Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 9/1 maq. 8-12
  • Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete ea Bibele e Fihla Lapeng Leso
  • “Moshanyana, Na Ua Tseba Hore na U Etsa’ng ha U Kolobetsoa?”
  • Mahloriso aa Qala
  • Kampong ea Mahloriso
  • Re Isoa Kampong e ’Ngoe
  • Ho Lokolloa Likampong
  • Ka ea ka Fihla Hae!
  • Se Ileng sa Nthusa ho Mamella
  • Ho Lula Tafoleng ea Jehova ho Thabisa Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ha Rea Tšehetsa Ntoa ea Hitler
    Tsoha!—1994
  • Le Hoja ke Fokola, ke na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Ile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova le Tlas’a Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 9/1 maq. 8-12

Pale ea Bophelo

Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello

Joalokaha ho boletse Henryk Dornik

KE HLAHILE ka 1926, ’me batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike a popota. Ba ne ba lula toropong e nang le morafo ea Ruda Slaska, e haufi le Katowice, Poland boroa. Batsoali ba rōna ba ne ba rutile ’na, moholoane oa ka Bernard le likhaitseli tsa ka tse peli tse ntlhahlamang, Róża le Edyta, ho rapela, ho ea kerekeng le ho etsa ketso ea tšoabo.

’Nete ea Bibele e Fihla Lapeng Leso

Ka letsatsi le leng ka January 1937, ha ke e-na le lilemo tse leshome, Ntate o ile a fihla lapeng a thabile haholo. O ne a tšoere buka e khōlō eo a neng a e fumane ho Lipaki Tsa Jehova. O ile a re, “Bana ba ka, bonang hore na ke fumane’ng—ke Mangolo a Halalelang!” Ke ne ke qala ho bona Bibele.

E ne e le khale seeta ho lla sa Kereke e K’hatholike Ruda Slaska le mathōkong a eona. Baruti ba ne ba entse setsoalle le beng ba morafo ’me ba batla hore basebetsi ba morafo le malapa a bona ba utloe ka bona. Ha motho ea sebetsang morafong a ne a sa ee ’Miseng kapa maipolelong, ho ne ho nkoa hore hase molumeli ’me ho lokisetsoa hore a lelekoe morafong moo. Ntate le eena o ne a tla tloha a lelekoa hobane o ne a tloaelane le Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha moprista a etetse lapeng, Ntate o ile a pepesa boikaketsi ba moprista enoa ka pel’a bohle ba neng ba le teng. Ntate ha aa ka a lelekoa hobane moprista enoa o ne a sa batle ho hlajoa ke lihlong hape.

Ka lebaka la ho bona khohlano ena e ileng ea e-ba teng pakeng tsa Ntate le moprista, boikemisetso ba ka ba ho tseba Bibele bo ile ba matlafala. Lerato la ka ho Jehova le ile la hōla butle-butle, ’me ke ile ka ba le botsoalle bo haufi le eena. Likhoeli tse seng kae ka mor’a puisano ea Ntate le moprista, re ile ra ea Sehopotsong sa lefu la Kreste, moo Ntate a ileng a tsebisoa sehlopha sa batho ba 30 ka mantsoe a reng, “Bana ke Majonadabe.” Kapele feela ke ile ka tseba hore “Majonadabe” ke Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le hore palo ea ’ona e ne e tla eketseha.a—2 Marena 10:15-17.

“Moshanyana, Na Ua Tseba Hore na U Etsa’ng ha U Kolobetsoa?”

Ntate o ile a tlohela joala ka mor’a hore a amohele ’nete ’me ea e-ba monna ea molemo le ntate ea molemo. Leha ho le joalo, ’Mè o ne a sa li kene, ’me o ne a atisa ho re Ntate a ka mpa a phela kamoo a neng a ntse a le kateng pele ’me e ’ne e be Mok’hatholike. Leha ho le joalo, ka mor’a ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, ’Mè o ile a bona hore baruti ba neng ba rapelletse hore Poland e hlōle Majeremane a neng a e hlasela ba ne ba se ba hlaname ba rapella hore Hitler a atlehe! Hamorao, ka 1941, ’Mè o ile a sebeletsa Jehova le rōna kaofela.

Pele ho moo, ke ne ke boletse hore ke batla ho bontša boinehelo ba ka ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing, empa baholo ba phutheho ba ne ba nahana hore ke sa le monyenyane haholo. Ba ile ba re ke lete. Leha ho le joalo, ka la 10 December, 1940, Konrad Grabowy (mor’abo rōna eo hamorao a ileng a shoa a tšepahetse kampong ea mahloriso) o ile a mpotsa lipotso tsa tlhahlobo ka lenyele kamoreng e nyenyane. O ile a mpotsa lipotso tse hlano ’me ha a khotsofalitsoe ke likarabo tsa ka, a nkolobetsa. E ’ngoe ea lipotso tsa hae e ne e re, “Moshanyana, na ua tseba hore na u etsa’ng ha u kolobetsoa?” E ’ngoe hape e re, “Na ua tseba hore ha e le moo ntoa e qhomme, u tla tloha u tlameha ho etsa qeto ea hore na u tla tšepahala ho Hitler kapa ho Jehova, le hore u ka ’na ua shoela ho tšepahala ho Jehova?” Ke ile ka araba hang-hang, ka re, “Kea tseba.”

Mahloriso aa Qala

Ke hobane’ng ha Konrad Grabowy a ile a botsa lipotso tse tobileng joalo? Lebotho la Jeremane le ne le hlasetse Poland ka 1939, ’me ka mor’a moo tumelo ea rōna le botšepehi ba rōna li ile tsa lekoa haholo. Letsatsi le leng le le leng re ne re tšoenyeha ha re utloa ka bara le baralib’abo rōna ba Bakreste ba ntseng ba tšoaroa, ba lelekoa ka har’a naha ’me ba isoa lichankaneng le likampong tsa mahloriso. Le rōna re ne re tla tloha re lekoa ka lintho tse tšoanang.

Manazi a ne a batla ho etsa morolo o mocha—o neng o akarelletsa ’na le banab’eso—balateli ba chesehang ba ’muso oa Hitler. Kaha e ne e le khale Ntate le ’Mè ba hanne ka makhetlo a mangata ho saena Volkslist (lethathamo la batho ba neng ba e-na le tumello ea ho ba baahi ba Jeremane kapa ba neng ba batla ho ba baahi ba eona), ba ile ba amohuoa tokelo ea molao ea ho re hōlisa. Ntate o ile a romeloa kampong ea mahloriso ea Auschwitz. Ka February 1944 ’na le moholoane oa ka re ile ra isoa sekolong sa tlhabollo ea bana ba litlokotsebe sa Grodków (Grottkau), haufi le Nysa, ’me likhaitseli tsa rōna tsa isoa sebakeng sa baitlami sa basali sa K’hatholike se Czarnowąsy (Klosterbrück), haufi le Opole. Sepheo e ne e le hore re lahle seo ba boholong ba neng ba re ke “bolotsana ba batsoali ba rōna.” ’Mè o ile a sala a le mong lapeng.

Lebaleng la sekolo seo, ho ne ho phahamisoa folakha ea swastika hoseng ho hong le ho hong, ’me re ne re laeloa hore re phahamise letsoho le letona ebe re lumelisa folakha eo ha re ntse re re “Heil Hitler.” E ne e le teko e matla ea tumelo, empa ’na le Bernard re ile ra lula re tiile, ra hana ho sekisetsa. Ka lebaka leo, re ile ra khakhatheloa seo ho neng ho thoe ke ho hloka tlhompho. Boiteko bo latelang ba ho re qeta matla le bona bo ile ba hlōleha, kahoo balebeli ba SS ba ile ba re bolella hore re khethe: “Le saena polelo ea hore le tla tšepahala ’Musong oa Jeremane ’me le kenela Wehrmacht [sesole sa Jeremane] kapa le isoa kampong ea mahloriso.”

Ka August 1944 ha ba boholong ba buella ka molao hore re romeloe kampong ea mahloriso, ba ile ba re: “Ba hlooho li thata. Ba khahloa ke ho shoela tumelo. Ba tla ruta ntsi sekolong sena.” Le hoja ke ne ke sa khahloe ke ho bolaeloa tumelo, ke ne ke thabela hore ka lebaka la botšepehi ba ka ho Jehova, ke utloa bohloko ka sebete le ka seriti. (Liketso 5:41) Ha ho kamoo ke neng nka mamella mahlomola a neng a tla tloha a ntlhahela, ka matla a ka. Ntle ho moo, lithapelo tse tlohang botebong ba pelo li ile tsa nkatametsa haufi haholo le Jehova, ’me ho ile ha bonahala hore Jehova ke Mothusi ea tšepahalang.—Baheberu 13:6.

Kampong ea Mahloriso

Ke ile ka isoa ka potlako kampong ea mahloriso ea Gross-Rosen e Silesia. Ke ile ka fuoa nomoro ea chankaneng le lesela le pherese le likhutlo li tharo, le neng le bontša hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Balebeli ba SS ba ile ba re ke khethe: Ke ne nka lokolloa kampong le ho ba ofisiri lebothong la Manazi hafeela nka etsa ntho ena e le ’ngoe: “U tlameha ho koenehela maikutlo ana a Liithuti Tsa Bibele, a hanyetsang ’Muso oa Hitler.” Ha ho batšoaruoa ba bang ba neng ba bolelloa sena. Ke Lipaki Tsa Jehova feela tse neng li fuoa monyetla oa hore li ka tsoa likampong tsa mahloriso. Leha ho le joalo, joaloka ba bang ba likete, ke ile ka hana tlotla-’mōtoana eo ke tiile. Balebeli ba ile ba re: “U shebisise chomela eane ea mohaho oo ho chesetsoang litopo ho oona. U nahanisise ka tlhahiso ea rōna, ho seng joalo u tla lokoloha feela ha mosi oa hao o tsoa ka chomela eo.” Le lekhetlong lena ke ile ka hana ke tiile, ’me ka motsotso oo, ke ile ka tlala “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilipi 4:6, 7.

Ke ile ka rapella hore ke mpe ke teane le Lipaki tse ling ka kampong, ’me Jehova o ile a nteanya le tsona. E mong oa Bakreste bao ba heso e ne e le mor’abo rōna ea tšepahalang ea bitsoang Gustaw Baumert, ea ileng a ntlhokomela ka mosa le ka lerato. Ha ho pelaelo hore ho ’na Jehova e ile ea e-ba “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, mabotho a Russia a ntseng a atamela a ile a qobella Manazi hore a tsoe ka lephehlophehlo ka kampong ea mahloriso. Ha re ntse re lokisetsa ho tloha, re ile ra beha bophelo ba rōna kotsing ka hore re ee matlong a basali ho ea bona boemo ba baralib’abo rōna ba 20, ba neng ba akarelletsa Elsa Abt le Gertrud Ott.b Ha ba re bona, ba ile ba mathela ho rōna ka potlako ’me ha re qeta ho khothatsana hakhutšoanyane, ba ile ba bina hammoho pina ea ’Muso e akarelletsang mantsoe a reng: “Ea tšepehang ka mehla le mehla ha ho seo a se tšabang.”c Re ile ra sekisa meokho kaofela!

Re Isoa Kampong e ’Ngoe

Manazi a ile a petetsa batšoaruoa ba 100 ho isa ho ba 150 ka lekarecheng le le leng la mashala, ho se na lijo kapa metsi, ’me re ile ra tsamaea har’a serame le pula e batang. Re ile ra hlokofatsoa ke lenyora le feberu. Ha batšoaruoa ba kulang le ba khathetseng ba ntse ba oela fatše ’me ba e-shoa, sebaka se ile sa hlaha ka makarecheng. Maoto le manonyeletso a ka a ile a ruruha hoo ke ileng ka sitoa ho ema. Ka mor’a ho tsamaea ka matsatsi a leshome, batšoaruoa ba seng ba kae ba pholohileng ba ile ba fihla kampong ea Mittelbau-Dora e Nordhausen, haufi le Weimar, Thuringia. Ho tsotehang ke hore ha ho mor’abo rōna ea ileng a shoa leetong leo le tšosang.

Hang ka mor’a hore ke hlaphoheloe leetong leo, ho ile ha e-ba le seoa sa letšollo ka kampong, ’me ’na le bara ba bang babo rōna re ile ra kula. Re ile ra bolelloa hore re tlohele ho ja sopho e neng e fepuoa ka kampong le hore re je feela borotho bo besitsoeng. Ke ile ka etsa joalo eaba ke fola kapele. Ka khoeli ea March 1945 re ile ra utloa hore temana ea selemo seo ke Matheu 28:19, e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Kamoo ho bonahalang kateng, liheke tsa likampo li ne li tla tloha li buloa ’me litaba tse molemo li ne li tla tsoela pele ho boleloa! Re ile ra tlala thabo le khotso, kaha re ne re nahanne hore Ntoa ea II ea Lefatše e tla fella ka ntoa ea Armagedone. Jehova o ile a re matlafatsa hakaakang linakong tseo tsa mathata!

Ho Lokolloa Likampong

Ka la 1 April, 1945, mabotho a Selekane a ile a qhomisa liahelo tsa sesole tsa Ma-SS le kampo ea rōna e haufinyane ka libomo. Ba bangata ba ile ba shoa kapa ba tsoa likotsi. Ka letsatsi le latelang, ho ile ha qhomisoa sebaka se seholo, ’me tlhaselong eo, ho phatloha hoo ho matla ho ile ha ntahlela moeeng.

Mora e mong oabo rōna, Fritz Ulrich, o ile a mphallela. O ile a epa qubu ea maloanlahla ka tšepo ea hore ke sa ntse ke phela. Qetellong o ile a mphumana eaba oa ntsetolla. Ha ke hlaphoheloa, ke ile ka hlokomela hore ke tsoile likotsi tse mpe sefahlehong le ’meleng le hore litsebe tsa ka li thibane. Lerata la ho phatloha le ne le sentse meropa ea litsebe tsa ka. Litsebe tsa ka li ile tsa nkhathatsa haholo ka lilemo tse ngata pele li fola.

Har’a batšoaruoa ba likete, ke ba seng ba kae ba ileng ba pholoha ho phatloheng hoo ha bomo. Bara ba bang babo rōna ba ile ba shoa, ’me e mong oa bona e ne e le mor’abo rōna ea ratehang Gustaw Baumert. Ke ile ka tsoa maqeba a ileng a ntšoaetsa boloetse bo tšoarisang feberu e matla. Leha ho le joalo, re ile ra bonoa kapele ra ba ra lokolloa ke mabotho a Selekane. Ho sa le joalo, litopo tse bolang tsa batšoaruoa ba shoeleng kapa ba bolailoeng li ile tsa baka seoa sa typhus, e ileng ea ntšoara le ’na. Ke ile ka isoa sepetlele le ba bang ba kulang. Ho sa natsoe boiteko bo tiileng ba lingaka, re ile ra phela re le bararo feela. Ke ile ka leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a ’matlafatsa hore ke lule ke tiile mehleng eo e thata! Hape ke ile ka leboha hore ebe Jehova o ile a bona ho loketse hore a mpholose ‘moriting o lefifi’ oa lefu.—Pesaleme ea 23:4.

Ka ea ka Fihla Hae!

Ha Majeremane a qeta ho inehela, ke ne ke tšepile hore ke tla khutlela hae kapele feela kamoo ho ka khonehang, empa ho ile ha e-ba thata ho feta kamoo ke neng ke lebeletse. Ke ile ka bonoa ke batho ba bang ba Mokhatlo oa Mak’hatholike ba neng ba le litlamong. Ba ile ba hoeletsa ba re: “Ha a bolaoe!” eaba ba ntahlela fatše, ’me ba ’na ba nkhatakela. Monna e mong o ile a tla ’me a mpholosa liketsong tsa bona tse sehlōhō, empa ke ile ka lieha ho fola, etsoe ke ne ke tsoile likotsi ebile ke fokola ka lebaka la boloetse ba typhus. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka leba hae. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke kopana le lelapa leso hape! Ba ile ba thaba kaofela ha ba mpona, kaha ba ne ba nahana hore ha ke sa phela.

Kapele feela re ile ra qalisa mosebetsi oa ho bolela, ’me batho ba bangata ba batlang ’nete ka tieo ba ile ba amohela seo re ba rutang sona. Ke ile ka fuoa boikarabelo ba ho isetsa liphutheho lingoliloeng tsa Bibele. ’Na le bara ba bang beso, re ile ra ba le tokelo ea ho kopana le baemeli ba ofisi ea lekala ea Jeremane, Weimar, ’me ha re tloha moo re ile ra tla Poland re nkile Melula-Qhooa ea pele ea ka mor’a ntoa. Hang-hang feela e ile ea fetoleloa, eaba e ngoloa ka li-stencil ’me ea hatisoa. Ha ofisi ea rōna ea Lodz e nka boikarabelo ka ho feletseng ho hlokomela mosebetsi Poland, lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa qala ho fihla liphuthehong kamehla. Ke ile ka qala ho sebetsa ke le pula-maliboho ea khethehileng sebakeng se seholo sa Silesia, seo ka nako eo boholo ba sona e neng e se e le karolo ea Poland.

Leha ho le joalo, kapele feela, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa hlorisoa, ka lekhetlo lena li hlorisoa ke ’muso o mocha oa Bokomonisi oa Poland. Ka lebaka la ho se jele paate hobane ke le Mokreste, ka 1948 ke ile ka ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse peli. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka thusa batšoaruoa ba bang ba bangata hore ba atamele ho Molimo. E mong oa bona o ile a emela ’nete ’me hamorao a inehela ho Jehova eaba oa kolobetsoa.

Ka 1952, ke ile ka isoa chankaneng hape, lekhetlong lena ke ne ke qosoa ka hore ke sehloela sa United States! Ha ke ntse ke emetse nyeoe, ke ile ka koalloa ke le mong ’me ke ne ke hlongoa lipotso bosiu le motšehare. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a ntopolla matsohong a bahlorisi ba ka, ’me lilemong tse latelang, ha kea ka ka hlola ke tšoaroa hampe joalo.

Se Ileng sa Nthusa ho Mamella

Ha ke nahana ka lilemo tseo tsohle tsa liteko le mathata, nka supa lintho tse ngata tsa bohlokoa tse khothatsang. Pele ho tsohle, matla a ho mamella a ne a tsoa ho Jehova le Lentsoe la hae, e leng Bibele. Lithapeli tseo re neng re li lebisa kamehla ho “Molimo oa matšeliso ’ohle” le ho ithuta Lentsoe la hae kamehla li ile tsa thusa ’na le ba bang hore re lule re phela moeeng. Melula-Qhooa e ngotsoeng ka letsoho le eona e ile ea matlafatsa tumelo ea rōna haholo. Likampong tsa mahloriso ke ile ka matlafatsoa haholo ke balumeli-’moho le ’na ba lerato bao e neng e le malala-a-laotsoe ba bile ba ikemiselitse ho thusa.

Jehova o ile a ntlhohonolofatsa hape ka mosali oa ka Maria. Re ile ra nyalana ka October 1950 ’me hamorao ra ba le morali ea bitsoang Halina, ea ileng a hōla a rata Jehova a ba a mo sebeletsa. Re ile ra qeta lilemo tse 35 re nyalane le Maria pele a hlokahala ka mor’a ho kula nako e telele. Lefu la hae le ile la nkutloisa bohloko la ba la mpakela masoabi. Le hoja ka nakoana ke ile ka utloa eka ke ‘akhetsoe fatše,’ ha kea ka ‘ka timela.’ (2 Bakorinthe 4:9) Linakong tseo tse thata, ke ile ka tšehetsoa ke morali oa ka eo ke mo ratang le monna oa hae hammoho le litloholo tsa ka, tse sebeletsang Jehova ka botšepehi kaofela ha tsona.

Ho tloha ka 1990, ke ’nile ka sebetsa ofising ea lekala ea Poland. Ho ba har’a lelapa le babatsehang la Bethele letsatsi le leng le le leng ke tokelo e khōlō. Ka linako tse ling ho kula ho nketsa hore ke ikutloe eka ke ntsu e fokolang eo mapheo a eona a sitoang ho phuphusela. Leha ho le joalo, ke lebeletse bokamoso ke kholisehile, ’me ke “binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang” ho tla fihlela kajeno. (Pesaleme ea 13:6) Ke letetse nako eo ka eona Jehova, Mothusi oa ka, a tla etsolla tšenyo eohle e hlahisitsoeng ke puso e hatellang ea Satane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa January 1, 1998, leqepheng la 13, serapa sa 6.

b Bona pale ea bophelo ea Elsa Abt Molula-Qhooeng oa October 15, 1980, leqepheng la 13-16.

c Pina ea 101 bukeng ea lipina ea 1928 eo sehlooho sa eona se reng Songs of Praise to Jehovah [Lipina Tse Rorisang Jehova], e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Bukeng ea lipina ea hona joale ke pina ea 56.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke ile ka fuoa nomoro ena le lesela le pherese le likhutlo li tharo kampong ea mahloriso

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

’Na le mosali oa ka, Maria, ka 1980

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela