobe.
Ho Bolela Litaba Tse Molemo ho sa Tsotellehe Bobe Boo U Tobaneng le Bona
17, 18. (a) Satane le mahlahana a hae ba leka ho finyella eng? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng, hona hobane’ng?
17 Lentsoe la Molimo le re ka barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng: “Ba ile ba . . . hlōla [Satane] . . . ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona.” (Tšenolo 12:11) Kahoo, ho na le kamano e tobileng pakeng tsa ho hlōla Satane—e leng mohloli oa bobe—le ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ha ho makatse ha Satane a sa khaotse ho hlasela masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” ka ho hlohlelletsa khanyetso!—Tšenolo 7:9; 12:17.
18 Joalokaha re bone, khanyetso e ka hlaha ka ho hlaseloa ka mantsoe a hlabang kapa ka ho tšosoa ka ho hlaseloa ka mabifi ’meleng kapa ka litsela tse ling tse poteletseng haholoanyane. Ho sa tsotellehe boemo, kamehla sepheo sa Satane sa ho thibela mosebetsi oa ho bolela, ha se fetohe. Leha ho le joalo, o tla hlōleha habohloko hobane joaloka Nehemia oa boholo-holo, batho ba Molimo ba ikemiselitse ho ‘tsoela pele ba hlōla bobe ka botle.’ Ba tla etsa sena ka ho tsoela pele ba bolela litaba tse molemo ho fihlela Jehova a re mosebetsi o phethiloe!—Mareka 13:10; Baroma 8:31; Bafilipi 1:27, 28.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Na U sa Hopola?
• Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ile ba tobana le khanyetso efe eo le Bakreste ba mehleng ea kajeno ba tobanang eona?
• Sepheo se seholo sa lira tsa Nehemia e ne e le sefe, hona sepheo sa lira tsa batho ba Molimo kajeno ke sefe?
• Kajeno re ka tsoela pele joang ho hlōla bobe ka botle?
etsahala bophelong ba Nehemia?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Bukeng ea Nehemia
Bahlanka ba Molimo ba tobana le
• ho songoa
• litšoso
• thetso
Thetso e tla ka
• ba iketsang eka ke metsoalle
• ba re qosang ka bohata
• ba iketsang eka ke barab’abo rōna
Bahlanka ba Molimo ba hlōla bobe
• ka ho tsoela ba etsa mosebetsi oo Molimo a ba fileng oona
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Nehemia le basebetsi-’moho le eena ba ile ba tsosa lerako la Jerusalema ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bakreste ba ’nete ba bolela litaba tse molemo ka sebete