Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 12/15 maq. 3-4
  • Ho Qenehela ba Bang Lefatšeng le Khopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Qenehela ba Bang Lefatšeng le Khopo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • ‘Molimo o Mohau’
    Atamela ho Jehova
  • Le be le “Qenehelo e Bonolo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Le be le Kutloelo-bohloko ka Tsela e Bonolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 12/15 maq. 3-4

Ho Qenehela ba Bang Lefatšeng le Khopo

MONNA e mong oa Burundi o kula haholo o tšoeroe ke malaria. Ho hlokahala hore a potlakisetsoe sepetlele. Empa o tla ea joang? Ha ho na koloi e ka mo isang. Metsoalle ea hae e ’meli ea mo phallela. E mo palamisa baesekele ’me ea hoehla ha e mo sutumetsa ka lihora tse hlano e hloa mekoalaba. Ha e fihla seemelong sa libese e mo palamisa bese e mo isang sepetlele se haufi. Ka mor’a matsatsi a seng makae, o se a le betere haholo.

Naheng e ’ngoe, ka mor’a tšenyo e bakiloeng ke Leholiotsoana le bitsoang Katrina, le ileng la ripitla Kou ea United States ka August 2005, sehlopha sa baithaopi se ile sa fumana ntlo e helelitsoeng ke lifate tse oeleng. Baithaopi bao mong’a ntlo a neng a sa ba tsebe ho hang, ba ile ba qeta letsatsi lohle ba sakha lifate tseo le ho hleka maloanlahla. Mong’a ntlo o ile a re: “Ha ke na mantsoe a ho leboha [batho bana].”

Hangata litlaleho tsa litaba li bua haholo ka masetla-pelo le liketso tse sehlōhō. Seo batho ba se etsang letsatsi le letsatsi ho qenehela ba bang le ho ba tšoara ka mosa ha se atise ho hlahella ho tsona. Leha ho le joalo, sena hase fetole taba ea hore hohle batho ba labalabela ho ratoa le ho utloeloa bohloko. Re lapetse ho qeneheloa! Maikutlo ana a ka ’na a hlahella haholo nakong ea Keresemese, ha ba bangata ba bua kapa ba bina ba re ‘khotso e be teng lefatšeng ho batho.’—Luka 2:14, King James Version.

Ho ka ’na ha e-ba thata ho qenehela ba bang lefatšeng lena le se nang lerato le kutloelo-bohloko. Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore lekanyane ho phela le liretsana. Ho bonahala ba bangata ba phela ka polelo e reng motho ea bohlale ke ea khopo ho e-na le ea nang le qenehelo. Batho ha ba khone ho qenehelana ka lebaka la meharo le boikhohomoso.

Ka lebaka leo, batho ba bangata ba icheba bobona ho sa tsotellehe hore na ba utloisa ba bang bohloko kapa che ebile ha ba natse hore na ba bang ba hloka eng. Hangata likhalala tsa lipapali le tsa boithabiso li nkoa e le “banna ba khonthe” kapa likoankoetla tse se nang qenehelo. Le babusi ba bang ba lipolotiki ba joalo.

Kahoo, re lokela ho ipotsa lipotso tsena: Ke hobane’ng ha re lokela ho qenehela ba bang? Na ho qenehela ba bang ho na le molemo? Hona ke eng e ka re thusang hore re qenehele ba bang? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Lebokose leqepheng la 3]

•Na motho ea qenehelang ba bang ke lekoala?

•Na ho qenehela ba bang ho na le molemo?

•Re ka etsa’ng ho bontša hore re utloela ba bang bohloko?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela