U Lokela ho Bontša Mohau Joang?
“A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.”—BAGALATA 6:10.
1, 2. Papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e re ruta’ng ka mohau?
HA MONNA e mong ea neng a rutehile Molaong a bua le Jesu, o ile a mo botsa a re: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Jesu o ile a mo araba ka ho pheta papiso ena: “Motho ea itseng o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba o oela har’a masholu, a ileng a mo nkela tsohle ’me a mo otla, eaba aa tloha, a mo siea a le makhatheng a ho shoa. Joale, ha etsahala hore ebe moprista ea itseng o ne a theoha ka tsela eo, empa, ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. Ka ho tšoanang, Molevi le eena, ha a fihla sebakeng seo ’me a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng le shebaneng le leo. Empa Mosamaria ea itseng ea neng a tsamaea ka tsela eo a fihla ho eena ’me, ha a mo bona, a susumetsoa ke khauho. Kahoo a mo atamela ’me a tlamisa maqeba a hae, a a tšela ka oli le veine. Joale a mo palamisa phoofolo ea hae ’me a mo tlisa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela. Letsatsing le hlahlamang a ntša lidenari tse peli, a li fa mohlokomeli oa ntlo eo ea baeti, eaba o re, ‘Mo hlokomele, ’me eng kapa eng eo u e sebelisang ntle ho sena, ke tla u buseletsa eona ha ke khutlela mona.’” Eaba Jesu o botsa motho eo a neng a buisana le eena o re: “Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?” Monna eo a araba a re: “Ea ileng a mo etsa ka mohau.”—Luka 10:25, 29-37a.
2 Tsela eo ka eona Mosamaria eo a ileng a tšoara motho ea neng a lemetse e bontša ka ho hlakileng hore na hantle-ntle mohau ke eng. Mosamaria o ile a susumetsoa ke khauho kapa qenehelo ’me a thusa monna ea lemetseng. Ho feta moo, monna enoa ea neng a hloka thuso e ne e se Mosamaria oa habo. Mohau ha u sitisoe ke ho se tšoane ha morabe, bolumeli kapa setso. Ka mor’a ho etsa papiso eo ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, Jesu o ile a eletsa motho enoa eo a neng a buisana le eena a re: “Tsamaea ’me u ’ne u etse ho tšoanang.” (Luka 10:37b) Re ka ela hloko keletso eo ’me ra loanela ho bontša batho ba bang mohau. Empa re ka ho etsa joang? Re ka bontša mohau ka litsela life bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi?
“Haeba Mor’abo Rōna . . . a le Boemong ba Tlhobolo”
3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka ho khethehileng ka ho bontša mohau ka phuthehong ea Bokreste?
3 Moapostola Pauluse o itse: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Joale, a re qaleng ka ho hlahloba kamoo re ka etsetsang bao re amanang le bona tumelong liketso tse ngata tsa mohau.
4 Morutuoa Jakobo o ile a ngola tjena ha a khothalletsa Bakreste ba ’nete hore ba hauhelane: “Ea sa bontšeng mohau o tla ahloloa ntle ho mohau.” (Jakobo 2:13) Litemana tse potolohileng mantsoe ana a bululetsoeng li re bolella litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang mohau. Ka mohlala, ho Jakobo 1:27 re bala mantsoe ana: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.” Jakobo 2:15, 16 e re: “Haeba mor’abo rōna kapa morali’abo rōna a le boemong ba tlhobolo ’me a haelloa ke lijo tse lekaneng letsatsi, empa leha ho le joalo e mong ho lōna a re ho bona: ‘Tsamaeang ka khotso, le futhumale ’me le khore,’ empa le sa ba fe tse hlokoang ke ’mele ea bona, ho na le molemo ofe?”
5, 6. Re ka etsa mesebetsi e mengata ea mohau joang phuthehong ea habo rōna?
5 Ho hlokomela ba bang le ho thusa bahloki ke tšobotsi e khethollang bolumeli ba ’nete. Tsela ea rōna ea borapeli ha e re lumelle hore re bue ka molomo feela hore re amehile ka ba bang le hore re ba lakaletsa hore lintho li ba tsamaele hantle. Ho e-na le hoo, maikutlo a mofuthu a qenehelo a re susumelletsa ho thusa batho ba nang le tlhoko e khōlō. (1 Johanne 3:17, 18) E, ho phehela motho ea kulang, ho thusa motho ea hōlileng ka mesebetsi e itseng, ho thusa ka sepalangoang sa ho ea libokeng tsa Bokreste ha ho hlokahala, le ho se be lekhonatha ho ba tšoanelehang, ke mesebetsi e meng ho e mengata ea mohau eo re lokelang ho e etsa.—Deuteronoma 15:7-10.
6 Ho fa litho tsa phutheho ea Bokreste e ntseng e hōla lintho tsa moea ke habohlokoa ho feta ho li fa lintho tse bonahalang. Re khothalletsoa hore re ‘bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, re tšehetse ba fokolang.’ (1 Bathesalonika 5:14) “Basali ba hōlileng” ba khothalletsoa ho ba “mesuoe ea se molemo.” (Tite 2:3) Bibele e re ka balebeli ba Bakreste: “[E mong le e mong] e tla ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.”—Esaia 32:2.
7. Re ithuta eng ho barutuoa ba Antioke ea Syria tabeng ea ho bontša mohau?
7 Liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li ne li hlokomela bahlolohali, likhutsana, le ba hlokang thuso le khothatso sebakeng sa habo tsona, ’me ka linako tse ling, li ne li boetse li lokisetsa liphallelo bakeng sa balumeli ba libakeng tse ling. Ka mohlala, ha moprofeta Agabase a ne a bolela esale pele hore “tlala e khōlō e ne e le mothating oa ho tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” barutuoa ba Antioke ea Syria ba ile “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.” Liphallelo tsena li ile tsa romeloa ho baholo ba moo “ka matsoho a Barnabase le Saule.” (Liketso 11:28-30) Kajeno teng? “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le hlophisitse likomiti tsa liphallelo bakeng sa ho hlokomela barab’abo rōna ba ka ’nang ba oeloa ke likoluoa tsa tlhaho, tse kang maholiotsoana, litšisinyeho tsa lefatše, kapa li-tsunami. (Matheu 24:45) Tsela e molemo eo re ka bontšang mohau ka eona ke ka ho ithaopela ho sebelisa nako, matla le matlotlo a rōna bakeng sa ho tšehetsa tokisetso ena.
“Haeba le Tsoela Pele ho Bontša Leeme”
8. Leeme le sitisa motho ho bontša mohau joang?
8 Ha Jakobo a fana ka temoso mabapi le tšobotsi e sitisang motho ho bontša mohau le “molao oa borena” oa lerato, o ile a ngola tjena: “Haeba le tsoela pele ho bontša leeme, le etsa sebe, etsoe le khalemeloa ke molao le le batlōli.” (Jakobo 2:8, 9) Ho bontša barui kapa ba hlaheletseng mohau o sa tšoanelang ho ka etsa hore re se ke ra natsa “mohoo o belaelang oa ea tlaase.” (Liproverbia 21:13) Leeme le sitisa motho ho bontša mohau. Re bontša mohau ka ho tšoara ba bang ka tsela e hlokang leeme.
9. Ke hobane’ng ha e se phoso ho nahanela ba bang ka tsela e khethehileng ha ba tšoaneleha?
9 Na ho etsa lintho ka ho hloka leeme ho bolela hore le ka mohla ha rea lokela ho nahanela mang kapa mang ka tsela e khethehileng? Le hanyenyane. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Filipi mabapi le mosebetsi-’moho le eena Epafroditase, o ile a re: “Le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.” Hobane’ng? “Hobane ka lebaka la mosebetsi oa Morena o ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa moea oa hae kotsi, e le hore a ka koala sekheo ka botlalo bakeng sa ho se be teng ha lōna mona hore le nketsetse tšebeletso ea botho.” (Bafilipi 2:25, 29, 30) Ho ne ho hlokahala hore tšebeletso eo Epafroditase a neng a e etsa ka botšepehi e eloe hloko ka ho khetheha. Ho feta moo, ho 1 Timothea 5:17 re bala sena: “Banna ba baholo ba okamelang ka tsela e ntle ba ke ba nkoe ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli, haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” Litšobotsi tsa moea tse molemo le tsona li lokela ho ananeloa. Ho nahanela ba bang ka tsela eo hase ho ba leeme.
“Bohlale bo Tsoang Holimo . . . bo Tletse Mohau”
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho laola maleme a rōna?
10 Ha Jakobo a bua ka leleme o itse: “Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse chefo e bolaeang. Ka lona re boka Jehova, Ntate, leha ho le joalo ka lona re rohaka batho ba bileng teng ka ‘setšoantšo sa Molimo.’ Molomong o tšoanang ho tsoa poko le thohako.” Tabeng ena, Jakobo o ile a phaella ka ho re: “Haeba le e-na le poulelo e feteletseng le ho rata likhang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa le ho bua leshano khahlanong le ’nete. Bona hase bohlale bo theohang holimo, empa ke ba lefatše, ba bophoofolo, ba bodemona. Etsoe moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng. Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.”—Jakobo 3:8-10a, 14-17.
11. Re ka ba mohau joang ha re sebelisa maleme a rōna?
11 Kahoo, tsela eo re sebelisang maleme a rōna ka eona e bontša hore na re na le bohlale ‘bo tletseng mohau’ kapa che. Ho thoe’ng haeba ka lebaka la poulelo kapa ho rata likhang re ka ithorisa, ra bua leshano, kapa ra jala lesebo le kotsi? Pesaleme ea 94:4 e re: “Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ntse ba ithorisa.” Puo e kotsi e ka senya botumo bo botle ba motho ea se nang molato ka potlako hakaakang! (Pesaleme ea 64:2-4) Ho feta moo, nahana ka kotsi e ka etsoang ke “paki ea bohata e phatlalatsa[ng] mashano.” (Liproverbia 14:5; 1 Marena 21:7-13) Ka mor’a ho bua ka tšebeliso e mpe ea leleme, Jakobo o re: “Barab’eso, ha hoa tšoanela hore lintho tsena li tsoele pele ho etsahala ka tsela ena.” (Jakobo 3:10b) E le hore re bontše mohau oa ’nete re lokela ho sebelisa maleme a rōna ka tsela e hloekileng, ea khotso le e nang le kahlolo e molemo. Jesu o itse: “Ke le bolella hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla ikarabella malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo.” (Matheu 12:36) Ke habohlokoa hakaakang hore re be mohau ha re sebelisa maleme a rōna!
“Tšoarela Batho Litšito Tsa Bona”
12, 13. (a) Re ithuta eng ka mohau papisong ea lekhoba le neng le kolota mong’a lona chelete e ngata? (b) Ho tšoarela mor’abo rōna “ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng” ho bolela’ng?
12 Papiso ea Jesu ea lekhoba le neng le kolota mong’a lona oa morena lidenari tse 60 000 000 e bontša tsela e ’ngoe ea ho ba mohau. Kaha lekhoba lena le ne le sa khone ho lefa molato oa lona, le ile la kōpa ho bontšoa mohau. “A hauhile ke sena,” mong’a lekhoba lena o ile a hlakola molato oa lona. Empa lekhoba lena le ile la tsoela ka ntle ’me la fumana lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota lidenari tse lekholo feela ’me ka ho hloka mohau la re le lahleloe chankaneng. Ha mong’a lona a utloa se etsahetseng, a laela hore lekhoba le tšoaretsoeng le bitsoe, eaba o re ho lona: “Lekhoba le khopo, ke u hlakoletse molato oo kaofela, ha u ne u nkōpa ka tieo. Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena, joalokaha le ’na ke u hauhetse?” Ka lebaka leo, mong’a lona a nehelana ka lona ho balebeli ba teronko. Jesu o ile a phetha papiso ena ka ho re: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.”—Matheu 18:23-35.
13 Ruri papiso e boletsoeng ka holimo e tiisa hore mohau o tsamaea le boikemisetso ba ho tšoarela. Jehova o re tšoaretse molato o moholo oa sebe. Na le rōna ha rea lokela ho “tšoarela batho litšito tsa bona”? (Matheu 6:14, 15) Pele Jesu a etsa papiso ena ea lekhoba le se nang mohau, Petrose o ile a mo botsa a re: “Morena, ke ka makhetlo a makae mor’eso a lokelang ho ntšiteloa ’me ke mo tšoarele? Ho fihlela makhetlong a supileng?” Jesu a araba a re: “Ke re ho uena, eseng, Ho fihlela makhetlong a supileng, empa, Ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” (Matheu 18:21, 22) Ha e le hantle, motho ea mohau o ikemiselitse ho tšoarela “ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng,” ke hore, o tšoarela a sa khaotse.
14. Ho latela Matheu 7:1-4, re ka bontša mohau joang letsatsi le letsatsi?
14 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a bontša tsela e ’ngoe ea ho ba mohau, a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona . . . Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao? Kapa ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Ntumelle ke ntše lehlokoa ka leihlong la hao’; athe, bona! leballo le ka leihlong la hao?” (Matheu 7:1-4) Ka lebaka leo, re ka bontša mohau letsatsi le letsatsi ka ho mamella mefokolo ea ba bang re sa ba ahlole kapa hona ho ba tšoaea-tšoaea liphoso.
‘Sebetsang se Molemo ho Bohle’
15. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho bontša mohau ho balumeli-’moho le rōna feela?
15 Le hoja buka ea Bibele ea Jakobo e totobatsa hore balumeli ba bontšane mohau, sena ha se bolele hore mohau o lokela ho bontšoa ho litho tsa phutheho ea Bokreste feela. Pesaleme ea 145:9 e re: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.” Re khothalletsoa hore re “be baetsisi ba Molimo” le ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Baefese 5:1; Bagalata 6:10) Le hoja re sa rate “lefatše kapa lintho tse lefatšeng,” ha re iphapanyetse seo batho ba lefatšeng ba se hlokang.—1 Johanne 2:15.
16. Ke lintho life tse amang tsela eo re bontšang ba bang mohau ka eona?
16 Joaloka Bakreste, ha re tsilatsile ho thusa ka eng kapa eng e hlokahalang ho ba hlahetsoeng ke “ketsahalo e sa lebelloang” kapa ba maqakabetsing. (Moeklesia 9:11) Ke ’nete hore re tla laoloa ke maemo hore na re ka etsa’ng hona e le ho hokae. (Liproverbia 3:27) Ha re thusa ba bang ka lintho tse bonahalang, ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra khothalletsa botsoa ka ketso e bonahalang e le molemo. (Liproverbia 20:1, 4; 2 Bathesalonika 3:10-12) Kahoo, ho bontša mohau e le kannete ho akarelletsa maikutlo a bonolo a qenehelo kapa kutloelo-bohloko le ho hlaphoheloa kelellong.
17. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bontša mohau ho bao e seng litho tsa phutheho ea Bokreste ke efe?
17 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bontša mohau ho bao e seng litho tsa phutheho ea Bokreste ke ho ba bolella linnete tsa Bibele. Hobane’ng? Hobane karolo e khōlō ea moloko oa batho e phopholetsa lefifing la moea. Kaha batho ba bangata ha ba khone ho sebetsana le mathata ao ba talimanang le ’ona ebile ha ba na tšepo ea sebele bakeng sa nako e tlang, ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Molaetsa oa Lentsoe la Molimo e ka ba ‘lebone la maoto a bona,’ le ba thusang ho sebetsana le mathata a bophelo. E ka boela ea e-ba ‘leseli tseleng ea bona’ hobane Bibele e bolela esale pele ka morero oa Molimo bakeng sa nako e tlang, e leng se etsang hore ba be le motheo oa tšepo e khanyang. (Pesaleme ea 119:105) Ke tokelo e kaakang ho bolela molaetsa o babatsehang oa ’nete ho ba o nyoretsoeng! Kaha “matšoenyeho a maholo” a ntse a atamela, hona joale ke nako ea ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. (Matheu 24:3-8, 21, 22, 36-41; 28:19, 20) Ha ho na tsela e ’ngoe ea ho bontša mohau e bohlokoa ho feta ena.
Fana “ka Lintho Tse ka Hare”
18, 19. Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho bontša mohau haholoanyane bophelong ba rōna?
18 Jesu o itse: “Fanang ka lintho tse ka hare e le limpho tsa mohau.” (Luka 11:41) E le hore ketso e molemo e be pontšo ea mohau oa ’nete, e lokela ho ba mpho e tsoang botebong ba pelo—e etsoe ka lerato le ka boikemisetso. (2 Bakorinthe 9:7) Mohau o joalo o khatholla hakaakang lefatšeng lee leo ho lona ho atileng sehlōhō, boithati le ho se tsotelle mahlomola le mathata a ba bang!
19 Joale, a re loaneleng ho bontša mohau haholoanyane bophelong ba rōna. Ha re etsa joalo, re tla be re etsisa Molimo haholoanyane. Sena se re thusa ho phela bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang e le kannete.—Matheu 5:7.
U Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ka ho khethehileng hore re bontše balumeli-’moho le rōna mohau?
• Re ka bontša mohau joang ka phuthehong ea Bokreste?
• Re ka sebetsa se molemo joang ho bao e seng litho tsa phutheho?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Mosamaria o ile a bontša mohau
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Bakreste ba etsa liketso tse ngata tsa mohau
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bontša mohau ho bao e seng litho tsa phutheho ke ho ba bolella ’nete ea Bibele