Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 9/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lekhoba le Tšepahalang” le Feta Tlhahlobo ka Katleho!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Lekhoba” le Tšepahalang le Bile le le Masene
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • “Ba Ntse ba Latela Konyana”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 9/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re lekhoba la hae le tšepahalang le ne le tla ba “masene”?

Jesu o ile a botsa potso e reng: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” (Matheu 24:45) “Lekhoba” le fanang ka “lijo” tsa moea ke phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ba masene?a

Seo Jesu a neng a se ruta se ka re thusa ho utloisisa hamolemo seo e ka ’nang eaba o ne a se bolela ha a ne a sebelisa lentsoe “masene.” Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” o ile a etsa papiso ea baroetsana ba leshome ba neng ba letetse ho fihla ha monyali. Baroetsana bana ba re hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng pele ho 1914 bao ka cheseho ba neng ba letetse ho fihla ha Monyali e moholo, e leng Jesu Kreste. Har’a baroetsana bao ba leshome, ba bahlano ba ne ba se na oli e lekaneng ha monyali a fihla, ’me ha baa ka ba e-ba teng moketeng oa lenyalo. Ba bang ba bahlano ba ne ba le masene. Ba ile ba iphumanela oli e lekaneng e le hore ba ka tsoela pele ho khantša mabone ha monyali a fihla ’me ba ile ba lumelloa ho kena moketeng.—Matheu 25:10-12.

Ha Jesu a ne a amohela matla a hae a ’Muso ka 1914, Bakreste ba bangata ba tlotsitsoeng ba ne ba lebeletse ho ea kopana le eena hang-hang leholimong. Empa ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oo ba neng ba lokela ho o etsa lefatšeng, ’me ba bang ba ne ba sa itokisetsa oona. Joaloka baroetsana ba seng masene, ba ne ba sa imatlafatsa moeeng esale pele, kahoo ba ne ba sa itokisetsa ho tsoela pele e le bajari ba leseli. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba bontša masene—bohlale le ponelo-pele—’me ba ile ba matlafatsoa moeeng. Ha ba hlokomela hore ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa, ka thabo ba ile ba ikemisetsa ho o etsa. Kahoo, e ile ea e-ba “lekhoba le tšepahalang le le masene.”

Nahana hape ka tsela eo Jesu a ileng a sebelisa lentsoe “masene” ka eona ho Matheu 7:24. Jesu o itse: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika.” Monna ea masene o haha ntlo e tiileng, ka lebaka la sefefo se ka ’nang sa tla. Empa monna oa leoatla eena, o haha holim’a lehlabathe ’me ntlo ea hae ea heleha. Kahoo, molateli ea masene oa Jesu ke ea bonang esale pele mathata a ho latela bohlale ba batho. Temoho ea hae le kahlolo e molemo li mo thusa hore a thehe ka tieo tumelo, liketso le lithuto tsa hae ho seo Jesu a ileng a se ruta. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le lona le etsa joalo.

Hape hlokomela kamoo lentsoe “masene” le fetoletsoeng kateng liphetolelong tse ngata tsa Mangolo a Seheberu. Ka mohlala, Faro o ile a khetha Josefa hore e be mookameli oa lijo Egepeta. Ena e ne e le karolo ea tokisetso ea Jehova ea hore sechaba sa hae se fumane lijo. Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa Josefa? Faro o ile a re ho eena: “Ha ho ea masene le ea bohlale joaloka uena.” (Genese 41:33-39; 45:5) Ka ho tšoanang, Bibele e re Abigaile “o ne a le masene.” O ile a fa motlotsuoa oa Jehova, Davida, le banna ba hae lijo. (1 Samuele 25:3, 11, 18) Ho ka thoe Josefa le Abigaile ba ne ba le masene hobane ba ile ba lemoha thato ea Molimo eaba ba bontša ho ba le ponelo-pele le kahlolo e molemo.

Kahoo, ha Jesu a ne a re lekhoba le tšepahalang le masene, o ne a bontša hore ba emelang lekhoba lena ba ne ba tla bontša temoho, ponelo-pele le kahlolo e molemo hobane ba thehile tumelo ea bona, liketso le lithuto tsa bona Lentsoeng la Molimo la ’nete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe “masene” le fetoletse lentsoe la Segerike phroʹni·mos. Buka e bitsoang Word Studies in the New Testament, ea M. R. Vincent, e re hangata lentsoe lena le bolela bohlale bo sebetsang le kahlolo e molemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela